Kamoo Sehlopha se Busang se Hlophisitsoeng Kateng
SEHLOPHA se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se entsoe ka banna ba inehetseng bao e leng bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng. Ba sebetsa e le baemeli ba sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, leo boikarabelo ba lona e leng ho fana ka lijo tsa moea le tataiso le ho matlafatsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara.—Mat. 24:14, 45-47.
Liboka tsa Sehlopha se Busang li tšoaroa beke le beke, hangata e ba ka Laboraro. Sena se thusa bara bana babo rōna hore ba sebetse hammoho ba le bonngoeng. (Pes. 133:1) Litho tsa Sehlopha se Busang li boetse li sebeletsa likomiting tse fapa-fapaneng. Ha e ntse e hlokomela lintho tse amanang le ’Muso, komiti ka ’ngoe e na le likarolo tsa mosebetsi tseo e li hlokometseng, joalokaha ho hlalositsoe ka bokhutšoanyane ka tlaase.
◼ KOMITI EA BAHOKAHANYI: Komiti ena e entsoe ka bahokahanyi ba likomiti tse ling tsa Sehlopha se Busang le ka mongoli eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang. E etsa bonnete ba hore likomiti tsohle li sebetsa hantle ho se tšitiso ea letho. E boetse e sebetsana le maemo a maholo a tšohanyetso, mahloriso, likoluoa le litaba tse ling tse potlakileng tse amang Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle.
◼ KOMITI EA BASEBETSI: Barab’abo rōna ba komiting ena ba ikarabella ka ho hlokomela litho tsa lelapa la Bethele lefatšeng lohle, nameng le moeeng le ka litsela tse ling. Komiti ena e ikarabella ka ho khetha le ho mema litho tse ncha tsa malapa a Bethele ebile e araba lipotso mabapi le tšebeletso ea tsona ea Bethele.
◼ KOMITI EA KHATISO: Komiti ena e ikarabella ka ho hatisa, ho phatlalatsa le ho romela lingoliloeng tsa Bibele lefatšeng lohle. E ikarabella ka litsi tsa khatiso le thepa e sebelisoang ke mekhatlo e sa tšoaneng e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Komiti ena e lokisetsa hore lichelete tse nehetsoeng bakeng sa mosebetsi oa ’Muso oa lefatše lohle li sebelisoe hamolemo haholo.
◼ KOMITI EA TŠEBELETSO: Ba komiting ena ba ikarabella ka mosebetsi oa ho bolela le ka litaba tse amang liphutheho, bo-pula-maliboho, baholo le balebeli ba tsamaeang. E ikarabella ka ho hlophisa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le ka ho mema liithuti tsa Sekolo sa Gileade le tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ’me hamorao e ba fa likabelo ha ba se ba fumane mangolo.
◼ KOMITI EA THUTO: Komiti ena e ikarabella ka thupelo e fanoang likopanong tse khōlō le tse nyenyane le libokeng tsa phutheho. E hlophisa mananeo a thupelo ea moea bakeng litho tsa lelapa la Bethele ebile e ikarabella ka likolo tse fapa-fapaneng, tse kang Sekolo sa Gileade le Sekolo Tšebeletso sa Bopula-maliboho, hammoho le ho hlophisoa ha mananeo a lintho tse mameloang le tse shebelloang.
◼ KOMITI EA BONGOLI: Boikarabelo ba komiti ena ke ho hlophisa ho ngoloa ha lijo tsa moea, ho li phatlalatsa le ho li abela balumeli-’moho le rōna le batho ka kakaretso. Komiti ena e araba lipotso tsa Bibele ’me lingoliloeng tse kang tšoantšiso le lipuo li feta ho eona. E boetse e ikarabella ka mosebetsi oa phetolelo o etsoang lefatšeng lohle.
Moapostola Pauluse o ile a tšoantša phutheho ea batlotsuoa le ’mele oa motho a ba a bontša bohlokoa ba setho ka seng le kamoo litho li hlokanang kateng, kamoo li ratanang kateng le kamoo li sebelisanang kateng ha li etsa mosebetsi oo li o filoeng ke Molimo. (Bar. 12:4, 5; 1 Bakor. 12:12-31) Hlooho, e leng Jesu Kreste, o fa litho tsa ’mele seo li se hlokang e le hore li tsebe ho sebelisana hantle, li hokahane hantle ebile o li fepa moeeng. (Baef. 4:15, 16; Bakol. 2:19) Ka tsela ena, Sehlopha se Busang se hlophisitsoe hore se etelle pele ha Jehova a ntse a se tataisa ka moea o halalelang.