Re U Lome Tsebe?
Lichelete tse peli tsa tšepe tsa mohlolohali e ne e le bokae?
Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Bajuda ba ne ba lefa lekhetho la tempele la selemo le selemo la “lidrakema tse peli,” tseo e neng e ka ba moputso oa matsatsi a mabeli. (Matheu 17:24) Jesu o ile a re lirobele tse peli li ne li rekisoa ka “chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane,” e lekanang le moputso oa metsotso e 45. Ha e le hantle, lirobele tse hlano li ne li ka rekoa ka chelete e kopolang ena habeli, kapa hoo e ka bang moputso oa metsotso e 90.—Matheu 10:29; Luka 12:6.
Monehelo oa tempele o neng o ntšitsoe ke mohlolohali oa mofutsana eo Jesu a neng a mo shebile o ne o le ka tlaase haholo ho chelete ena. Lichelete tsena tse peli tsa tšepe, kapa lilepta tse peli, e ne e le chelete e nyenyane ka ho fetisisa ea koporo e neng e sebelisoa Iseraele ka nako eo.[2] Li ne li lekana le karolo ea 1⁄64 ea moputso oa letsatsi, kapa ka tlaase ho moputso oa metsotso e 12 haeba ho nkoa hore mosebetsi oa letsatsi le le leng ke lihora tse 12.
Jesu Kreste o ile a nka mpho ea mohlolohali e le e khōlō ho feta ea bohle ba neng ba fane ka chelete e fetang eo “ho tsoa botlallong ba bona.” Ka lebaka lefe? Litemana tseo li bontša hore o ne a e-na le “licheletana tse peli tsa tšepe,” kahoo, a ka be a ile a ntša monehelo oa e le ’ngoe eaba o itšiela e le ’ngoe. Leha ho le joalo, o ile a fana ka “sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.”—Mareka 12:41-44; Luka 21:2-4.
Saule e ile ea e-ba Pauluse neng?
Moapostola Pauluse o ile a tsoaloa e le Moheberu le moahi oa Roma. (Liketso 22:27, 28; Bafilipi 3:5) Kahoo, ho ka etsahala hore ho tloha bonyenyaneng o ne a e-na le lebitso la Seheberu la Saule le la Seroma la Pauluse.[2] Ka ho tšoanang, ba bang ba beng ka eena ba ne ba e-na le mabitso a Seroma le Segerike. (Baroma 16:7, 21) Ho feta moo, ho ne ho tloaelehile hore Bajuda ba mehleng eo, haholo-holo ba neng ba sa lule Iseraele, ba be le mabitso a mabeli.—Liketso 12:12; 13:1.
Ka lilemo tse fetang leshome moapostola enoa e le Mokreste, ho bonahala a ne a tsejoa haholo ka lebitso la Seheberu la Saule. (Liketso 13:1, 2) Leha ho le joalo, leetong la hae la pele ha a il’o hasa evangeli libakeng tse hōle, hoo e ka bang ka 47/48 C.E., ho ka etsahala hore ebe o ile a khetha ho sebelisa lebitso la hae la Seroma la Pauluse. O ne a laetsoe ho bolela litaba tse molemo ho batho bao e seng Bajuda, ’me mohlomong o ne a nahana hore lebitso la hae la Seroma e tla ba le loketseng haholo. (Liketso 9:15; 13:9; Bagalata 2:7, 8) Hape mohlomong o ile a sebelisa lebitso la Pauluse hobane ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitsoa ka Segerike, le ne le tšoana le lentsoe la Segerike le nang le moelelo o mobe.[2] Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ile a fetola lebitso la hae ka lebaka lefe, o ile a bontša hore o ne a ikemiselitse ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele [a ka] pholosa ba bang.”—1 Bakorinthe 9:22.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lepton, e kana ka boholo