Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
“U bolele lentsoe, . . . u khalemele, u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta.”—2 TIM. 4:2.
1. Jesu o file barutuoa ba hae taelo efe, ’me o ile a beha mohlala ofe?
HO SA tsotellehe mesebetsi e tsotehang ea ho phekola eo Jesu a ileng a e etsa nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ne a tsebahala haholo e le mosuoe e seng mofolisi kapa ea etsang mehlolo. (Mar. 12:19; 13:1) Mosebetsi oa Jesu oa bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ’me ke oa bohlokoa ka ho fetisisa le ho balateli ba hae kajeno. Bakreste ba filoe taelo ea ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho etsa barutuoa ka ho ruta batho ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng.—Mat. 28:19, 20.
2. Re lokela ho etsa’ng e le hore re phethe taelo eo re e filoeng ea ho bolela?
2 E le hore re phethe taelo eo re e filoeng ea ho etsa barutuoa, kamehla re leka ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta. Moapostola Pauluse o bontšitse bohlokoa ba tsebo ena ha a ne a ngolla Timothea eo a neng a tsamaea le eena ha ba bolela litaba tse molemo. O ile a re: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Tim. 4:16) Mokhoa oa ho ruta oo Pauluse a neng a nahanne ka oona e ne e se feela ho fetisetsa boitsebiso ho motho e mong. Basebeletsi ba Bakreste ba atlehang mosebetsing oa ho ruta, ke ba amang lipelo tsa batho le ba ba susumeletsang ho fetola bophelo ba bona. Seo ke tsebo ea ho ruta. Kahoo, re ka ntlafatsa “tsebo ea ho ruta” joang ha re bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo?—2 Tim. 4:2.
Ho Ntlafatsa “Tsebo ea ho Ruta”
3, 4. (a) Re ka ntlafatsa “tsebo ea ho ruta” joang? (b) Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re thusa joang hore re be mesuoe e atlehang ha e ruta?
3 Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “tsebo” e le “bokhoni boo motho a bo fumanang ka ho ithuta, ka ho sebelisa seo a ithutileng sona, kapa ka ho shebella ba bang.” E le hore re be mesuoe e atlehang ea litaba tse molemo, re lokela ho ela hloko likarolo tsena boraro ba tsona. Re ka fumana kutloisiso e nepahetseng ea seo re ithutang sona hafeela re ithuta sona re bile re rapela ka sona. (Bala Pesaleme ea 119:27, 34.) Ho shebella basebeletsi ba atlehang ha ba ruta ho tla re thusa hore re ithute mekhoa eo ba e sebelisang re be re ba etsise. Hape ha re ikitlaetsa kamehla ho sebelisa seo re ithutang sona seo se tla re thusa ho ntlafatsa bokhoni ba rōna.—Luka 6:40; 1 Tim. 4:13-15.
4 Jehova ke Morupeli oa rōna e Moholo. A sebelisa karolo e bonahalang ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o tataisa bahlanka ba hae ba lefatšeng hore na ba phethe taelo ea bona ea ho bolela joang. (Esa. 30:20, 21) Ntlheng ena, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ba le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo beke le beke, seo morero oa sona e leng ho thusa bohle ba ngolisitseng ho sona hore e be baboleli ba ’Muso oa Molimo ba atlehang ho ruta. Buka e ka sehloohong e sebelisoang sekolong sena ke Bibele. Lentsoe la Jehova le bululetsoeng le re bolella hore na re rute eng. Ho feta moo, le re bolella hore na ke mekhoa efe ea ho ruta e atlehang le hore na ke efe e loketseng. Kamehla Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo re bolelloa hore re tla ba mesuoe e nang le tsebo e matla ea ho ruta haeba re theha seo re se rutang Lentsoeng la Molimo, re atleha ho sebelisa lipotso, re ruta ka tsela e bonolo re bile re bontša hore re tsotella batho ba bang e le kannete. A re ke re hlahlobeng lintlha tsena ka bonngoe. Hamorao re tla tšohla hore na re ka finyella pelo ea seithuti joang.
Theha Seo U se Rutang Lentsoeng la Molimo
5. Motheo oa seo re se rutang e lokela ho ba ofe, hona hobane’ng?
5 Jesu, mosuoe ea fetang mesuoe eohle, o ile a theha seo a neng a se ruta Mangolong. (Mat. 21:13; Joh. 6:45; 8:17) O ne a sa bue litaba tsa hae, empa o ne a bua litaba tsa Ea mo romileng. (Joh. 7:16-18) Le rōna re latela mohlala oo. Kahoo, seo re se buang ha re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo kapa ha re khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele se lokela ho thehoa ho se boleloang ke Lentsoe la Molimo. (2 Tim. 3:16, 17) Ho sa tsotellehe hore na re beha mabaka ka bohlale hakae, a ke ke a atleha kapa a ba le matla a kang a Mangolo a bululetsoeng. Bibele e na le matla. Ho sa tsotellehe hore na ke ntlha efe eo re lekang ka matla ho thusa seithuti hore se e utloisise, mokhoa o molemo ka ho fetisisa oo re ka o sebelisang ke ho se kōpa hore se bale seo Mangolo a se buang ka eona.—Bala Baheberu 4:12.
6. Ke sefe seo mosuoe a ka se etsang ho netefatsa hore seithuti se utloisisa seo se ithutang sona?
6 Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore mosuoe oa Mokreste ha aa lokela ho lokisetsa thuto ea Bibele. Ho e-na le hoo, mosuoe o lokela ho nahana esale pele hore na ke mangolo afe a bontšitsoeng a tla baloa Bibeleng nakong ea thuto ke mosuoe kapa seithuti. Ka kakaretso, e ka ba hantle ho bala mangolo ao e leng motheo oa seo re se lumelang. Ho boetse hoa hlokahala hore ho thusoe seithuti hore se utloisise temana e ’ngoe le e ’ngoe eo se e balang.—1 Bakor. 14:8, 9.
Sebelisa Lipotso Tse Susumetsang
7. Ke hobane’ng ha ho sebelisa lipotso e le mokhoa o motle oa ho ruta?
7 Ha lipotso li sebelisoa ka bohlale, li etsa hore seithuti se nahane li bile li thusa mosuoe hore a finyelle pelo ea sona. Kahoo, ho e-na le hore u hlalosetse seithuti mangolo, e-re se u hlalosetse ’ona. Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore u botse potso e ’ngoe kapa letoto la lipotso e le hore u thuse seithuti sa hao hore se be le kutloisiso e nepahetseng. Ha u sebelisa lipotso ha u ruta, ha e le hantle, u thusa seithuti sa hao hore se se ke sa utloisisa feela mabaka a qeto efe kapa efe e boletsoeng empa u boetse u se thusa hore le sona se fihlele qeto eo.—Mat. 17:24-26; Luka 10:36, 37.
8. Re ka lemoha se ka pelong ea seithuti joang?
8 Mokhoa oa ho ruta o sebelisoang lingoliloenng tsa rōna ke oa lipotso le likarabo. Ha ho pelaelo hore boholo ba batho bao u ithutang Bibele le bona ba tla fumana likarabo tsa lipotso tse botsoang ka hore ba shebe boitsebiso bo lirapeng tse tsamaisanang le lipotso tseo. Leha ho le joalo, mosuoe ea hlokolosi a ke ke a khotsofalla feela ho fuoa likarabo tse nepahetseng. Ho tea mohlala, seithuti se ka ’na sa nepa ha se hlalosa hore na Bibele e reng ka bohlola. (1 Bakor. 6:18) Leha ho le joalo, ho botsa lipotso tse fatang maikutlo ka bohlale ho ka bontša hore na maikutlo a seithuti ke afe ka seo se ithutang sona. Mosuoe a ka ’na a botsa: “Ke hobane’ng ha Bibele e nyatsa hore motho a kopanele liphate le motho eo a sa nyalanang le eena? U nahana joang ka thibelo ee eo Molimo a faneng ka eona? Na u nahana hore ho na le molemo oo re o fumanang haeba re mamela melao ea Molimo tabeng ea boitšoaro?” Likarabo tsa seithuti lipotsong tsena li tla bontša hore na ke sefe se ka pelong ea sona.—Bala Matheu 16:13-17.
Nolofatsa Taba
9. Re lokela ho hopola eng ha re bua ka litaba tse tsoang ka Mangolong?
9 Boholo ba linnete tse fumanoang Lentsoeng la Molimo li batla li le bonolo. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe batho bao re ithutang Bibele le bona ba ferekantsoe ke lithuto tsa bolumeli ba bohata. Mosebetsi oa rōna re le mesuoe ke ho etsa hore ho be bonolo ho utloisisa Bibele. Mesuoe e atlehang ha e ruta e fetisa boitsebiso ka tsela e bonolo, e hlakileng le e nepahetseng. Haeba re latela tataiso ena, re ke ke ra etsa hore ’nete ebe thata ho sa hlokahale. Qoba ho kenyelletsa boitsebiso bo sa hlokahaleng. Ha ho hlokahale hore re bue ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang lengolong leo re le balang. Hlokomelisa seithuti karolo e hlokahalang feela hore se hlakeloe ke ntlha eo le buang ka eona. Seithuti se tla ’ne se utloisise linnete tse tebileng tsa Mangolo ha kutloisiso ea sona e ntse e eketseha.—Baheb. 5:13, 14.
10. Taba ea hore na re tla ithuta boitsebiso bo bokae thutong ea Bibele e itšetlehile ka maemo afe?
10 Re lokela ho ithuta boitsebiso bo bokae thutong ka ’ngoe? Tabeng ena ho hlokahala temoho. Bokhoni ba mosuoe le ba seithuti bo ke ke ba tšoana le maemo a mosuoe le a seithuti a ke ke a tšoana, empa kamehla re lokela ho hopola hore sepheo sa rōna re le mesuoe ke ho thusa liithuti tsa rōna hore li be le tumelo e matla. Kahoo, re se fa nako e lekaneng ea hore se bale, se utloisise se be se amohele linnete tse boletsoeng Lentsoeng la Molimo. Ha re ithute boitsebiso bo bongata ho feta tekanyo. Leha ho le joalo, re etsa hore thuto eona e tsoele pele. Hang ha seithuti se utloisisa taba, re fetela ntlheng e hlahlamang.—Bakol. 2:6, 7.
11. Ke eng eo re ka ithutang eona ho moapostola Pauluse mabapi le ho ruta?
11 Moapostola Pauluse o ile a nolofatsa molaetsa oa litaba tse molemo ha a ne a bua le batho ba bacha ’neteng. Le hoja a ne a rutehile haholo, o ne a sa sebelise puo ea lirutehi. (Bala 1 Bakorinthe 2:1, 2.) Tsela eo ’nete ea Mangolo e leng bonolo ka eona e khahla batho ba lipelo li ntle ebile ea ba khotsofatsa. Ha ho hlokahale hore motho e be serutehi e le hore a e utloisise.—Mat. 11:25; Lik. 4:13; 1 Bakor. 1:26, 27.
Thusa Liithuti Hore li Ananele Seo li Ithutang Sona
12, 13. Seithuti se ka susumetsoa ke eng hore se sebelise seo se ithutang sona? Bontša.
12 E le hore tsela eo re rutang ka eona e atlehe, e lokela ho ama pelo ea seithuti. Seithuti se lokela ho utloisisa hore na boitsebiso boo bo se ama joang, bo tla se tsoela molemo joang le hore na bophelo ba sona bo tla ntlafala joang haeba se lumela ho tataisoa ke Mangolo.—Esa. 48:17, 18.
13 Ho tea mohlala, mohlomong re bua ka Baheberu 10:24, 25, e khothalletsang Bakreste hore ba bokane le balumeli-’moho le bona hore ba khothatsoe ke Mangolo le hore ba thabele botsoalle bo lerato. Haeba seithuti se e-s’o ka se e-ea libokeng, re ka ’na ra hlalosa ka bokhutšoanyane hore na li tsamaisoa joang le hore na ho tla tšohloa eng. Re ka ’na ra se hlalosetsa hore liboka tsa phutheho ke karolo ea borapeli ba rōna ’me ra se bontša hore li re tsoela molemo. Joale re ka ’na ra mema seithuti hore se ee libokeng. Se lokela ho mamela litaelo tsa Mangolo hobane se susumetsoa ke ho rata ho khahlisa Jehova, eseng hobane se batla ho khahlisa motho eo se ithutang le eena.—Bagal. 6:4, 5.
14, 15. (a) Seithuti sa Bibele se ka ithuta’ng ka Jehova? (b) Ha seithuti sa Bibele se tseba botho ba Molimo se ka fumana molemo joang?
14 Molemo o moholo oo liithuti li o fumanang ka ho ithuta Bibele le ka ho sebelisa melao-motheo ea eona ke hore li qala ho utloisisa hore Jehova ke motho oa sebele ebile lia mo rata. (Esa. 42:8) Hase feela hore ke Ntate ea lerato, ’Mōpi le Mong’a bokahohle empa hape o senola botho ba hae le bokhoni ba hae ho ba mo ratang le ba mo sebeletsang. (Bala Exoda 34:6, 7.) Ha Moshe a ne a le mothating oa ho ntša sechaba sa Iseraele botlamuoeng Egepeta, Jehova o ile a itlhalosa ho sona ka mantsoe ana: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Ex. 3:13-15) Sena se ne se bolela hore Jehova o ne a tla ba eng kapa eng eo ho neng ho hlokahala hore a be eona e le hore a phethe merero ea hae mabapi le sechaba seo a se khethileng. Kahoo Baiseraele ba ile ba qala ho utloisisa hore Jehova ke Mopholosi, Mohlabani, Mohlokomeli le Mophethahatsi oa litšepiso ba ba ba mo tseba le ka litsela tse ling.—Ex. 15:2, 3; 16:2-5; Josh. 23:14.
15 Mohlomong Jehova a ke ke a thusa liithuti tsa rōna ka mohlolo joalokaha a ile a thusa Moshe. Leha ho le joalo, ha liithuti tsa rōna li ntse li ananela seo li ithutang sona le tumelo ea tsona e ntse e hōla ’me li qala ho sebelisa seo li ithutang sona, ha ho pelaelo hore li tla bona bohlokoa ba hore li itšetlehe ka Jehova hore a li fe sebete le bohlale a be a li tataise. Ha li etsa joalo, le tsona li tla qala ho utloisisa hore Jehova ke Moeletsi ea bohlale le ea ka tšeptjoang, le hore ke Mosireletsi le Mohlokomeli ea ba fang lintho tsohle tseo ba li hlokang ka seatla se bulehileng.—Pes. 55:22; 63:7; Liprov. 3:5, 6.
Bontša Hore Ua se Rata
16. Ke hobane’ng ha bokhoni ba ho ruta e se eona ntho ea bohlokoahali e etsang hore re be mesuoe e atlehang ha re ruta?
16 Haeba u nahana hore ha u na bokhoni ba ho ruta boo u neng u ka rata hore u be le bona, u se ke ua nyahama. Jehova le Jesu ba laola lenaneo la ho ruta le etsoang lefatšeng lohle kajeno. (Lik. 1:7, 8; Tšen. 14:6) Ba ka hlohonolofatsa boiteko ba rōna e le hore mantsoe a rōna a susumetse motho ea nang le pelo e ntle hore a etse seo re se lebeletseng. (Joh. 6:44) Haeba mosuoe a hlile a rata seithuti sa hae, lerato leo le koahela bofokoli boo a nang le bona ha a ruta. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore o ne a utloisisa bohlokoa ba ho rata liithuti.—Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.
17. Re ka bontša joang hore re rata seithuti se seng le se seng sa Bibele e le kannete?
17 Ka tsela e tšoanang, re ka bontša hore re rata seithuti sa Bibele e le kannete ka ho ipha nako ea hore re se tsebe. Ha re ntse re tšohla melao-motheo ea Mangolo le sona, re tla tseba maemo a sona. Re ka ’na ra hlokomela hore se se se qalile ho etsa hore bophelo ba sona bo lumellane le lintho tseo se seng se ithutile tsona Bibeleng. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore se etse liphetoho likarolong tse ling. Haeba re thusa seithuti hore se bone hore na seo se ithutang sona nakong ea thuto ea Bibele se sebetsa joang ho sona re ka se thusa hore e be morutuoa oa ’makhonthe oa Kreste.
18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rapela le seithuti le ho se rapella?
18 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re rapele le seithuti sa rōna re be re se rapelle. Se lokela ho hlokomela hore sepheo sa rōna ke ho se thusa hore se tsebe ’Mōpi oa sona hantle, se atamele ho Eena le hore se fumane molemo oa ho tataisoa ke Molimo. (Bala Pesaleme ea 25:4, 5.) Ha re rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba seithuti ba hore se sebelise lintho tseo se ithutang tsona, sena se ka se thusa hore se bone bohlokoa ba ho ba ‘mophethi oa lentsoe.’ (Jak. 1:22) Ha seithuti se ntse se mamela lithapelo tsa rōna tse tlohang botebong ba pelo, le sona se tla ithuta ho rapela. Ruri ke ntho e thabisang ho thusa liithuti tsa Bibele hore li be le kamano e ntle le Jehova!
19. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
19 Hoa khothatsa ho tseba hore Lipaki tse fetang limilione tse tšeletseng le halofo lefatšeng lohle li sebelisa “tsebo ea ho ruta,” ka sepheo sa ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba boloke lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng. Re kotula litholoana life ka mosebetsi oa rōna oa boboleli? Karabo ea potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ntlafatsa “tsebo ea ho ruta”?
• Re ka sebelisa mekhoa efe ho etsa hore re atlehe haholo ha re ruta?
• Ke eng e ka koahelang bofokoli ba rōna ba ho ruta?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Na u ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho kōpa liithuti tsa hao hore li bale lengolo Bibeleng?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Rapela le seithuti u be u se rapelle