Babali ba Batla ho Tseba
Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Sebelise Sefapano Borapeling ba Tsona?
Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore lefu la Jesu Kreste le ile la fana ka thekollo e bulang monyetla oa hore ba lumelang ho eena ba fumane bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Leha ho le joalo, ha li lumele hore Jesu o shoetse sefapanong, e leng seo re atisang ho se bona litšoantšong tse tloaelehileng. Li lumela hore Jesu o shoetse palong eseng sefapanong.
Sefapano se ne se sebelisoa Mesopotamia, lilemong tse fetileng tse likete tse peli pele Kreste a hlaha. Mehleng ea boholo-holo, lilemo tse makholo pele Jesu a hlaha, litšoantšo tse betliloeng majoeng tsa Scandinavia li ne li khabisoa ka lifapano. Bukeng ea Symbols Around Us, Sven Tito Achen, e leng rahistori oa Modanishe le setsebi sa matšoao, o re batho bao e seng Bakreste ba ne ba sebelisa sefapano “e le letšoao la matla a sa tloaelehang . . . le sireletsang, le tlisang mahlohonolo.” Ha ho makatse hore ebe New Catholic Encyclopedia e re: “Sefapano se fumanoa melokong ea batho ba phetseng pele ho Bokreste le ea bao e seng Bakreste, moo se amahanngoang le lintho tsa tlhaho.” Joale, ke hobane’ng ha likereke li khethile sefapano e le letšoao la tsona le halalelang ka ho fetisisa?
W. E. Vine, e leng setsebi sa Lebrithani se hlomphehang, o bolela linnete tsena: “Bohareng ba lekholo la boraro la lilemo A.D. . . . bahetene ba ile ba amoheloa likerekeng . . . ’me ba lumelloa hore ba boloke matšoao a bona a bohetene. Kahoo, ho ile ha amoheloa Tau kapa T, . . . eo motoa o e parolang o theoletsoeng tlaasenyana.”—Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words.
Vine o tsoela pele ho re lereho “sefapano” le leetsi ho “thakhisa” le bolela “palo . . . e fapaneng le sefapano se sebelisoang likerekeng se nang le lithupa tse peli.” Companion Bible ea Oxford University e lumellana le sena e re: “Bopaki bo bontša . . . hore Morena o ile a bolaeloa palong, eseng lithupeng tse peli tse fapantsoeng.” Ho hlakile hore likereke li amohetse mokhoa o sa tšehetsoeng ke Bibele.
Achen, e leng rahistori ea sa tsoa qotsoa, o re: “Lilemong tse makholo a mabeli ka mor’a lefu la Jesu ha ho bonahale eka Bakreste ba kile ba sebelisa letšoao la sefapano.” O phaella ka ho re ho Bakreste ba pele sefapano “se tlameha se ne se emela lefu le bokhopo, joalokaha mochine o khaolang batho hlooho kapa setulo sa motlakase seo batho ba bolaoang ka sona se emela lefu le bokhopo kajeno.”
Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ho sa tsotellehe hore na ho ile ha sebelisoa eng ho hlokofatsa Jesu le ho mo bolaea, Bakreste ha baa lokela ho rapela setšoantšo kapa letšoao la ntho eo. Taelo ea Bibele e re: “Le balehele borapeli ba litšoantšo.” (1 Bakorinthe 10:14) Jesu o ile a bolela letšoao la ’nete le khethollang balateli ba hae ba ’nete. O itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
Litabeng tsohle tsa borapeli, Lipaki Tsa Jehova, joaloka Bakreste ba boholo-holo, li leka ka matla ho latela Bibele eseng neano. (Baroma 3:4; Bakolose 2:8) Ke ka lebaka leo li sa sebeliseng sefapano borapeling ba tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Setšoantšo se betliloeng sa morena oa mohetene oa Assyria ea roetseng sefapano, hoo e ka bang ka 800 B.C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph taken by courtesy of the British Museum