Bakreste ba Pele le ho Ngoloa ha Litaba Tse ka Mangolong a Halalelang Tseo Pele li Neng li Builoe ka Molomo
BALUMELI ba bangata ba qetile nako e ngata ba bala, ba ithuta, ba bile ba hlahloba tse ling tsa lingoliloeng tse tsebahalang ka ho fetisisa—e leng Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa seo ba bangata ba reng ke Testamente e Ncha. Mangolo ao, hammoho le Bibele eohle, a susumelitse batho haholo, a susumetsa melao ea boitšoaro le bangoli ba libuka le batho ba etsang litšoantšo. Ka holim’a tsohle, a thusitse batho ba limilione—mohlomong le uena—hore ba fumane tsebo e nepahetseng ka Molimo le ka Jesu.—Johanne 17:3.
Likosepele le Mangolo a mang a Segerike a Bakreste ha aa ngoloa hang ka mor’a lefu la Jesu. Ho bonahala eka Matheu o ngotse Kosepele ea hae lilemo tse ka bang 7 kapa 8 ka mor’a lefu la Jesu, ’me Johanne eena a ngola ea hae lilemo tse ka bang 65 ka mor’a lona. Ba ile ba khona joang ho tlaleha mantsoe a Jesu le liketso tsa hae ka mokhoa o nepahetseng? Ho hlakile hore moea o halalelang oa Molimo o ile oa ba tataisa. (Johanne 14:16, 26) Empa, lithuto tsa Jesu li ile tsa fetisoa joang ka nepo hore li qetelle e le karolo ea Mangolo a Halalelang?
Na “ba ne ba sa Tsebe ho Bala le ho Ngola”?
Nakong ea lilemo tse lekholo tse fetileng, ba bang ba boletse hore mohlomong barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba sa ngole fatše lithuto le liketso tsa hae empa ba ne ba li fetisa ka molomo. Ka mohlala, setsebi se seng se re: “Bangoli ba Likosepele ba ngotse mantsoe a Jesu lilemo tse mashome a ’maloa ka mor’a hore a etse tšebeletso ea hae mona lefatšeng. Ka nako eo litaba tsa Jesu li ne li boleloa ka molomo.” Babatlisisi ba bang ba bile ba re e ka ’na eaba barutuoa ba pele ba Jesu “ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola.”a Ho feta moo, ba re lilemong tseo tse mashome ha ho ne ho fetisoa litaba ka molomo, litaba tse mabapi le tšebeletso ea Jesu li ile tsa eketsoa, tsa fetoloa, kapa tsa hlomathisoa. Ba bolela hore ka lebaka leo litaba tseo hase tsa ’nete.
Litsebi tse ling li lumela hore e ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba neng ba le haufi le eena ba Bajuda ba ne ba latela mokhoa oa bo-rabi oa ho ruta—e leng oa ho tšoara litaba ka hlooho ka ho li pheta-pheta—o ileng oa etsa hore litaba tse fetisoang ka molomo li fetisoe ka nepo. Na barutuoa ba ne ba itšetlehile feela ka seo ba se boleletsoeng ka molomo? Kapa na tlaleho ea tšebeletso ea Jesu e ile ea bolokoa ka hore e ngoloe? Ha re lomahanye meno, empa ho ka etsahala hore ebe tlaleho eo e ile ea ngoloa.
Ho Ngola ho ne ho Tloaelehile
Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, batho ba mefuta eohle ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. Tabeng ena, moprofesa oa lipuo tsa Seheberu le tsa Sejuda sa boholo-holo ea bitsoang Alan Millard, o ile a re: “Ho ne ho tloaelehile hore batho ba ngole ka Segerike, Searame le Seheberu ’me batho ba maemo ’ohle ba ne ba tseba ho ngola lipuo tsena.” O eketsa ka ho re: “Jesu o ne a etsa mosebetsi oa hae har’a batho ba mofuta oo.”
Mabapi le taba ea hore Likosepele li “ngotsoe ke batho ba neng ba sa tsebe ho bala le ho ngola,” Moprofesa Millard o re: “Ho ke ke ha etsahala, hobane hohle batho ba ne ba tseba ho ngola . . . Ka lebaka leo, hangata ho ne ho e-ba le batho ba neng ba ka ngola seo ba se utloileng, ebang ba ingolla sona kapa ba se ngolla ba bang.”
Ho bonahala eka matlapa a tlotsitsoeng ka boka ao ho neng ho ngolloa ho ’ona a ne a fumaneha habonolo ’me a ne a ka sebelisoa bakeng sa ho ngola. Mohlala oa sena o fumanoa khaolong ea pele ea Luka. Zakaria, eo ka nakoana a ileng a sitoa ho bua, o ile a botsoa hore na o reha mora oa hae lebitso lefe. Temana ea 63 e re: “Eaba o kōpa letlapa [mohlomong a bua ka matsoho] ’me oa ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’” Libuka tse hlalosang mantsoe a ka Bibeleng li re mohlomong lentsoe “letlapa” le ne le bolela lepolanka leo ho ngolloang ho lona leo ho ka etsahalang hore ebe le ne le tlotsitsoe ka boka. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le motho ea nkileng lepolanka le joalo leo ho ngolloang ho lona, leo Zakaria a neng a ka le sebelisa.
Mohlala o mong o bontša hore ka ho hlakileng mehleng eo mapolanka ao ho ngolloang ho ’ona a ne a tsejoa a bile a sebelisoa. Bukeng ea Liketso, re bala hore Petrose o ne a bua le letšoele mabaleng a tempele a re ho lona: “Bakang . . . libe tsa lōna li hlakoloe.” (Liketso 3:11, 19) Mantsoe a reng ‘li hlakoloe’ a tsoa leetsing la Segerike le bolelang “ho phumola, ho tlosa.” The New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Ho ka etsahala hore leetsi lena le sebelisitsoeng mona ’me mohlomong le sebelisitsoe le libakeng tse ling le bolela ho phumola letlapa le tlotsitsoeng ka boka hore ho boele ho ngolloe ho lona.”
Likosepele li boetse li bontša hore balateli ba Jesu le batho ba neng ba mo mametse e ne e le batho bao mohlomong mosebetsi oa bona oa letsatsi le letsatsi o neng o hloka hore ba ngole. Ka mohlala, ho ne ho e-na le babokelli ba lekhetho, e leng Matheu le Zakiase (Matheu 9:9; Luka 19:2); molaoli oa synagoge (Mareka 5:22); molaoli oa lebotho (Matheu 8:5); Joanna, mosali oa molaoli ea phahameng ea tlas’a taolo ea Heroda Antipase (Luka 8:3); esita le bangoli, Bafarisi, Basaduse, le litho tsa Sanhedrine. (Matheu 21:23, 45; 22:23; 26:59) Ha ho pelaelo hore ba bang ba baapostola ba Jesu le barutuoa ba hae, haeba e se kaofela ha bona, ba ne ba tseba ho ngola.
E ne e le Liithuti, Matichere le Bangoli
E le hore barutuoa e be matichere a Bakreste, ho ne ho sa hlokahale feela hore ba tsebe seo Jesu a se buileng le ho se etsa empa hape ho ne ho hlokahala hore ba utloisise kamoo Kreste a neng a phethahatsa Molao le boprofeta bo Mangolong a Seheberu. (Liketso 18:5) Hoa thahasellisa hore ebe Luka o tlaleha hore Jesu o ile a kopana le ba bang ba barutuoa ba hae nakoana ka mor’a hore a tsohe bafung. Jesu o ile a etsa joang? “Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.” Nako e seng kae ka mor’a moo, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “‘Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lōna, hore lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.’ Joale a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:27, 44, 45) Hamorao, barutuoa ba ile “ba hopola” seo Jesu a neng a ba rutile sona.—Johanne 12:16.
Litemana tsena li bontša hore e ka ’na eaba baapostola le barutuoa ba ile ba ikitlaetsa ho batlisisa le ho ithuta Mangolo e le hore ba ka utloisisa ka botlalo seo ba se boneng le seo ba se utloileng mabapi le Morena oa bona, Jesu Kreste. (Luka 1:1-4; Liketso 17:11) Tabeng ena, Harry Y. Gamble, eo e leng moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Virginia, o re: “Ha ho pelaelo hore ho tloha ha Bokreste bo qaleha, ho ne ho e-na le Bakreste, kapa lihlopha tsa bona, ba neng ba ikitlaelletsa ho ithuta ka botebo le ho hlalosa mangolo a Bajuda, ebe ba batla bopaki bo tšehetsang lintho tseo Bakreste ba li lumelang ’me ba sebelisa mangolo ao mosebetsing oa bona oa ho ruta ba bang.”
Sena sohle se bontša hore ho e-na le hore barutuoa ba pele ba Jesu ba itšetlehe feela ka seo ba se boleletsoeng ka molomo, ba ne ba ithuta haholo, ba bala ba bile ba ngola. E ne e le liithuti, matichere le bangoli. Ka holim’a tsohle, e ne e le batho ba nang le kamano e haufi le Molimo ba tšepileng moea o halalelang hore o ba tataise. Jesu o ile a ba tiisetsa hore “moea oa ’nete” o ne o tla ‘ba hopotsa lintho tsohle tseo a ba boleletseng tsona.’ (Johanne 14:17, 26) Moea o halalelang oa Molimo o ile oa ba thusa ho hopola le ho ngola lintho tseo Jesu a li entseng le tseo a li buileng, esita le litaba tse ngata tseo a ileng a li bua, tse kang Thuto ea Thabeng. (Matheu, khaolo 5-7) Hape moea o ile oa tataisa ba ileng ba ngola Likosepele hore ba tlalehe kamoo Jesu a neng a ikutloa kateng ka linako tse ling le seo a ileng a se bua ha a rapela.—Matheu 4:2; 9:36; Johanne 17:1-26.
Ka lebaka leo, le hoja ho se pelaelo hore ba ileng ba ngola Likosepele ba ne ba bolelloa litaba ka molomo ba bile ba ipalla tsona, lintho tseo ba li tlalehileng li ne li tsoa ho motho ea tšepahalang le ea phahameng ka ho fetisisa—e leng Jehova Molimo. Kahoo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo” ’me le ka re ruta la ba la re tataisa hore re etse lintho tse mo thabisang.—2 Timothea 3:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Balateli ba Jesu ba ne ba akarelletsa batho bao mohlomong mosebetsi oa bona oa letsatsi le letsatsi o neng o hloka hore ba ngole
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Moea o halalelang oa Molimo o ile oa thusa barutuoa ba pele ba Jesu ho hopola le ho ngola lintho tseo a li entseng le tseo a li buileng
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na Baapostola ba ne ba sa Tsebe ho Bala le ho Ngola?
Ha babusi le banna ba hōlileng ba Jerusalema “ba bona Petrose le Johanne ba bua ka ho toba, ’me ba lemoha hore e ne e le batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng, ba makala.” (Liketso 4:13) Na ruri baapostola ba ne ba sa ruteha, kapa ba sa tsebe ho bala le ho ngola? Ha e bua ka sena, The New Interpreter’s Bible e re: “Ha rea lokela ho nka hore mantsoe ana a hlile a bolela hore Petrose [le Johanne] ba ne ba sa ruteha ’me ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola. A mpa a bontša hore maemo a batho ba neng ba ahlola baapostola a ne a fapane le a bona haholo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
“Eaba o kōpa letlapa ’me oa ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne’”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Letlapa le tlotsitsoeng ka boka le lintho tse ngolang tse neng li sebelisoa ho tloha ka bo-1 C.E. ho fihlela ka bo-100 C.E. kapa ho tloha ka bo-100 C.E. ho fihlela ka bo-200 C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© British Museum/Art Resource, NY