Sebetsa se Entsoeng Khahlanong le Uena se ke ke sa Atleha
‘Sebetsa leha e le sefe se entsoeng khahlanong le uena se ke ke sa atleha.’—ESAIA 54:17.
1, 2. Liphihlelo tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Albania li bontša bonnete ba Esaia 54:17 joang?
LILEMONG tse mashome tse fetileng, naheng e nyenyane e lithaba ea Europe boroa-bochabela, ho ne ho e-na le sehlopha sa Bakreste ba sebete. ’Muso oa Makomonisi o latolang boteng ba Molimo o ile oa etsa matsapa ’ohle a ho ba felisa. Empa, ho hlokofatsoa, ho kenngoa likampong tsa mahloriso le ho hlaseloa ka mecha ea litaba ha hoa ka ha khona ho ba felisa. Ke bo-mang? Ke Lipaki Tsa Jehova tsa Albania. Le hoja ho ne ho le thata hore li bokane le ho bolela, ho phehella ha tsona ka lilemo tse mashome ho entse hore Bokreste bo hlomphuoe ’me lebitso la Jehova le tlotlisoe. Selemong se fetileng ha ho ne ho neheloa mehaho ea lekala e mecha, motho eo e bileng Paki e tšepahalang ka nako e telele o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na Satane o leka ka matla hakae, o ntse a hlōloa ’me Jehova o ntse a hlōla!”
2 Sena sohle ke bopaki bo matla ba hore seo Molimo a se tšepisitseng batho ba hae ho Esaia 54:17 ke ’nete ha a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.” Histori e tiisa hore ha ho mohla lefatše la Satane le tla khona ho etsa hore bahlanka ba inehetseng ba Jehova Molimo ba khaotse ho mo sebeletsa.
Satane a ke ke a o Besa oa Tuka
3, 4. (a) Libetsa tsa Satane li akarelletsa eng? (b) Ke eng se bontšang hore libetsa tsa Diabolose li ke ke tsa atleha?
3 Libetsa tse ileng tsa sebelisoa khahlanong le barapeli ba ’nete li ’nile tsa akarelletsa lithibelo, pefo ea mahoohoo, literonko le ho “rera khathatso ka molao-taelo.” (Pesaleme ea 94:20) Ha e le hantle, linaheng tse ling, le hona joale ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li ithuta sehlooho sena, botšepehi ba Bakreste bana ba ’nete ho Molimo bo ntse bo “lekoa.”—Tšenolo 2:10.
4 Ka mohlala, ofisi e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea tlaleha hore selemong se le seng feela, ho bile le liketsahalo tse 32 tseo ho tsona bahlanka ba Molimo ba ileng ba shapuoa ha ba ntse ba le tšebeletsong. Ho phaella moo, ho bile le liketsahalo tse 59 tseo ho tsona mapolesa a ileng a koalla Lipaki tse neng li bolela phatlalatsa—ba bacha le ba hōlileng, banna le basali. Ba bang ba ile ba qobelloa ho hatisa menoana, ba nkoa litšoantšo, ’me ba koalloa literonkong joalokaha eka ke linokoane. Ba bang ba ’nile ba tšosoa ka hore ba tla ntšoa kotsi. Naheng e ’ngoe, hona joale ho na le litlaleho tse ngotsoeng tse fetang 1 100 tse bontšang hore Lipaki Tsa Jehova lia tšoaroa, lia lefisoa kapa lia shapuoa. Liketsahalo tse fetang 200 ho tsena li etsahetse letsatsing leo ka lona Lipaki li neng li bokane ho ikhopotsa lefu la Jesu! Leha ho le joalo, linaheng tsena le tse ling, moea oa Jehova o nolofalelitse batho ba hae ho pholoha le hoja ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba pholoha. (Zakaria 4:6) Bohale bo tukang ba sera ha bo na ho khutsisa ba rorisang Jehova. E, re kholisehile hore ha ho na sebetsa se ka etsang hore morero oa Molimo o hlōlehe.
Maleme a Bohata aa Ahloloa
5. Ke maleme afe a bohata a ileng a loantša bahlanka ba Jehova lekholong la pele la lilemo?
5 Esaia o ile a profeta hore batho ba Molimo ba ne ba tla ahlola leleme leha e le lefe le tla ba tsohela matla. Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba atisa ho buuoa hampe, ho thoe ke lisenyi. Liqoso tse joalo li tšoana le tse ho Liketso 16:20, 21 e reng: “Batho bana ba ferekanya motse oa rōna haholo, . . . ’me ba phatlalatsa litloaelo tseo ho sa lumelloeng ke molao hore re li amohele kapa re li sebelise, kaha re Baroma.” Ketsahalong e ’ngoe, bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba leka ho susumelletsa babusi ba motse hore ba loantše balateli ba Kreste, ba re: “Banna bana ba ferekantseng lefatše leo ho ahiloeng ho lona ba teng le mona, [’me ba hanyetsana] le melao-taelo ea Cesare.” (Liketso 17:6, 7) Ba ile ba re moapostola Pauluse ke “motho ea kotsi haholo” le moeta-pele oa lequloana le neng le hlohlelletsa bofetoheli “ho pholletsa le lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”—Liketso 24:2-5.
6, 7. Ke ka tsela efe Bakreste ba ’nete ba ahlolang maleme a ba hlekefetsang?
6 Ka lebaka leo, ha re makale hore ebe kajeno Bakreste ba ’nete ba buuoa hampe, ba etselletsoa ka lonya ba bile ba senngoa lebitso. Ho ka boleloa joang hore re ahlola maleme ao a re hlekefetsang?—Esaia 54:17.
7 Boitšoaro bo botle ba Lipaki Tsa Jehova bo atisa ho bontša hore liqoso tse joalo ke leshano. (1 Petrose 2:12) Ha Bakreste ba bontša hore ke baahi ba bolokang molao le ba itšoereng hantle ba nahanelang batho ba bang e le kannete, hoa hlaka hore liqoso tseo ba qosoang ka tsona ke leshano. Boitšoaro ba rōna bo botle boa ipuella. Ha batho ba re shebeletseng ba bona hore re etsa mesebetsi e metle re sa tele, hangata ba susumelletseha ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo ’me baa bona hore bahlanka ba hae ba phela bophelo bo molemo.—Esaia 60:14; Matheu 5:14-16.
8. (a) Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re etse eng e le hore re emele boemo ba rōna bo tšehetsoang ke Mangolo? (b) Re ka etsisa Kreste joang tabeng ea ho ahlola maleme a re hanyetsang?
8 Ntle ho boitšoaro ba rōna bo bontšang hore re tšaba Molimo, ka linako tse ling ho ka hlokahala hore ka sebete re emele boemo ba rōna bo tšehetsoang ke Mangolo. Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ho kōpa tšireletso mebusong le makhotleng. (Esthere 8:3; Liketso 22:25-29; 25:10-12) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ka linako tse ling o ne a phehisana le banyefoli ba hae phatlalatsa, a bontša hore liqoso tsa bona ke leshano. (Matheu 12:34-37; 15:1-11) Joaloka Jesu ha re tsilatsile ho hlakisetsa ba bang seo re se lumelang. (1 Petrose 3:15) E se eka le ka mohla re ke ke ra khaotsa ho bolela ’nete ea Lentsoe la Molimo ka lebaka la ho songoa sekolong, mosebetsing, kapa ke beng ka rōna.—2 Petrose 3:3, 4.
Jerusalema ke “Lejoe le Boima”
9. Ke Jerusalema efe e tšoantšetsoang ke “lejoe le boima” le boletsoeng ho Zakaria 12:3, ’me e emeloa ke bo-mang lefatšeng?
9 Boprofeta ba Zakaria bo hlakisa hore na ke hobane’ng ha lichaba li hanyetsa Bakreste ba ’nete. Hlokomela se boleloang ke Zakaria 12:3 ha e re: “Letsatsing leo ke tla etsa Jerusalema lejoe le boima ho lichaba tsohle.” Boprofeta boo bo bua ka Jerusalema efe? Boprofeta ba Zakaria bo mabapi le Jerusalema bo sebetsa ho “Jerusalema ea leholimo,” e leng ’Muso oa leholimo oo Bakreste ba tlotsitsoeng ba bilelitsoeng ho oona. (Baheberu 12:22) Masala a seng makae a majalefa ana a ’Muso oa Bomesia a sa ntsane a le lefatšeng. A sebetsa le bo-mphato ba ’ona, e leng “linku tse ling,” ho khothalletsa batho hore e be bahlanka ba ’Muso oa Molimo nako e sa le teng. (Johanne 10:16; Tšenolo 11:15) Lichaba li ile tsa etsa joang ha li utloa memo ee? Hona Jehova o tšehetsa barapeli ba ’nete joang kajeno? Re tla bona ha re ntse re hlahloba moelelo oa Zakaria khaolo ea 12. Ha re etsa joalo re tla kholiseha hore ‘ha ho na sebetsa se tla atleha’ khahlanong le batlotsuoa ba Molimo le bo-mphato ba bona ba inehetseng.
10. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba hlaseloa? (b) Ho etsahetse’ng ka ba ileng ba leka ho tlosa “lejoe le boima” tseleng?
10 Zakaria 12:3 e bontša hore lichaba li ba le “mengoapo e tebileng.” See se etsahala ka tsela efe? Molimo o laetse hore ho boleloe litaba tse molemo tsa ’Muso. Lipaki Tsa Jehova li nka ka ho teba boikarabelo ba ho bolela. Leha ho le joalo, boboleli ba ’Muso oo e leng oona feela tšepo ea moloko oa batho bo fetohile “lejoe le boima” ho lichaba. Li leka ho le tlosa tseleng ka ho sitisa baboleli ba ’Muso mosebetsing oa bona. Ka ho etsa joalo, lichaba tsena tse itšunya-tšunyang li ba le “mengoapo e tebileng,” li sehiloe hohle. Ho hlōleha ha tsona ho sentse le botumo ba tsona. Li ke ke tsa khutsisa barapeli ba ’nete, ba ananelang tokelo ea ho bolela “litaba tse molemo tse sa feleng” tsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia pele tsamaiso ena ea lintho e fela. (Tšenolo 14:6) Molebeli e mong oa teronko naheng e ’ngoe ea Afrika ha a bona bahlanka ba Jehova ba hlekefetsoa o ile a re: ‘Le itšenyetsa nako ka ho hlorisa batho bana. Ba ke ke ba sekisetsa le khale. Ho e-na le hoo baa eketseha.’
11. Ke joang Molimo a bolokileng tšepiso ea hae e ho Zakaria 12:4?
11 Bala Zakaria 12:4. Jehova o tšepisa hore o tla foufatsa le ho ‘ferekanya’ ba loantšang baboleli ba hae ba ’Muso ba sebete. O phethahalitse lentsoe la hae. Ka mohlala, naheng e ’ngoe moo borapeli ba ’nete bo neng bo thibetsoe, bahanyetsi ha baa ka ba khona ho thibela batho ba Molimo ho fumana lijo tsa moea. Koranta e ’ngoe e ile ea ba ea re Lipaki Tsa Jehova li sebelisa libalune ho kenya lingoliloeng tsa Bibele ka har’a naha. Seo Molimo a se tšepisang bahlanka ba hae se ile sa phethahala ha a re: “Ke tla bula mahlo a ka, . . . ’me pere e ’ngoe le e ’ngoe ea lichaba ke tla e otla ka ho se bone.” Ka lebaka la ho thotofatsoa ke khalefo, lira tsa ’Muso ha li tsebe hore na li nke eng li e kopanye le eng. Empa re kholisehile hore Jehova o tla pholosa batho ba hae e le sehlopha ’me a bontše hore o amehile ka boiketlo ba bona.—2 Marena 6:15-19.
12. (a) Jesu o ile a qala mollo ka tsela efe ha a le lefatšeng? (b) Masala a batlotsuoa a ile a hotetsa mollo joang ka kutloisiso ea tšoantšetso, ’me e le ka phello efe?
12 Bala Zakaria 12:5, 6. “Baeta-pele ba Juda” ke balebeli ba ka har’a batho ba Molimo. Jehova o ba tlatsa cheseho e tukang e le hore ba ka ntšetsa pele mesebetsi ea ’Muso oa hae mona lefatšeng. Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke tletse ho qala mollo lefatšeng.” (Luka 12:49) Ka sebele, o ile a hotetsa mollo. Ka ho bolela ka cheseho, Jesu o ile a etsa hore ’Muso oa Molimo e be tseko e khōlō ho batho. Sena se ile sa tsosa khang e matla sechabeng seo sa Bajuda kaofela. (Matheu 4:17, 25; 10:5-7, 17-20) Ka ho tšoanang, “joaloka pitsa ea mollo har’a lifate le joaloka serumula sa mollo lijo-thollong tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko,” mehleng ea rōna ba hatang moo Kreste a hatileng teng ba hotetsa mollo ka tsela ea tšoantšetso. Buka ea The Finished Mysterya e ngotsoeng ka 1917 e ile ea senola boikaketsi ba Bokreste-’mōtoana ka matla. Seo se ile sa halefisa baruti. Morao tjena, Kingdom News No. 37, ea sehlooho se reng, “Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!” e entse hore batho ba bangata ba emele ’Muso oa Molimo kapa ba o tsoe.
“Litente Tsa Juda” Lia Pholosoa
13. Ke’ng se boleloang ke polelo e reng “litente tsa Juda,” hona ke hobane’ng ha Jehova a li pholosa?
13 Bala Zakaria 12:7, 8. Iseraeleng ea boholo-holo litente li ne li tloaelehile, ka linako tse ling li ne li sebelisoa ke balisa le batho ba sebetsang masimong. Haeba sera se hlasela motse oa Jerusalema ke bona ba pele bao ho neng ho tla hlokahala hore ba sireletsoe. Polelo e reng “litente tsa Juda” e bontša hore mehleng ea rōna ho joalokaha eka masala a batlotsuoa a sebakeng se sa sireletsehang, ha a metseng ea liqhobosheane. Ka sebete a sireletsa mesebetsi e amanang le ’Muso oa Bomesia. Jehova oa mabotho o tla pholosa “litente tsa Juda pele” hobane li pepesehetse tlhaselo ea Satane.
14. Ke joang Jehova a sireletsang ba ka har’a “litente tsa Juda” le ho etsa hore ba se ke ba khoptjoa?
14 Ha e le hantle, tlaleho ea histori e bontša bonnete ba hore Jehova o sireletsa manģosa ana a tlotsitsoeng a ’Muso ‘litenteng’ tsa ’ona tse lepalapaleng.b O etsa hore a se ke a ‘khoptjoa’ ka hore a a matlafatse le ho etsa hore a be sebete joaloka Davida, morena oa mohlabani.
15. Ke hobane’ng ha Jehova a “batla ho felisa lichaba tsohle,” ’me o tla etsa seo neng?
15 Bala Zakaria 12:9. Ke hobane’ng ha Jehova a “batla ho felisa lichaba tsohle”? Ke kahobane li phehella ho hanyetsa ’Muso oa Bomesia. Ka lebaka la ho hobosa le ho hlorisa batho ba Molimo, lia ahloloa. Haufinyane baemeli ba Satane ba lefatšeng ba tla hlasela barapeli ba ’nete ba Molimo ka lekhetlo la ho qetela, e leng se tla lebisa ketsahalong eo Bibele e e bitsang Har–Magedone. (Tšenolo 16:13-16) Tlhaselo eo e tla etsa hore Moahloli ea Phahameng a sireletse bahlanka ba hae ’me a halaletse lebitso la hae har’a lichaba.—Ezekiele 38:14-18, 22, 23.
16, 17. (a) “Lefa la bahlanka ba Jehova” ke eng? (b) Ha re mamella litlhaselo tsa Satane re bontša eng?
16 Satane ha a na sebetsa se ka fokolisang tumelo ea batho ba Molimo lefatšeng ka bophara kapa se ka felisang cheseho ea bona. Khotso eo re bang le eona ka lebaka ho tseba hore Jehova o re tšehetsa ka matla a hae a pholosang, ke “lefa la bahlanka ba Jehova.” (Esaia 54:17) Ha ho na motho ea ka re tsekisang khotso ea rōna le nala ea rōna ea moea. (Pesaleme ea 118:6) Satane o tla tsoela pele ho hlohlelletsa khanyetso ’me a leke ho baka mahloriso. Ha re mamella ka botšepehi le hoja re nyelisoa re bontša hore re na le moea oa Molimo. (1 Petrose 4:14) Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova o hlomiloeng li boleloa lefatšeng lohle. Bahanyetsi ba ’nile ba betsa batho ba Molimo ka “majoe a letjeketjane” a mangata a joaloka libetsa tse tšosang. Empa, ka matla a Jehova, majoe a joalo a ba kuba ka holimo feela. (Zakaria 9:15) Masala a batlotsuoa le metsoalle ea ’ona e tšepahalang a ke ke a tlangoa matsoho.
17 Re lebeletse ka thabo ho lopolloa ka ho feletseng litlhaselong tsa Diabolose. Ka sebele re tšelisoa ke mantsoe ana a re tiisetsang hore ‘sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le rōna se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla re tsohela matla kahlolong re tla le ahlola.’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
b Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bona buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 675-6, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Ke eng se bontšang hore libetsa tsa Satane ha lia atleha?
• Ke joang Jerusalema ea leholimo e bang “lejoe le boima”?
• Jehova o pholosa “litente tsa Juda” joang?
• U kholisehile ka eng ha Armagedone e ntse e atamela?
[Litšoantšo leqepheng la 21]
Bahlanka ba Jehova ba Albania ba ile ba tšepahala har’a litlhaselo tsa Satane
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jesu o ile a shanofatsa liqoso tsa bohata
[Litšoantšo leqepheng la 24]
Sebetsa se entsoeng khahlanong le ba phatlalatsang litaba tse molemo se ke ke sa atleha