Ruta Ngoana oa Hao ho Bōpa Khotso
Nicole ea lilemo li robeli o ne a thabetse hore ebe lelapa labo le fallela karolong e ’ngoe ea naha, ka lebaka leo o ne a lula a qoqela motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Gabrielle litaba tsa morao-rao tse mabapi le ho falla hoo. Ka letsatsi le leng, Gabrielle o ile a halefela Nicole a mo bolella hore ha a tsotelle taba ea ho tsamaea ha hae. Nicole o ne a utloile bohloko haholo a bile a halefile, o ile a bolella ’mè oa hae a re, “Ha ke batle ho bona Gabrielle le moo a hatileng teng!”
MATHATA a hlahang bongoaneng a kang bona ba Nicole le Gabrielle hangata a hloka hore batsoali ba thusetse—e seng ka ho thoba pelo feela empa le ka ho bontša hore na bana ba lokela ho sebetsana le mathata a joalo joang. Ho itlela feela hore bana ba banyenyane ba “bonahatse mekhoa ea bongoana,” ’me hangata ha ba hlokomele hore na mantsoe a bona kapa liketso tsa bona li ka baka kotsi e kae. (1 Bakorinthe 13:11) Ba hloka ho thusoa hore ba be le mekhoa e tla ba thusa hore ba phelisane ka khotso le ba bang ka lapeng esita le libakeng tse ling.
Batsoali ba Bakreste ba labalabela ho koetlisa bana ba bona hore ba ‘batle khotso ’me ba e phehelle.’ (1 Petrose 3:11) Thabo eo batho ba e fumanang ka ho bōpa khotso e lokeloa ke boiteko bohle bo hlokahalang e le hore motho a hlōle maikutlo a ho belaella ba bang, ho ferekana le bora. Haeba u motsoali, u ka ruta bana ba hao ho bōpa khotso ka tsela efe?
Ba Thuse Hore ba Rate ho Khahlisa “Molimo oa Khotso”
Jehova o bitsoa “Molimo oa khotso” ’me ho boleloa hore ke eena “ea fanang ka khotso.” (Bafilipi 4:9; Baroma 15:33) Kahoo, batsoali ba masene ba sebelisa Lentsoe la Molimo, Bibele, ka bohlale ho thusa bana ba bona hore ba rate ho khahlisa Molimo le hore ba etsise litšobotsi tsa hae. Ho tea mohlala, thusa bana ba hao hore ba ke ba bōpe setšoantšo ka kelellong ka seo moapostola Johanne a ileng a se bona ponong ea hae e hlollang—mookoli o tsotehang o botala bo kang ba emeralde o pota-potileng terone ea Jehova.a (Tšenolo 4:2, 3) Ba hlalosetse hore mookoli ona o emela khotso le khutso tse aparetseng Jehova le hore litlhohonolofatso tse joalo li tla fumanoa ke bohle ba mo hlomphang.
Jehova o boetse o fana ka tataiso ka Mora oa hae, Jesu, ea bitsoang “Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6, 7) Ka hona, bala le bana ba hao u be u tšohle le bona litlaleho tsa Bibele tseo ho tsona Jesu a ileng a ruta lithuto tsa bohlokoa ka ho qoba lintoa le likhang. (Matheu 26:51-56; Mareka 9:33-35) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Pauluse eo e neng e le “monna oa monyelisi,” a ile a fetola litsela tsa hae eaba o ngola hore “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, . . . le lule le ithibile bobeng.” (1 Timothea 1:13; 2 Timothea 2:24) Ngoana oa hao a ka ’na a amohela sena ka tsela e molemo ho feta eo u neng u e lebeletse.
Evan o hopola ha a ne a le lilemo li supileng a songoa ke moshanyana e mong beseng eo ba neng ba e-ea sekolong ka eona. O re: “Ke ile ka halefela moshanyana enoa hoo ke neng ke batla ho iphetetsa! Empa ke ile ka hopola thuto eo ke ileng ka ithuta eona lapeng ka ba ratang ho e lata letailana. Ke ne ke tseba hore Jehova o batla hore ‘ho se ke ha e-ba le motho eo ke busetsang bobe ka bobe ho eena’ le hore ke ‘be le khotso le batho bohle.’” (Baroma 12:17, 18) Evan o ile a fumana matla le sebete sa hore a lokise boemo bona ba litaba bo neng bo ka ’na ba tsoa taolong ka hore a ikokobetse. O ne a batla ho khahlisa Molimo oa khotso.
E-ba Motsoali ea Bōpang Khotso
Na khotso ea rena ka lapeng la hao? Haeba ho joalo, bana ba hao ba ka ithuta haholo ka khotso le haeba u sa re letho. Hore na u tla atleha hakae ho ruta bana ba hao hore ba bōpe khotso ho itšetlehile haholo ka hore na u latela litsela tsa khotso tsa Molimo le tsa Kreste hakae.—Baroma 2:21.
Russ le Cindy ba sebetsa ka thata ho koetlisa bara ba bona ba babeli, ba ba khothalletsa hore ba itšoare ka tsela e bontšang lerato ha batho ba bang ba ba khopisa. Cindy o re: “Tsela eo ’na le Russ re tšoarang bashanyana ba rōna le batho ba bang ka eona ha mathata a hlaha e phetha karolo e khōlō tabeng ea hore na ha bashanyana ba rōna ba thulana le mathata a tšoanang ba sebetsana le ’ona joang.”
Esita leha u etsa phoso—etsoe ke motsoali ofe ea sa e etseng?—u ka ’na ua sebelisa monyetla oo ho ba ruta lithuto tsa bohlokoa. Stephen o re: “Ho na le linako tseo ’na le mosali oa ka Terry, re neng re potlakela ho halefa ebe re khalemela bana ba rōna ba bararo pele re utloa taba kaofela. Ha seo se etsahala re ne re kōpa tšoarelo.” Terry o phaella ka ho re: “Re bolella bana ba rōna hore le rōna ha rea phethahala le hore re etsa liphoso. Re lumela hore sena ha sea etsa hore ho be le khotso feela ka lapeng la rōna empa se boetse se thusitse bana ba rōna hore ba ithute ho bōpa khotso.”
Na bana ba hao ba ithuta ho bōpa khotso ka ho sheba tsela eo u ba tšoarang ka eona? Jesu o fane ka keletso ena: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ho sa tsotellehe mefokolo ea hao, kholiseha hore ha u bontša lerato baneng ba hao seo se tla hlahisa litholoana tse molemo. Bana ba hao ba tla mamela habonolo ha ba tataisoa ka tsela e bontšang lerato.
U Liehe ho Halefa
Liproverbia 19:11 e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” U ka thusa bana ba hao joang hore ba sebeletse ho ba le temohisiso e joalo? David o hlalosa tsela eo eena le mosali oa hae Mariann ba fumaneng e sebetsa ho mora le morali oa bona. O re: “Ha ba utloisoa bohloko ke motho e mong ea buang kapa ea etsang ntho e utloisang bohloko, re ba thusa hore ba be le kutloelo-bohloko. Re ba botsa lipotso tse bonolo tse kang tsena: ‘Ebe motho eo o hutse ka thata letsatsing leo? Ebe mohlomong o mōna? Ebe mohlomong ho na le motho ea mo utloisitseng bohloko?’” Mariann oa phaella, “Hangata sena se kokobetsa bana maikutlo ho e-na le hore ba lule ba nahana ka lintho tse se nang molemo kapa ka hore na ke mang ea phoso kapa ea nepileng.”
Ho koetlisa bana ka tsela e joalo ho ka hlahisa litholoana tse molemo haholo. Hlokomela kamoo Michelle, ’mè oa Nicole eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, a ileng a thusa Nicole kateng hore a etse ho fetang ho tsosolosa setsoalle sa hae le Gabrielle. Michelle o re: “’Na le Nicole re ile ra bala khaolo ea 14 ea buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.b Eaba kea mo hlalosetsa hore na Jesu o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho tšoarela motho e mong ka ‘makhetlo a mashome a supileng a metso e supileng.’ Ka mor’a hore ke mamele Nicole ka hloko ha a tšolla maikutlo a hae, ke ile ka mo thusa hore a ipehe boemong ba Gabrielle, a nahane hore na o ne a utloile bohloko hakae a bile a ferekane hakae hobane motsoalle oa hae a fallela sebakeng se hōle.”—Matheu 18:21, 22.
Taba ea hore ebe Nicole o ile a utloisisa hore na e ka ’na eaba ke hobane’ng ha Gabrielle a ile a halefa hakana, e ile ea mo thusa hore a be le kutloelo-bohloko ’me e ile ea mo susumelletsa hore a letsetse Gabrielle a kōpe tšoarelo. Michelle o re: “Ho tloha ka nako eo, Nicole o thabisoa ke ho nahanela maikutlo a batho ba bang le ho ba etsetsa lintho tse ntle tse tla ba thabisa.”—Bafilipi 2:3, 4.
Thusa bana ba hao hore ba se ke ba halefa ha batho ba bang ba ba fosetsa kapa ba ba utloisisa hampe. Mohlomong ka ho etsa sena u tla thabela ho bona bana ba hao ba bontša lerato le mofuthu le botsoalle ba ’nete ho batho ba bang.—Baroma 12:10; 1 Bakorinthe 12:25.
Khothalletsa Botle ba ho Tšoarela
Liproverbia 19:11 e re: “Ho hlokomoloha tlōlo ke botle.” Nakong e neng e utloisa bohloko ka ho fetisisa bophelong ba Jesu, o ile a etsisa Ntate oa hae ka hore a bonahatse moea oa ho tšoarela. (Luka 23:34) Bana ba hao ba ka ithuta botle ba ho tšoarela ha ba utloa monate oa hore uena u ba tšoarele.
Ho tea mohlala, Willy ea lilemo li hlano o rata ho taka litšoantšo ka mebala a e-na le nkhono oa hae. Ka lekhetlo le leng, ka tšohanyetso Nkhono o ile a khaotsa ho taka, a halefela Willy eaba oa tsamaea. Willy o ne a utloile bohloko. Ntate oa hae, Sam, o ile a re: “Nkhono oa Willy o na le boloetse ba ho lahleheloa ke kelello bo bitsoang Alzheimer’s. Kahoo, re ile ra hlalosetsa Willy taba ena ka tsela eo a neng a tla e utloisisa.” Ka mor’a hore re hopotse Willy hore o ne a ile a tšoareloa ka makhetlo a mangata le hore le eena o ne a lokela ho tšoarela ba bang, Sam o ile a makatsoa ke seo Willy a ileng se etsa. Sam o re: “U ka inahanela hore na ’na le mosali oa ka re ile ra ikutloa joang ha re bona moshanyana oa rōna e monyenyane a e-ea ho nkhono oa hae ea lilemo li 80, a bua le eena ka lentsoe le bontšang tšoabo, joale a mo tšoara ka letsoho a mo tataisa hore ba khutlele tafoleng!”
Ruri ke botle ha bana ba ‘tsoela pele ba mamella’ mefokolo le liphoso tsa batho ba bang ’me ba ba tšoarela. (Bakolose 3:13) Esita leha batho ba itšoara ka litsela tse khopisang ba bang ka boomo, tiisetsa ngoana oa hao hore haeba a itšoara ka tsela e bōpang khotso, seo se ka ba le liphello tse matla haholo, hobane “ha Jehova a khahlisoa ke litsela tsa motho o etsa hore esita le lira tsa hae li lule le eena ka khotso.”—Liproverbia 16:7.
Tsoela pele U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Bōpe Khotso
Ha batsoali ba sebelisa Lentsoe la Molimo ho ruta bana ba bona “tlas’a maemo a khotso” ’me e le “ba etsang khotso” e ba mohloli oa tlhohonolofatso ea ’nete ho bana bona. (Jakobo 3:18) Batsoali ba joalo ba fa bana ba bona seo ba se hlokang ho rarolla likhohlano le ho bōpa khotso. Sena se ba thusa haholo hore e be batho ba thabileng le ba khotsofetseng bophelong.
Dan le Kathy ba na le bara ba babeli ba kenang bohlankaneng le morali ea kenang boroetsaneng ’me kaofela ba tsoela pele hantle moeeng. Dan o re: “Le hoja ho ne ho e-na le liphephetso ha re ntse re ba koetlisa ha ba sa le banyenyane, re thabisoa ke hore ebe bana ba rōna ba etsa hantle haholo tšebeletsong ea Jehova. Hona joale ba sebelisana hantle le batho ba bang ’me haeba khotso e lukeha, ba tšoarela ba bang ka bolokolohi.” Kathy o re, “Sena sea re khothatsa, haholo hobane khotso ke karolo ea tholoana ea moea oa Molimo.”—Bagalata 5:22, 23.
Kahoo, ka mabaka a utloahalang, batsoali ba Bakreste, le se ke la “tela” kapa la ‘khathala’ ho ruta bana ba lōna hore ba phelisane le batho ba bang ka khotso—le haeba qalong ho bonahala tsoelo-pele e e-ea butle. Ha le ntse le etsa joalo, kholisehang hore “Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.”—Bagalata 6:9; 2 Bakorinthe 13:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba setšoantšo se leqepheng la 75 la buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
NA E KHOTHALLETSA BOTLE?
Moqoqo o ileng oa phatlalatsoa ke Sehlopha se Etsang Tlhokomeliso ka Litaba tsa Bophatlalatsi oo sehlooho sa oona se neng se re: “Boithabiso bo Mabifi Mecheng ea Phatlalatso” o re: “Khopolo ea hore mabifi ke oona a rarollang bothata e matlafatsoa ke boithabiso boo ho bona linokoane le bahale ba leng mabifi ka linako tsohle.” Ke karolo ea 10 lekholong feela ea mananeo a thelevishene, libaesekopo le livideo tsa ’mino e ileng ea sekasekoa e neng e bua ka liphello tsa mabifi. Ntle ho moo, moqoqo ona o bolela hore, “ho sebetsa litaba ka mabifi ho bontšoa e le ntho e loketseng, e le ntho e ke keng ea qojoa ebile e le ntho e hlokahalang—e le eona tsela e totobetseng ea ho rarolla mathata.”
Na ua hlokomela hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tabeng ea ho shebella thelevishene ka lapeng la hao? U se ke ua lumella boithabiso bo hlahang mecheng ea phatlalatso ho fokolisa boiteko boo u bo etsang ba ho ruta bana ba hao ho bōpa khotso.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Kenya ka hare ho bana ba hao takatso ea ho khahlisa “Molimo oa khotso”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Iphe nako ea ho khalemela lipuo tse hlabang le liketso tse utloisang bohloko
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Bana ba hao ba lokela ho ithuta ho kōpa tšoarelo le ho tšoarela