Taba ea Noe le Moroallo—Ke ’Nete, Hase Tšōmo Feela
NA U labalabela hore lefatše le ntlafale—e be lefatše leo ho lona batho ba phelang ka khotso? lefatše le se nang ntoa, bokebekoa le khatello? Haeba ho joalo, tlaleho ea ’nete eo e ka ’nang eaba ua e tseba, e tla u tiisa moko. Ke tlaleho ea Noe, eo e neng e le monna ea lokileng e le kannete ea ileng a haha areka e ileng ea mo pholosa, ea pholosa le ba lelapa la hae moroallong o ileng oa timetsa batho ba khopo.
Pale ena e tsebahala haholo. Tlaleho ea se etsahaletseng Noe e hlaha ka Bibeleng bukeng ea Genese, khaolo ea 6 ho ea ho 9, ’me e hlaha le ho Koran le litšōmong tsa lichaba tse ngata lefatšeng lohle. Na Moroallo o ile oa fela oa ba teng kapa e mpa e le tšōmo feela e khothalletsang batho ho etsa se nepahetseng? Litsebi tsa thuto ea bolumeli le bo-rasaense ba ’nile ba phea khang ka potso ena ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, Bibele, e leng Lentsoe la Molimo, ha e hlathe koana le koana—e bontša hore tlaleho ena ke ’nete, hase tšōmo feela. Mabaka a eona ke ana:
Genese e re bolella ka ho toba selemo, khoeli le letsatsi leo Moroallo o qalileng ka lona, le hore na areka e ile ea lula hokae hona neng, hammoho le hore na lefatše le ile la oma neng. Lintlha tse mabapi le areka li toba taba—polane ea eona, tekanyo ea eona le thepa e ileng ea sebelisoa ho e haha. Leha ho le joalo, hangata litšōmo ha li hlalose taba ena ka ho qaqileng.
Litlaleho tse peli tse ka Bibeleng tse thathamisang maloko li bontša hore Noe o kile a phela. (1 Likronike 1:4; Luka 3:36) Esdrase le Luka, ba ngotseng litlaleho tseo, ba ile ba batlisisa ka hloko pele ba li ngola. Luka o ile a latellisa leloko la Jesu Kreste ho ea fihla ho Noe.
Moprofeta Esaia, moprofeta Ezekiele, moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ile ba bua ka Noe kapa ka Moroallo.—Esaia 54:9; Ezekiele 14:14, 20; Baheberu 11:7; 1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 2:5.
Jesu Kreste o ile a bua ka Moroallo, a re: “Feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe, ho tla ba joalo le matsatsing a Mor’a motho: ba ne ba ja, ba ne ba noa, banna ba ne ba nyala, basali ba ne ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo ha Noe a kena ka arekeng, ’me moroallo o fihla ’me o ba timetsa kaofela.” (Luka 17:26, 27) E ne e tla ba ntho e sa utloahaleng hore Jesu a bue ka ‘matsatsi a Mor’a motho’ haeba Moroallo o ne o sa ka oa ba teng.
Moapostola Petrose o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le “basomi” ba neng ba tla soma se boleloang ke Bibele. Petrose o ile a re: “Ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore . . . lefatše la nakong eo [ea Noe] le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” Na re lokela ho hlokomoloha “’nete” ee? Che! Petrose o tsoela pele o re: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 3:3-7.
Molimo o tla boela a timetse ba khopo, ’me le lekhetlong leo ho na le batho ba tla pholoha. Ha re etsisa mohlala oa Noe, re ka ba har’a ba lokileng ba tla pholosetsoa lefatšeng le letle.