Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 9/1 leq. 18
  • “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Selelekela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Molimo o re Tšelisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 9/1 leq. 18

Atamela ho Molimo

“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

2 Bakorinthe 1:3, 4

HO NA le lintho tse ngata bophelong​—tse kang ho utloa bohloko, ho soetseha le ho jeoa ke bolutu—​tse ka bakelang motho masoabi esita le ho hloka tšepo. Linakong tse joalo u ka ’na ua ipotsa, ‘Nka fumana thuso hokae?’ Mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho 2 Bakorinthe 1:3, 4 a bontša mohloli o sa feleng oa matšeliso​—e leng Jehova Molimo.

Temaneng ea 3, Molimo o bitsoa “Ntate oa mehauhelo e bonolo.” Seo se bolela’ng? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mehauhelo e bonolo” le ka fetisa mohopolo oa ho qenehela ba utloang bohloko.a Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso bo eketsehileng ka Bibele e re lentsoe lena le ka fetoleloa e le “ho utloela bohloko” kapa “ho tsotella haholo.” “Mehauhelo e bonolo” ea Molimo e mo susumelletsa hore a nke khato. Ho tseba tšobotsi ena ea botho ba Molimo ho etsa hore re batle ho atamela ho eena, na ha ho joalo?

Pauluse o boetse o bitsa Jehova “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Mona Pauluse o sebelisa lentsoe leo hangata le akarelletsang “mohopolo oa ho tšelisa ea mathateng kapa ea saretsoeng le mohopolo oa ho fana ka thuso e tobileng kapa ho khothatsa.” The Interpreter’s Bible e re: “Ha re tšelisa motho ea utloang bohloko re etsa hore a be le sebete sa ho mamella bohloko boo.”

U ka ’na ua botsa, ‘Molimo o re tšelisa joang, ’me o re fa sebete sa hore re mamelle bohloko ba rōna joang?’ O etsa sena haholo-holo ka Lentsoe la hae, Bibele, le ka mpho ea thapelo. Pauluse o re bolella hore ka lerato Molimo o re fa Lentsoe la Hae e le hore “ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Ho ekelletsa moo, ha re rapela ka pelo eohle, re ka ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”​—Baroma 15:4; Bafilipi 4:7.

Jehova o tšelisa batho ba hae ho isa bohōleng bofe? Pauluse o re Molimo o ‘re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.’ (2 Bakorinthe 1:4) Ho sa tsotellehe likhatello, ho sithabela, kapa bohloko boo re ka ’nang ra bo utloa, Molimo a ka re fa sebete se hlokahalang le matla a hore re mamelle. Na see hase se khothatsang?

Matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona ha a felle ho motho ea a amohelang feela. Pauluse o tsoela pele ho re Molimo oa re tšelisa “e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” Kahobane re tšelisitsoe ha re le matšoenyehong, re khona ho qenehela ba bang ’me re susumelletseha ho thusa ba hlokang.

Le hoja Jehova e le “Molimo oa matšeliso ’ohle,” seo ha se bolele hore o felisa mathata a rōna kapa bohloko boo re bo utloang. Empa re ka kholiseha ka sena: Haeba re retelehela ho eena hore a re tšelise, a ka re matlafatsa hore re mamelle masoabi kapa bothata leha e le bofe bo ka bang teng bophelong. Ruri Molimo ea nang le kutloelo-bohloko tjena oa tšoaneleha hore re mo sebeletse le hore re mo rorise.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Molimo o bitsoa “Ntate [kapa, mohloli] oa mehauhelo e bonolo” hobane qenehelo e tsoa ho eena ebile ke tšobotsi ea botho ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela