Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 7/1 leq. 21
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 7/1 leq. 21

Re U Lome Tsebe?

Ho Baefese 2:11-15, na moapostola Pauluse o ne a bua ka lerako la sebele le neng le arotse Bajuda le Balichaba?

Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baefese o ile a bontša phapang ea Baiseraele le “basele.” O ile a re ho ne ho e-na le “lerako” le neng ‘le entse motero o arolang’ lihlopha tseo tse peli. (Baefese 2:11-15) Pauluse o ne a bua ka “Molao oa litaelo” o neng o fanoe ka Moshe, empa ho ka etsahala hore ebe ha a bua ka “lerako” lengolong la hae, ba le balang ba ile ba nahana lerako la sebele le neng le le teng.

Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, tempele ea Jehova e Jerusalema e ne e e-na le mabala a ’maloa ao ho ’ona ho neng ho sa kene batho bohle. Mang kapa mang o ne a ka kena Lebaleng la Balichaba, empa mabaleng a mang a tempele ho ne ho kena Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. Lerako le majabajaba la majoe leo ho thoeng le ne le ka ba bophahamo ba limithara tse 1,3, le bitsoang Soreg, le ne le arola libaka tseo ho tsona ho kenang mang le mang le tseo e seng mang le mang ea kenang ho tsona. Rahistori oa Mojuda oa lilemong tsa bo-200 ea bitsoang Flavius Josephus o re lerakong lena ho ne ho ngotsoe mongolo oa Segerike le oa Selatine o lemosang Balichaba hore ba se ke ba tlōla lerako leo eaba ba kena mabaleng a halalelang.

Ho fumanoe mantsoe a mang a Segerike a feletseng a neng a ngotsoe lerakong lena. A re: “Ho se ke ha e-ba le molichaba ea tla kena ka har’a lerako le lekhoakhoa le pota-potileng sehalalelo. Mang kapa mang ea kenang o tla bolaoa.”

Kamoo ho bonahalang kateng, Pauluse o ile a sebelisa Soreg ho tšoantšetsa selekane sa Molao oa Moshe, seo ka nako e telele se neng se arotse Bajuda le Balichaba. Lefu la Jesu la sehlabelo le ile la felisa selekane sa Molao, kahoo la “senya lerako le lipakeng” tsa lichaba tseo.

Ke hobane’ng ha hangata ho buuoa ka meloko e 12 ea Iseraele empa ha e le hantle e ne e le 13?

Meloko kapa malapa a Iseraele a ne a tsoa ho bara ba Jakobo, eo lebitso la hae le ileng la fetoloa hore e be Iseraele. Hlooho ena ea lelapa e ne e e-na le bara ba 12—e leng Rubene, Simeone, Levi, Juda, Dane, Nefthali, Gade, Ashere, Isakare, Zabulone, Josefa le Benjamine. (Genese 29:32–30:24; 35:16-18) Ho ile ha rehelloa meloko ka ba 11 ba bona, empa ha ho moloko o ileng oa rehelloa ka Josefa. Ho e-na le hoo, ho ile ha rehelloa meloko e ’meli ka bara ba hae, e leng Efraime le Manase, ba neng ba nkoa e le lihlooho tsa meloko eo. Kahoo, meloko ea Iseraele e ne e le 13. Joale, ke hobane’ng ha hangata Bibele e bua ka meloko e 12?

Ho Baiseraele, banna ba moloko oa Levi ba ne ba khethetsoe ho sebeletsa tabernakeleng ea Jehova ’me hamorao ba khetheloa ho sebeletsa tempeleng. Kahoo, ba ne ba lokolotsoe hore ba se ke ba ea sesoleng. Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke moloko oa Levi feela oo u ke keng ua o ngolisa, ’me u se ke ua o bala har’a bara ba Iseraele. U khethe Balevi hore ba okamele tabernakele ea Bopaki le lisebelisoa tsohle tsa eona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea eona.”​—Numere 1:49, 50.

Balevi ba ne ba boetse ba sa fuoa sebaka Naheng e Tšepisitsoeng. Ho e-na le hoo, ba ne ba fuoe metse e 48 e neng e qhalakane sebakeng sohle sa Iseraele.​—Numere 18:20-24; Joshua 21:41.

Ka mabaka ao a mabeli, ho ne ho sa tloaeleha hore leloko la Levi le kenyelletsoe ha ho thathamisoa meloko ea Iseraele. Ke kahoo hangata ho neng ho thoe meloko ea Iseraele e 12.​—Numere 1:1-15.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Archaeological Museum of Istanbul

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela