Fumana Thabo Lenyalong la Hao
“Ntlo e tla hahuoa ka bohlale, ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.”—LIPROV. 24:3.
1. Molimo o ile a bontša bohlale joang mabapi le motho oa pele?
NTATE oa rōna oa leholimo ea bohlale o tseba se molemong oa rōna. Ho tea mohlala, Molimo o ile a hlokomela hore e le hore morero oa Hae o phethahale, ho ne ho se “hotle hore motho a ’ne a be mong” serapeng sa Edene. Karolo e ka sehloohong ea morero oo e ne e le hore batho ba nyalaneng ba be le bana ’me ba “tlale lefatše.”—Gen. 1:28; 2:18.
2. Jehova o ile a etsa tokisetso efe molemong oa batho?
2 Jehova o ile a re: “Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” Joale Molimo o ile a tlisetsa monna oa pele boroko bo tebileng, eaba O ntša khopo ’meleng oa hae o phethahetseng eaba O bōpa mosali ka eona. Ha Jehova a tlisa mosali eo ea phethahetseng Eva ho Adama, monna o ile a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka. Enoa o tla bitsoa Mosali, hobane o nkiloe ho monna.” Eva e ne e fela e le motlatsi oa Adama. E mong le e mong oa bona o ne a tla bonahatsa litšobotsi tse ikhethang, empa ka bobeli ba bona ba ne ba phethahetse ’me ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Kahoo, Jehova o ile a lokisetsa lenyalo la pele. Adama le Eva ba ne ba se na bothata ba ho amohela tokisetso ena ea Molimo e neng e tla etsa hore ba thusane ba be ba tšehetsane.—Gen. 1:27; 2:21-23.
3. Batho ba bangata ba nka mpho ea lenyalo joang, e leng se hlahisang lipotso life?
3 Ka masoabi, moea oa borabele o tletse lefatšeng kajeno. Mathata ao o a bakang ha a tsoe ho Molimo. Ba bangata ba nyatsa mpho ea Molimo ea lenyalo, ba nka hore e siiloe ke nako, ba nka hore ke sesosa sa pherekano le liqabang. Har’a batho ba bangata ba kenang lenyalong, ho tloaelehile hore ba hlalane. Bana ba ka ’na ba se ke ba bontšoa lerato la tlhaho ’me ha ho hlaha liphapang tsa lenyalo, batsoali ba ka ’na ba sebelisa bana hore ba fumane seo ba se batlang ho balekane ba bona. Batsoali ba bangata ha ba batle ho tenyetseha, leha e se e le molemong oa hore ho be le khotso le bonngoe. (2 Tim. 3:3) Joale, linakong tsee tse mahlonoko ho ka etsoa joang hore banyalani ba lule ba thabile? Ho ikokobetsa ho phetha karolo efe ho thibela hore ho hang lenyalo le se ke la qhalana? Ke sefe seo re ka ithutang sona ho batho ba kajeno ba behang mohlala ba lutseng ba thabile manyalong a bona?
Ho Ikokobelletsa Tataiso ea Jehova
4. (a) Pauluse o ile a fana ka tataiso efe mabapi le lenyalo? (b) Bakreste ba mamelang ba latela tataiso ea Pauluse joang?
4 Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a fa bahlolohali tataiso e bululetsoeng ea hore haeba ba khetha ho nyaloa hape, “e mpe e be feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Ena e ne e se ntho e ncha ho Bakreste ba hōletseng Sejudeng. Molao oa Molimo ho Baiseraele o ne o laetse ka ho hlaka hore ba ne ba sa lokela ho “etsa selekane sa lenyalo” le mang kapa mang ho lichaba tsa bahetene tse neng li ba potolohile. Jehova o ile a phaella ka ho ba fa tlhaloso e neng e bontša kotsi ea ho se natse molao ona oa Molimo. “Etsoe [molichaba] o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng; ruri bohale ba Jehova bo tla le tukela, ’me o tla le felisa ka potlako.” (Deut. 7:3, 4) Mabapi le taba ee Jehova o lebeletse hore bahlanka ba hae ba kajeno ba etse joang? Ho hlakile hore mohlanka oa Molimo o lokela ho khetha molekane oa lenyalo “Moreneng,” morapeli-’moho le eena ea inehetseng a ba a kolobetsoa. Ho ikokobelletsa tataiso ea Jehova mabapi le ho khetha molekane oa lenyalo ke tsela e bohlale.
5. Jehova hammoho le Bakreste ba nyalanang ba talima likano tsa lenyalo joang?
5 Likano tsa lenyalo lia halalela mahlong a Molimo. Ha a bua ka lenyalo la pele, Jesu, Mor’a Molimo ka sebele, o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:6) Mopesaleme o re hopotsa hore na likano li tebile hakae: “Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lōna ho Molimo, le phethe boitlamo ba lōna ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Pes. 50:14) Le hoja batho ba nyalanang ba ka lebella ho thaba haholo nakong e tlang, likano tseo ba li etsang letsatsing la lechato ha lia lokela ho nkoa habobebe ’me li tsamaea le boikarabelo.—Deut. 23:21.
6. Ke sefe seo re ka ithutang sona mohlaleng oa Jafeta?
6 Nahana ka Jafeta ea neng a sebeletsa e le moahloli Iseraele lekholong la bo12 la lilemo B.C.E. O ile a etsa kano ena ho Jehova: “Haeba ruri u nehelana ka bara ba Ammone letsohong la ka, hape ea tsoang, ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea ka ho nkhahlanyetsa ha ke khutla ka khotso ho bara ba Ammone, e tla ba oa Jehova, ’me ke tla mo nyehela e le nyehelo ea secheso.” Ha a bona hore ha a khutlela hae Mizpa ke morali oa hae, ngoana oa hae ea mong to! ea ileng a tla mo khahlanyetsa, na Jafeta o ile a batla ho koenehela kano ea hae? Che. O ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” (Baahl. 11:30, 31, 35) Jafeta o ile a boloka kano ea hae ho Jehova, le hoja sena se ne se bolela hore a ke ke a ba le litloholo tse tla ntšetsa lebitso la hae pele. Kano ea Jafeta e ne e fapane le likano tsa lenyalo, empa taba ea hore o ile a e boloka e fana ka mohlala o motle ho banna le basali ba Bakreste hore na ba lokela ho etsa joang ka likano tsa bona.
Ke Sefe se Etsang Hore Lenyalo le Atlehe?
7. Ke liphetoho life tseo batho ba sa tsoa nyalana ba lokelang ho li etsa?
7 Banyalani ba bangata ba thaba haholo ha ba hopola ha ba ne ba sa ntse ba ratana e le kharebe le mohlankana. Ruri e ile ea e-ba ntho e thabisang hore ba tsebe eo e neng e tla ba molekane oa bona! Ha ba ntse ba qeta nako e ngatanyana ba le ’moho ba ile ba tsebana haholoanyane. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ba ile ba ratana pele ba nyalana kapa ba nyalisitsoe, ha e se e le monna le mosali ho ile ha e-ba bohlokoa hore ba etse liphetoho tse itseng. Monna e mong o re: “Bothata bo boholo boo re neng re e-na le bona ha re sa tsoa nyalana, e ne e le hore re hlokomele hore ha re sa le masoha. Ka nakoana re ile ra fumana ho le thata hore re behe metsoalle ea rōna le ba malapa a habo rōna sebakeng se nepahetseng.” Monna e mong ea seng a e-na le lilemo tse 30 a nyetse o ile a hlokomela li sa tloha feela hore e le hore a sebetse litaba ka tsela e loketseng, o lokela ho nahana ka “batho ba babeli.” Pele a amohela ha a mengoa kapa a itlama ka ho etsa ntho e itseng, o buisana le mosali oa hae, e be e le hona a ka etsang qeto a nahanne ka maemo a bona ba le babeli. Boemong bo joalo, ho ba ea tenyetsehang hoa thusa.—Liprov. 13:10.
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba be le puisano e ntle? (b) Ho fetoha le maemo ho ka thusa lintlheng life, hona hobane’ng?
8 Ka linako tse ling lenyalo le kopanya batho ba babeli ba tsoang litsong tse sa tšoaneng. Boemong bona ke hona moo ho hlokahalang batho ba buisanang ka bolokolohi. Litsela tsa ho buisana lia fapana. Ho ela hloko ha molekane oa hao a buisana le beng ka eena ho ka u thusa hore u mo utloisise haholoanyane. Ka linako tse ling, seo motho a hlileng a se nahanang ha se bontšoe ke seo a se buang empa se bontšoa ke tsela eo a se buang ka eona. ’Me ho na le se sengata seo ho ka ithutoang sona le haeba ho sa thoe letho. (Liprov. 16:24; Bakol. 4:6) Masene aa hlokahala e le hore batho ba thabe.—Bala Liproverbia 24:3.
9 Tabeng ea ho khetha mesebetsi ea boikhathollo le boithabiso, ba bangata ba bone ho le bohlokoa hore e be batho ba fetohang le maemo. Pele le nyalana, mohlomong molekane oa hao o ne a qeta nako e itseng lipapaling kapa linthong tse ling tsa boithabiso. Na joale e ka ba ho loketseng hore ho etsoe liphetoho tse itseng? (1 Tim. 4:8) Ho ka botsoa potso e tšoanang ka ho qeta nako le beng ka motho. Ke ntho e utloahalang hore banyalani ba hloka nako e le hore ba ka etsa lintho tsa moea le lintho tse ling hammoho.—Mat. 6:33.
10. Ho ba ba tenyetsehang ho tla thusa batsoali le bana ba bona ba lenyalong joang hore ba be le likamano tse ntle?
10 Ha monna a nyala, o siea ntate oa hae le ’mè oa hae, ’me ho ka boleloa se tšoanang le ka mosali. (Bala Genese 2:24.) Ho ntse ho le joalo, tataiso ea Molimo ea hore motho a hlomphe ntate oa hae le ’mè oa hae, ha e fane ka sekepele sa nako. Kahoo, le ka mor’a hore batho ba nyalane, ho ka etsahala hore ba tla ’ne ba qete nako le batsoali le ba habo bona. Monna e mong ea nang le lilemo tse 25 a nyetse o re: “Ka linako tse ling ho thata hore motho a hlokomele litabatabelo le litlhoko tse sa tšoaneng tsa molekane oa hae hammoho le tsa batsoali le bana babo le tsa ba habo molekane oa hae. Ha ke etsa qeto ea hore na nka sebetsa taba ena joang hamolemo, ke fumane Genese 2:24 e thusa. Motho o lokela ho tšepahalla litho tse ling tsa lelapa ebile o na le boikarabelo ba ho li thusa, empa temana ena e ile ea mpontša hore ho tšepahalla molekane oa ka ho tla pele.” Ka lebaka leo, batsoali ba Bakreste ba tenyetsehang ba tla ela hloko taba ea hore bana ba bona ba lenyalong joale e se e le lelapa leo monna e leng eena ea ikarabellang bakeng sa ho le tataisa.
11, 12. Ke hobane’ng ha thuto ea lelapa le thapelo e le tsa bohlokoa ho banyalani?
11 Ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea lelapa hoa hlokahala. Malapa a mangata a Bakreste a fumane hore ho fela ho le joalo. Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho qalisa thuto e joalo kapa ho etsa hore e lule e ntse e tsoela pele. Hlooho e ’ngoe ea lelapa e re: “Haeba ho ne ho ka thoe re khutlele morao re e’o lokisa ho hong, re ne re tla etsa bonnete ba hore re khomarela kemiso ea rōna ea thuto ea lelapa ho tloha qalong feela ea lenyalo la rōna.” Oa phaella: “Ke mpho e babatsehang ho bona hore na mosali oa ka o thaba hakaakang ha ho e-na le leshoetla la moea leo re le fumanang ha re ntse re ithuta hammoho.”
12 Ho rapela hammoho ke thuso e ’ngoe. (Bar. 12:12) Ha monna le mosali ba rapela Jehova ba kopane, kamano ea bona le Molimo e ka matlafatsa tlamahano ea bona ea lenyalo. (Jak. 4:8) Monna e mong oa Mokreste oa hlalosa: “Ho potlakela ho kōpa tšoarelo ka liphoso tse etsahetseng le ho bolela liphoso tseo ha re rapela hammoho ke tsela ea ho bontša hore motho o fela a soabetse esita le phoso e nyenyane e bakang sekhopi.”—Baef. 6:18.
E-ba ea Tenyetsehang Lenyalong
13. Pauluse o fane ka keletso efe mabapi le likamano tse haufi-ufi tsa lenyalo?
13 Bakreste ba nyalaneng ba lokela ho qoba mekhoa e tlosang likamano tsa lenyalo seriti, e kang e tloaelehileng lefatšeng la kajeno le hlanyetsang ho kopanela liphate. Mabapi le taba ena, Pauluse o ile a eletsa: “Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae. Mosali ha a sebelise matla holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo monna oa hae; ka ho tšoanang, monna ha a sebelise matla holim’a ’mele oa hae, empa ho etsa joalo mosali oa hae.” Joale Pauluse o ile a fana ka taelo ena e hlakileng: “Le se ke la hanelana ka eona, haese ka tumellano ka nako e behiloeng.” Hobane’ng? “E le hore le ka ba le nako ea ho rapela ’me le be hammoho hape, e le hore Satane a se ke a ’na a le leka ka lebaka la ho hloka boitšoaro ha lōna.” (1 Bakor. 7:3-5) Ha a bua ka thapelo, Pauluse o bontša hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba Mokreste. Empa o ile a boela a hlakisa hore Mokreste e mong le e mong ea lenyalong o lokela ho nahanela seo molekane oa hae a se hlokang nameng le maikutlong.
14. Melao-motheo ea Mangolo e sebetsa joang tabeng ea likamano tse haufi-ufi lenyalong?
14 Monna le mosali ba lokela ho phetlelana lifuba ’me ba hlokomele hore haeba ba sa nahanelane kamanong ea bona e haufi seo se ka baka mathata. (Bala Bafilipi 2:3, 4; bapisa Matheu 7:12.) Ho bonahetse hore sena ke ’nete malapeng a mang a arohaneng bolumeling. Le haeba ho e-na le ho se lumellane, hangata Mokreste a ka ntlafatsa maemo ka boitšoaro ba hae bo botle, mosa le ho ba le tšebelisano-’moho. (Bala 1 Petrose 3:1, 2.) Ho rata Jehova le ho rata molekane, hammoho le ho ba le moea oa ho tenyetseha, ho tla thusa karolong ena ea lenyalo.
15. Tlhompho e phetha karolo efe lenyalong le nang le thabo?
15 Le maemong a mang, monna ea mosa o tla tšoara mosali oa hae ka tlhompho. Ho tea mohlala, o tla nahanela maikutlo a hae esita le linthong tse nyenyane. Monna e mong ea nang le lilemo tse 47 a nyetse o re: “Tabeng ena ke sa ntse ke ithuta.” Basali ba Bakreste ba eletsoa hore ba be le tlhompho e tebileng ho banna ba bona. (Baef. 5:33) Ho bua hampe ka banna ba bona, ho pepesa mefokolo ea bona ka pel’a ba bang ho hang ha ho bontše tlhompho. Liproverbia 14:1 ea re hopotsa: “Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae, empa oa leoatla o e heletsa ka matsoho a hae.”
Le se ke la Inehela ho Diabolose
16. Banyalani ba ka sebelisa Baefese 4:26, 27 joang lenyalong la bona?
16 “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Haeba re mamela mantsoe ana, a ka re thusa ho rarolla likhohlano lenyalong kapa ho li qoba. Morali e mong oabo rōna o re: “Ha ke hopole re ba le ho se lumellane hoo re sa kang ra ho rarolla le monna oa ka le haeba hoo ho ne ho bolela hore re tla qeta lihora re ntse re leka ho rarolla bothata boo.” Ha ba qeta ho nyalana, eena le monna oa hae ba ile ba etsa qeto ea hore letsatsi le se ke la feta ba sa rarolla liphapang tsa bona. “Re ile ra etsa qeto ea hore, ho sa tsotellehe hore na bothata e ne e le bofe, re lokela ho tšoarelana le ho lebala ka bothata boo e le hore re qale letsatsi le latelang hantle.” Ka tsela eo ha baa ka ba “lumella Diabolose sebaka.”
17. Esita le haeba banyalani ba bonahala ba sa tšoanelane ke eng e ka thusang?
17 Empa ho thoe’ng haeba u nyalane le motho eo le sa tšoanelaneng? U ka ’na ua iphumana u le lenyalong leo ho bonahalang le sa bontše lerato joaloka manyalo a batho ba bang. Ho ntse ho le joalo, ho hopola hore na ’Mōpi o talima tlamo ea lenyalo joang, ho tla u thusa. A le tlas’a pululelo, Pauluse o ile a eletsa Bakreste: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheb. 13:4) Mantsoe ana ha aa lokela ho hlokomolohuoa: “Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.” (Moek. 4:12) Haeba monna le mosali ba amehile ka ho teba ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, bobeli ba bona ba tla tlamahana ba be ba tlamahane le Molimo. Ba lokela ho ikitlaelletsa hore lenyalo la bona le atlehe, ba tseba hore seo se tla hlahisa Jehova hantle, e leng eena Mothehi oa lenyalo.—1 Pet. 3:11.
18. Ke eng eo u ka kholisehang ka eona mabapi le lenyalo?
18 Ka sebele ke ntho e ka etsahalang hore Bakreste ba fumane thabo lenyalong. Seo se hloka hore ba etse boiteko le hore ba bonahatse litšobotsi tsa Bokreste, tseo e ’ngoe ea tsona e leng ho tenyetseha. Kajeno, ka hare ho liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ho na le banyalani ba se nang palo ba bontšang hore sena se ka etsahala.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha ho batla ho fumana thabo lenyalong ho ke ke ha thoe ke ntho e sa utloahaleng?
• Ke eng e ka thusang hore lenyalo le atlehe?
• Ho hlokahala hore banyalani ba hōlise litšobotsi life?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka bohlale banyalani baa buisana pele ba amohela memo kapa ba laetsana le motho
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Etsang boiteko ba ho rarolla liphapang letsatsing lona leo, le se ke “la lumella Diabolose sebaka”