Luka—Mosebetsi-’moho ea Ratehang
E NE e le ka 65 C.E. Sebaka e le Roma. Luka o ne a tseba hore na ho kotsi hakae ho ipitsa motsoalle oa moapostola Pauluse, ea neng a qosetsoa tumelo ea hae. Ho ne ho bonahala eka Pauluse o tla ahloleloa lefu. Empa ka nako eo e mahlonoko, ke Luka a le mong too! ea neng a e-na le moapostola enoa.—2 Timothea 4:6, 11.
Batho ba balang Bibele ba tseba lebitso la Luka hobane Kosepele eo a e ngotseng e reheletsoe ka eena. Luka o ile a nka maeto a malelele a tsamaea le Pauluse, ea ileng a re ke “ngaka e ratoang” le ‘mosebetsi-’moho.’ (Bakolose 4:14; Filemone 24) Mangolo ha a bue hakaalo ka Luka; a bolela lebitso la hae ka makhetlo a mararo feela. Leha ho le joalo, ha u ntse u hlahloba se ithutiloeng ka Luka, joaloka Pauluse u ka ananela Mokreste enoa ea tšepahalang.
E ne e le Mongoli le Moromuoa
Kosepele ea Luka le buka ea Liketso Tsa Baapostola li ngoletsoe Theofilase, e leng se bontšang hore libuka tsena tse bululetsoeng ke Molimo ka bobeli li ngotsoe ke Luka. (Luka 1:3; Liketso 1:1) Luka ha a bolele hore na o ile a bona ha Jesu Kreste a etsa tšebeletso ea hae kapa che. Ho e-na le hoo, Luka o re o ile a fuoa boitsebiso ke lipaki tse boneng ka mahlo eaba o ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.’ (Luka 1:1-3) Kahoo ho ka etsahala hore Luka e bile molateli oa Kreste ka moraonyana ho Pentekonta ea 33 C.E.
Ba bang ba nahana hore Luka o ne a e-tsoa Antioke e Syria. Ba re Liketso e fana ka makolopetso a liketsahalo tse etsahetseng motseng oo le hore e qoolla e mong oa “banna ba supileng ba pakiloeng” e le “mosokolohi oa Antioke,” empa ha e bolele hore na ba bang ba tšeletseng ba ne ba tsoa metseng efe. Bonneteng re ke ke ra tiisa hore na seo se paka ka ho khetheha hore Luka o ne a tsoa Antioke kapa che.—Liketso 6:3-6.
Le hoja lebitso la Luka le sa hlahe ho Liketso, litemana tse ling li sebelisa mantsoe a kang “re,” “ea rōna,” le “rōna,” e leng ho bontšang hore o ile a phetha karolo e itseng liketsahalong tse boletsoeng bukeng eo. Ha Luka a hlalosa leeto leo Pauluse le bo-mphat’oa hae ba ileng ba le nka ho pholletsa le Asia Minor, o re: “Ba feta Mysia ’me ba theohela Troase.” Ha Pauluse a le Troase o ile a bona pono ea monna oa Macedonia ea neng a kōpa ka tieo, a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” Luka o phaella ka ho re: “Joale hang ha a bone pono eo, ra batla ho kena Macedonia.” (Liketso 16:8-10) Hore ebe o tlohela ho sebelisa “ba” ’me o re “ra” ho fana ka maikutlo a hore Luka o ne a e-na le Pauluse le bo-mphat’oa hae ha ba le Troase. Ho tloha moo Luka o sebelisitse “re” ha a hlalosa mosebetsi oa boboleli o ileng oa etsoa Filipi, e leng se bontšang hore o ile a kenya letsoho ho oona. O re: “Ka letsatsi la sabatha ra tsoela ka ntle ho heke ka thōko ho nōka, moo re neng re nahana hore ho ne ho e-na le sebaka sa thapelo; eaba re lula fatše ’me re qala ho bua le basali ba neng ba bokane.” Ka lebaka leo, Lydia le ba ntlo ea hae kaofela ba ile ba amohela litaba tse molemo ’me ba kolobetsoa.—Liketso 16:11-15.
Ba ile ba hanyetsoa ha ba le Filipi, moo Pauluse a ileng a phekola lekhabunyane leo “modemona oa bonohe” a neng a le susumelletsa hore le bolele liketsahalo esale pele. Ha beng ba lona ba bona hore le ke ke la hlola le ba ruisa, ba ile ba tšoara Pauluse le Silase, eaba baa otloa ’me ba kenngoa chankaneng. Kamoo ho bonahalang kateng Luka ha aa ka a tšoaroa, hobane ha a ikakarelletse ha a hlalosa phihlelo e bohloko ea bo-mphat’oa hae. Ha ba lokolloa, “[Pauluse le Silase ba ile] ba khothatsa [barab’abo rōna] eaba baa tloha.” Ke feela ka mor’a hore Pauluse a khutlele Filipi hamorao moo Luka a ileng a boela a ikakarelletsa. (Liketso 16:16-40; 20:5, 6) Mohlomong Luka o ne a setse a hlokometse mosebetsi Filipi.
Pokello ea Boitsebiso
Luka o ile a fumana boitsebiso ba Kosepele ea hae le ba buka ea Liketso joang? Likarolo tsa Liketso tseo Luka a ikakarelletsang ho tsona li bontša hore o ile a tsamaea le Pauluse ho tloha Filipi ho ea Jerusalema, moo Pauluse a ileng a boela a tšoaroa teng. Ha Pauluse le bo-mphat’oa hae ba le tseleng, ba ile ba fihlela Cesarea ha moevangeli ea bitsoang Filipi. (Liketso 20:6; 21:1-17) E tlameha ebe Filipi, ea neng a li hula pele mosebetsing oa boboleli Samaria, ke eena ea ileng a fa Luka boitsebiso bo mabapi le tšimoloho ea mosebetsi oa boromuoa o neng o etsoa moo. (Liketso 8:4-25) Empa Luka o ile a fumana boitsebiso bo bong hokae?
Ho ka etsahala hore lilemo tse peli tseo Pauluse a ileng a li qeta a koaletsoe chankaneng Cesarea li ile tsa fa Luka monyetla oa ho etsa phuputso ea boitsebiso ba Kosepele ea hae. O ne a se hōle le Jerusalema, moo a neng a ka hlahloba litlaleho tsa leloko la Jesu. Luka o ngotse liketsahalo tse ngata tse amanang le bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae tse hlahang Kosepeleng ea hae feela. Setsebi se seng se tlalehile litemana tse joalo tse ikhethang tse ka bang 82.
Ho ka etsahala hore ke Elizabetha, ’mè oa Johanne Mokolobetsi, ea boleletseng Luka lintho tse itseng tse amanang le tsoalo ea Johanne. E ka ’na eaba boitsebiso bo mabapi le tsoalo ea Jesu le bophelo ba hae ba ha e sa le ngoana o bo fumane ho Maria ’mè oa Jesu. (Luka 1:5-80) Mohlomong ke Petrose, Jakobo kapa Johanne ea ileng a bolella Luka ka ho tšoasoa ha litlhapi ka mohlolo. (Luka 5:4-10) Ke Kosepeleng ea Luka feela moo re balang ka lipapiso tse ling tsa Jesu, tse kang ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, monyako o moqotetsane, chelete ea tšepe ea drakema e lahlehileng, mora ea lehlasoa, morui le Lazaro.—Luka 10:29-37; 13:23, 24; 15:8-32; 16:19-31.
Luka o ile a bontša hore o thahasella batho haholo. O ile a ngola ka nyehelo ea Maria ea tlhoekiso, ka tsoho ea mora oa mohlolohali le ka mosali ea ileng a tlotsa Jesu maoto. Luka o bua ka basali ba neng ba sebeletsa Kreste ’me o re bolella hore Maretha le Maria ba ile ba thentha Jesu. Kosepele ea Luka e bolela hore ho ile ha phekoloa mosali ea neng a finahane haholo le monna ea neng a khotše seema hammoho le balepera ba leshome ba ileng ba hloekisoa. Luka o re bolella ka Zakiase e mokhutšoanyane, ea ileng a hloella sefateng hore a khone ho bona Jesu, ’me o ngotse ka pako ea sesenyi se neng se khokhothetsoe thupeng haufi le Kreste.—Luka 2:24; 7:11-17, 36-50; 8:2, 3; 10:38-42; 13:10-17; 14:1-6; 17:11-19; 19:1-10; 23:39-43.
Hoa thahasellisa hore ebe Kosepele ea Luka e bua ka tsela eo Mosamaria ea boletsoeng papisong ea Jesu a ileng a oka leqeba ka eona. Ho hlakile hore kaha Luka o ne a thahasella litaba tsa bongaka, o ile a ngola tlhaloso ea Jesu mabapi le tsela ea ho oka e ileng ea sebelisoa, e akarelletsang ho sebelisoa ha veine bakeng sa ho bolaea likokoana-hloko, oli bakeng sa ho thoba, le lesela le tlamisang.—Luka 10:30-37.
Luka o Oka Pauluse ha a le Chankaneng
Luka o ne a amehile ka moapostola Pauluse. Ha Pauluse a le litlamong Cesarea, ’musisi oa Moroma ea bitsoang Felixe o ile a laela hore “ho batho ba habo [Pauluse]” ho se ke ha e-ba le ‘ea haneloang ho mo sebeletsa.’ (Liketso 24:23) Ho ka etsahala hore Luka e ne e le e mong oa bahlokomeli bao. Kaha Pauluse o ne a ee a kule, mohlomong e ’ngoe ea litšebeletso tsa “ngaka e ratoang” e ne e le ho mo oka.—Bakolose 4:14; Bagalata 4:13.
Ha Pauluse a ne a ipiletsa ho Cesare, ’musisi oa Moroma ea bitsoang Festase o ile a romela moapostola enoa Roma. Ka botšepehi, Luka o ile a felehetsa motšoaruoa enoa leetong le lelelele la ho ea Italy eaba o ngola tlaleho e hlakileng ea ha ba robeheloa ke sekepe. (Liketso 24:27; 25:9-12; 27:1, 9-44) Ha Pauluse a ntse a le litlamong Roma, o ile a ngola mangolo a ’maloa a bululetsoeng, ’me a bua ka Luka ho a mabeli a ’ona. (Liketso 28:30; Bakolose 4:14; Filemone 24) Ho ka etsahala hore Luka o ile a ngola buka ea Liketso nakong eo ea lilemo tse peli.
E tlameha ebe ntlong eo Pauluse a neng a lula ho eona ho ne ho lula ho phathahanoe ka lintho tsa moea. Mohlomong ha Luka a le moo o ile a kopana le ba bang ba basebetsi-’moho le Pauluse—e leng Tykikase, Aristakase, Mareka, Justase, Epafrase le Onesimase, ha re bala ba seng bakae.—Bakolose 4:7-14.
Ha Pauluse a le chankaneng ka lekhetlo la bobeli, ’me a bonela lefu haufi, Luka ea tšepahalang le ea sebete o ne a mo tšehelitse le hoja ba bang ba ne ba furaletse Pauluse. Mohlomong Luka o ile a lula le eena le hoja a ne a ka ’na a tšoaroa. E ka ’na eaba Pauluse o ile a sebelisa Luka e le mongoli ha a ngola mantsoe a reng: “Luka a le mong ke eena ea nang le ’na.” Ho lumeloa hore nakoana ka mor’a moo Pauluse o ile a khaoloa hlooho.—2 Timothea 4:6-8, 11, 16.
Luka o ne a itetse ebile a ikokobelitse. Ha aa ka a etsa mponeng ka thuto ea hae kapa a batla ho hlahella. Ka sebele, a ka be a ile a hahamalla bongaka, empa o ile a khetha ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Joaloka Luka, e se eka re ka phatlalatsa litaba tse molemo ka boitelo ’me re tlotlise Jehova ka boikokobetso.—Luka 12:31.
[Lebokose leqepheng la 19]
THEOFILASE E NE E LE MANG?
Luka o ile a ngolla Theofilase Kosepele ea hae le buka ea Liketso Tsa Baapostola. Kosepeleng ea Luka, monna enoa o bitsoa “Theofilase ea khabane ka ho fetisisa.” (Luka 1:3) Hore motho ke “ea khabane ka ho fetisisa” e ne e le tsela ea ho bitsa barui ba hlaheletseng le basebeletsi ba phahameng ’musong oa Roma. Moapostola Pauluse o ile a bitsa ’musisi oa Moroma oa Judea ea bitsoang Festase ka tsela e tšoanang le eo.—Liketso 26:25.
Kamoo ho bonahalang kateng, Theofilase o ne a utloile molaetsa o mabapi le Jesu ’me a o thahasella. Luka o ne a tšepile hore Kosepele ea hae e ne e tla thusa Theofilase ho “tseba ka botlalo bonnete ba lintho tseo [a neng a li rutiloe] ka molomo.”—Luka 1:4.
Ho ea ka setsebi sa Segerike se bitsoang Richard Lenski, ha ho bonahale eka Theofilase e ne e le molumeli ha Luka a ne a mo bitsa “ea khabane ka ho fetisisa,” hobane “ka har’a lingoliloeng tsohle tsa Bokreste, . . . ha ho Mokreste eo le ka mohla a bitsang e mong ka tlotla e joalo ea lefatše.” Hamorao ha Luka a ne a ngola buka ea Liketso ha aa ka a sebelisa tlotla ea “ea khabane ka ho fetisisa,” o ile a mpa a re: “Uena Theofilase.” (Liketso 1:1) Lenski o phetha ka ho re: “Ha Luka a ne a ngolla Theofilase Kosepeleng ea hae, monna enoa ea hlomphehang e ne e e-s’o be Mokreste empa o ne a thahasella litaba tsa Bokreste haholo; empa ha Luka a ne a mo romella buka ea Liketso, Theofilase o ne a se a sokolohile.”