Re U Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha Sabatha ea Bajuda e ne e qala mantsiboea?
Ha Jehova a fa batho ba hae molao o amanang le Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, o ile a re: “Le se ke la etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe letsatsing lona lena . . . Ke sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa lōna . . . Le lokela ho boloka sabatha ea lōna ho tloha mantsiboea a mang ho isa ho a mang.” (Levitike 23:28, 32) Taelo ena e ne e fana ka maikutlo a hore letsatsi ka leng le qala mantsiboea, ka mor’a hore letsatsi le likele, ’me le fela ha letsatsi le latelang le likela. Kahoo letsatsi la Bajuda le ne le qala mantsiboea ’me le fela mantsiboeeng a latelang.
Mokhoa ona oa ho bala matsatsi o ne o latela mohlala o behiloeng ke Molimo. Tlaleho e buang ka letsatsi la pele la tšoantšetso leo lintho li bōpiloeng ka lona, e re: “Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la pele.” “Matsatsi” a latelang le ’ona a baloa ka tsela e tšoanang, ho tloha “mantsiboea.”—Genese 1:5, 8, 13, 19, 23, 31.
Hase Bajuda feela ba neng ba bala matsatsi ka tsela ena. Baathene, Banumidia le Bafoenisia ba ne ba a bala ka mokhoa o tšoanang. Bababylona bona ba ne ba nka hore letsatsi le lecha le qala ha letsatsi le chaba, athe Baegepeta le Baroma ba ne ba bala matsatsi a bona ho tloha ka khitla ho fihlela ka khitla, joalokaha ho tloaelehile kajeno. Leha ho le joalo, Sabatha ea Bajuda ba mehleng ena e ntse e qala mantsiboea ’me e fela mantsiboeeng a letsatsi le hlahlamang.
“Leeto la letsatsi la sabatha” le ne le le bohōle bo bokae?
Ka mor’a hore barutuoa ba bone ha Jesu a nyolohela leholimong ba le Thabeng ea Mehloaare, ba ile ba khutlela Jerusalema, e neng e le “bohōle ba leeto la letsatsi la sabatha.” (Liketso 1:12) Mohlomong ka letsatsi motho o ne a ka tsamaea lik’hilomithara tse 30 kapa ho feta moo. Empa Thaba ea Mehloaare e haufi le Jerusalema. Kahoo, “leeto la letsatsi la sabatha” le ne ne le le bohōle bo bokae?
Sabatha e ne e le letsatsi leo ka lona Baiseraele ba neng ba lokela ho phomola mesebetsing ea bona e tloaelehileng. Letsatsing leo ba ne ba sa lokela le ho besa mollo malapeng a bona. (Exoda 20:10; 35:2, 3) Jehova o ile a ba laela, a re: “Le ’ne le lule e mong le e mong sebakeng sa hae. Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tsoang sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” (Exoda 16:29) Molao ona o ne o tla fa Baiseraele monyetla oa hore ba phomole mesebetsing ea bona e tloaelehileng ’me ba ele hloko haholoanyane lintho tse amanang le borapeli.
Kaha bo-rabi ba ne ba amehile ka ho khomarela melao le litaelo ’me ba sa khotsofalla melao-motheo e behiloeng ke Molao oa Jehova, ba ile ba beha melao e tobileng ebile e le e batlang e hatella ea hore na motho o lokela tsamaela hōle hakae ka Sabatha, mohlomong ha a e-ea tšebeletsong ea borapeli. Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature e re ka taba ena: “Ka lebaka la melao e thata e amanang le ho boloka Sabatha . . . , ho ile ha laeloa hore ho se ke ha e-ba le Moiseraele ea tsamaelang bohōle bo itseng ka Sabatha, e leng se bitsoang leeto la letsatsi la Sabatha.” Ho ne ho thoe motho a ka ea bohōle ba litsoe tse 2 000, e leng sebaka se lekanang le lik’hilomithara tse pakeng tsa 0,8 le 1,1.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Jerusalema, ha motho a e sheba a le Thabeng ea Mehloaare