Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona
O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
MARIA o ne a utloile ke ho palama esele. E ne e se joale a e palame. O ne a eteletsoe pele ke Josefa tseleng e eang hōle Bethlehema. O ile a boela a utloa ngoana a sisinyeha ka mpeng ea hae.
Maria o ne a se a le haufi le ho ba le ngoana; Bibele e hlalosa sena ka mantsoe a reng o ne a “hōletsoe.” (Luka 2:5) Ha ba ntse ba feta masimong ka ho latellana, mohlomong balemi ba ne ba ema tlekelele! ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mosali ea seng a hōletsoe hakaalo a le leetong.[1] Ke hobane’ng ha Maria a ile a nka leeto le lelelele hakaale a tloha ha habo Nazaretha?
Litaba li qalile likhoeli tse itseng pele ho moo ha mosali enoa e mocha oa Mojuda a fuoa boikarabelo boo ho seng motho ea kileng a bo fuoa. O ne a tla beleha ngoana eo e neng e tla ba Mesia, Mora oa Molimo! (Luka 1:35) Ha nako ea hore a be le ngoana e atamela, ho ile ha hlokahala hore ba nke leeto lena. Leetong lena Maria o ile a tobana le lintho tse ngata tse ileng tsa leka tumelo ea hae. A re ke re boneng hore na o ile a thusoa ke eng hore tumelo ea hae e lule e le matla.
Leeto la ho ea Bethlehema
Hase Josefa le Maria feela ba neng ba le leetong. Cesare Augustase o ne a sa tsoa ntša taelo ea hore batho ba ngolisoe, ’me ba ne ba lokela ho ea ngolisetsoa metseng eo ba hlahetseng ho eona. Josefa o ile a etsa joang? Bibele e re: “Ka ho hlakileng, Josefa le eena o ile a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a kena Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, kahobane e ne e le setho sa ntlo le sa lelapa la Davida.”—Luka 2:1-4.
Ha ho makatse ha Cesare a ile a ntša taelo ena ka nako eo.[2] Boprofeta bo ngotsoeng lilemong tse ka bang 700 pele ho moo bo ne bo boletse hore Mesia o ne a tla tsoalloa Bethlehema.[2a] Ho ne ho e-na le motse o bitsoang Bethlehema lik’hilomithara tse ka bang 11 feela ho tloha Nazaretha.[3] Leha ho le joalo, boprofeta boo bo ne bo boletse ka ho toba hore Mesia o tla tsoalloa “Bethlehema Efratha.” (Mikea 5:2) Kajeno ha motho a tloha Nazaretha a e-ea motseng ona o monyenyane o ka boroa o tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 150 tseleng e maralla.[4] Motse ona ke oona Bethlehema eo Josefa a ileng a lokela ho ea ho eona, eo e neng e le ha habo leloko la Morena Davida—e leng leloko la Josefa le Maria.
Na Maria o ne a tla tšehetsa qeto ea Josefa ea hore ba ee teng? ’Nete ke hore leeto lena le ne le tla ba boima haholo ho Maria. Ho ka etsahala hore e ne e le mathoasong a hoetla, kahoo ho ne ho ka na lipula tsa melupe ha nako ea komello e fela.[5] Ho feta moo, Bethlehema e ne e le qhooeng e bophahamo ba limithara tse fetang 760—ho ea teng ho ne ho nyolosetsa ’me e le leeto le boima la matsatsi a ’maloa.[6] Mohlomong le ne le tla nka matsatsi a mangata ho feta moo hobane ho ne ho ka ’na ha hlokahala hore Maria a tsamaee a phomola ka lebaka la boemo ba hae. Nakong eo, ho feta leha e le neng, ho ka etsahala hore mosali e mocha a batle ho ba haufi le hae, haufi le ba lelapa le metsoalle e neng e tla ba malala-a-laotsoe hore e mo thuse ha mahlaba a pelehi a qala. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hlokahala sebete hore a nke leeto lena.
Leha ho le joalo, Luka o re Josefa o ile a tloha e le “hore a ngolisoe le Maria.” Hape o re Maria o ne a “nehiloe [Josefa] hore a mo nyale joalokaha ho ne ho tšepisitsoe.” (Luka 2:4, 5) Kaha Maria e ne e se e le mosali oa Josefa, sena se ile sa susumetsa liqeto tsa hae haholo. O ne a nka monna oa hae e le hlooho ea hae litabeng tsa borapeli, ’me a amohetse karolo eo Molimo a mo fileng eona ea ho ba mothusi oa hae le ho tšehetsa liqeto tsa hae.a Kahoo, ka ho mamela monna oa hae o ile a hlōla se neng se ka leka tumelo ea hae.
Ke eng hape eo e ka ’nang eaba e ile ea susumelletsa Maria hore a mamele? Na o ne a tseba boprofeta bo bolelang hore Mesia o tla tsoalloa Bethlehema? Bibele ha e bolele. Ho ka etsahala hore ebe o ne a tseba boprofeta bona, kaha bo ne bo tsejoa ke baeta-pele ba bolumeli esita le batho ka kakaretso.[7] (Matheu 2:1-7; Johanne 7:40-42) Maria o ne a tseba Mangolo. (Luka 1:46-55) Leha ho le joalo, ebang Maria o ile a etsa qeto ea ho nka leeto lena hobane a batla ho mamela monna oa hae, ho mamela taelo ea morena kapa boprofeta ba Jehova—kapa ka mabaka a itseng—o ile a beha mohlala o babatsehang. Jehova o thaba haholo ha banna le basali ba bontša boikokobetso ’me ba mamela. Mehleng ea kajeno ea ha ho ikokobetsa ho nkeloa fatše, mohlala oa Maria ke oa bohlokoa ho batho ba tšepahalang ba libakeng tsohle.
Kreste oa Tsoaloa
E tlameha ebe ho ile ha re nk’hu! ho Maria ha a bona Bethlehema. Ha ba ntse ba e-hloa mekoalaba, ba feta masimo a mohloaare—ba bona lijalo tsa ho qetela tse emetseng kotulo—ho ka etsahala hore ebe Maria le Josefa ba ile ba hopola litaba tsa motse ona. Joalokaha moprofeta Mikea a ne a boletse, e ne e le motse o monyenyane hoo o neng o sa balelloe har’a metse ea Juda; empa ke moo Boaze, Naomi ’me hamorao Davida, ba hlahetseng teng lilemong tse fetileng tse ka holimo ho sekete.
Maria le Josefa ba ile ba fumana e se ka motho motseng e le tloo u tl’o bona. Ho na le ba neng ba fihlile pele ho bona ho tla ingolisa, kahoo ho ne ho se na sebaka tlung ea baeti.b Ba ile ba lokela ho ea robala setaleng. Re ka inahanela hore Josefa o ile a tšoenyeha hakae ha a bona mosali oa hae a meneka ka lebaka la lehlaba leo ho seng mohla a kileng a le utloa, ’me le bile le ipha matla. Har’a libaka tsohle, mahlaba a hae a pelehi a ile a qala mona setaleng.
Libakeng tsohle basali ba utloisisa kamoo Maria a neng a ikutloa kateng. Lilemong tse ka bang 4 000 pele ho moo, Jehova o ile a bolela hore ka lebaka la ho futsa sebe, basali ba ne ba tla utloa bohloko ha ba beleha. (Genese 3:16) Ha ho na bopaki bo bontšang hore Maria ha aa ka a bo utloa. Luka ha a bolele ka ho toba hore Maria o ile a bo utloa, o mpa a re: “A tsoala mora oa hae, letsibolo.” (Luka 2:7) O ile a ba le “letsibolo”—ngoana oa pele baneng ba hae ba bangata, bao bonyane ba neng ba supile.[10] (Mareka 6:3) Leha ho le joalo, ngoana enoa e ne e tla ba ea sa tšoaneng le ba bang. E ne e le letsibolo la Maria, hape e ne e le “letsibolo la pōpo eohle” ea Jehova, e le mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo!—Bakolose 1:15.
Joale Luka o hlahisa ntlha e tsebahalang, o re: “Eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong.” (Luka 2:7) Lefatšeng ka bophara karolo ena ke eona e hlahisoang ka tsela eo e seng eona litšoantšisong le litšoantšong tse amanang le tsoalo ea Jesu. Leha ho le joalo, ak’u nahane ka se hlileng sa etsahala. Sejelo ke moo liphoofolo li fepeloang teng.[11] Sena se bolela hore ba ne ba lula setaleng, e leng sebaka se neng se se na moea o hloekileng se bile se le litšila mehleng eo—le kajeno se ntse se le joalo.[12] Na ho na le batsoali ba ka khethang hore ngoana oa bona a tsoalloe sebakeng se joalo haeba ho e-na le sebaka se seng se molemo?[12] Batsoali ba bangata ba batlela bana ba bona lintho tse ntle. E tlameha ebe Maria le Josefa ba ne ba batla ho fa Mora oa Molimo lintho tse ntle.
Leha ho le joalo, ha baa ka ba hlonamisoa ke ho hloka; ba ile ba mpa ba khotsofalla sohle seo ba nang le sona. Ka mohlala, hlokomela hore Maria ke eena ea ileng a hlokomela lesea, a le thatela ka masela eaba o le beha ka hloko ka sejelong hore le robale, a etsa bonnete ba hore le futhumetse ebile le sireletsehile. Ho hang Maria o ne a ke ke a lumella hore ho tšoenyeha ka lebaka la boemo boo a leng ho bona ho mo sitise ho etsa sohle seo a ka se khonang. Hape, eena le Josefa ba ne ba tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ba neng ba lokela ho e etsetsa lesea leo ke ho le thusa litabeng tsa borapeli. (Deuteronoma 6:6-8) Kajeno batsoali ba bohlale ba etsa se tšoanang ha ba hōlisa bana ba bona lefatšeng lena le sa nkeng ho sebeletsa Molimo e le ntho ea bohlokoa.
Ba Khothatsoa ke Baeti
Ba sa ntse ba re ba iketlile, ha fihla batho. Balisa ba mathela ka setaleng, ba thahasella ho bona lelapa lena, haholo-holo lesea. Banna bana ba ne ba thabile haholo. Ba ne ba tlohile ka potlako lithabeng moo ba neng ba lula teng le mehlape ea bona.c Ba ile ba bolella batsoali ba Jesu ba maketseng ntho e sa tloaelehang e neng e sa tsoa ba hlahela. Ha ba le thabeng moo har’a bosiu lengeloi le ile la hlaha ho bona ka tšohanyetso. Khanya ea Jehova ea ba pota-pota, eaba lengeloi le ba bolella hore Kreste kapa Mesia o tsoetsoe Bethlehema. La re ba tla fumana lesea leo le robetse ka sejelong, le thatetsoe ka masela. Ka mor’a moo ha etsahala ntho e hlollang le ho feta—ha hlaha sehlopha se seholo sa mangeloi a neng a bina a rorisa Jehova!
Hase feela banna bana ba ikokobelitseng ba ileng ba potlakela Bethlehema! E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba bona lesea leo le robetse moo lengeloi le itseng ba tla le fumana teng. Ba ile ba tsebisa ba bang litaba tseo tse monate. “Ba tsebahatsa polelo eo . . . Bohle ba ileng ba utloa ba hlolloa ke lintho tseo ba li bolelloang ke balisa bao.” (Luka 2:17, 18) Ho bonahala eka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba ne ba khella balisa fatše.[15] Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jehova o ne a nka banna bana ba ikokobelitseng le ba tšepahalang, e le ba bohlokoa. Maria eena o ile a ikutloa joang ha balisa baa ba fihla?
Ha ho pelaelo hore Maria o ne a khathalitsoe ke pelehi, leha ho le joalo, o ile a ba mamela ka hloko. Ha a ka a etsa seo feela: “Maria a qala ho boloka lipolelo tsena kaofela, a li nahanisisa ka pelong ea hae.” (Luka 2:19) Ka sebele mosali enoa e mocha o ne a nka lintho ka ho teba. O ne a tseba hore molaetsa oo oa mangeloi ke oa bohlokoa. Molimo oa hae Jehova, o ne a batla hore a tsebe a be a utloisise hore na mora oa hae ke mang le hore na ke oa bohlokoa hakae. Kahoo, ha aa ka a mamela feela. O ile a boloka mantsoe ao ka pelong ea hae e le hore a ka nahana ka ’ona nako le nako, ha likhoeli le lilemo li ntse li feta. Ke eona ntho e ileng ea thusa Maria ho ba le tumelo e matla bophelong bohle ba hae.
Na u tla latela mohlala oa Maria? Jehova o tlatsitse Lentsoe la hae linnete tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, linnete tseo li ke ke tsa re tsoela molemo o mokaalo haeba re sa li ele hloko. Re li ela hloko ka hore re bale Bibele kamehla—re sa e bale hobane feela e le buka empa re e bala hobane e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) E le hore re tšoane le Maria, ho hlokahala hore re kenye linnete tseo tsa Molimo lipelong tsa rōna ’me re batle ho li utloisisa haholoanyane. Haeba re nahanisisa ka seo re se balang ka Bibeleng, re nahana hore na re ka sebelisa keletso ea Jehova joang haholoanyane, re tla matlafatsa tumelo ea rōna ’me e tla hōla.
Lipolelo Tse Eketsehileng Tseo ho Neng ho Hlokahala a li Boloke
Letsatsing la borobeli ngoana a hlahile, Maria le Josefa ba ile ba mo bolotsa joalokaha Molao oa Moshe o ne o bolela, ’me ba mo reha lebitso la Jesu joalokaha ba laetsoe. (Luka 1:31)[16] Eare ka letsatsi la bo40 a hlahile, ba mo tlosa Bethlehema ba mo isa tempeleng e Jerusalema, e lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha moo, eaba ba nyehela mahlabelo a ho itlhoekisa ao Molao o neng o boletse hore a ka nyeheloa ke batho ba futsanehileng—e leng maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli. Haeba ba ile ba ikutloa ba le basesaane ha ba hlōleha ho nyehela pheleu le leebana-khoroana joaloka batsoali ba bang, ba ile ba qhelela maikutlo ao ka thōko. Leha ho le joalo, ba ile ba khothatsoa haholo nakong ea ha ba le moo.—Luka 2:21-24.
Monna ea hōlileng ea bitsoang Simeone o ile a tla ho bona eaba o bolella Maria lipolelo tse eketsehileng tseo a neng a lokela ho li boloka ka pelong. O ne a tšepisitsoe hore o tla bona Mesia pele a shoa, ’me moea o halalelang oa Jehova o ne o mo bontšitse hore Jesu e monyenyane ke eena Mopholosi ea profetiloeng. Hape Simeone o ile a lemosa Maria hore o tla utloa bohloko ka letsatsi le leng. A mo bolella hore e tla ka o hlabiloe ka sabole e telele. (Luka 2:25-35) Ho ka etsahala hore le mantsoe ana a bohloko a ile a thusa Maria hore a mamelle ha nako eo e fihla lilemo tse fetang mashome a mararo hamorao. Ha Simeone a qeta ho bua sena, moprofeta ea bitsoang Anna o ile a tla bona Jesu oa lesea eaba o bua ka eena ho bohle ba neng ba e-na le tšepo ea hore Jerusalema e tla lopolloa.—Luka 2:36-38.
Josefa le Maria ba ne ba entse qeto e molemo hakaakang ha ba tlisa lesea la bona tempeleng ea Jehova e Jerusalema! Ba ile ba qalisa mora oa bona tseleng eo a neng a tla e tsamaea bophelo bohle ea ho tšepahalla ho ea tempeleng ea Jehova kamehla. Ha ba le moo, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang tšebeletsong ea Molimo ’me ba fuoa litaelo le khothatso. Ha ho pelaelo hore Maria o ile a tloha tempeleng moo a matlafetse tumelong, pelo ea hae e tletse lipolelo tseo ho neng ho hlokahala hore a nahanisise ka tsona a be a li bolelle ba bang.
Ke ntho e ntle kajeno ho bona batsoali ba latela mohlala ona. Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ka botšepehi ba tlisa bana ba bona libokeng tsa phutheho. Batsoali bana ba etsa sohle seo ba ka se khonang tšebeletsong ea Molimo, ’me ba khothatsa balumeli-’moho le bona. Ha ba tloha libokeng tseo, ba tsamaea ba matlafetse, ba thabile, ’me ho e-na le lintho tse ngata tseo ba tla li bolella ba bang. U mengoa ka mofuthu hore u ee libokeng tsa bona. Ha u etsa joalo, tumelo ea hao e tla matlafala joaloka ea Maria.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hlokomela phapang e temaneng ena le temana e buang ka leeto leo Maria a ileng a le nka pejana, moo ho thoeng: “Maria a tloha . . . ho ea” etela Elizabetha. (Luka 1:39) Ka nako eo, kaha Maria o ne a lebelelitsoe, mohlomong o ile a tsamaea a sa kōpa tumello ea Josefa. Ha ba se ba nyalane, le hoja ba ile ba tsamaea ba le babeli, ho boleloa hore ke Josefa ea ileng a nka leeto, eseng Maria.
b Mehleng eo ho ne ho tloaelehile hore motseng ho be le ntlo eo baeti kapa batho ba fetelang metseng e meng ba ka phomolang ho eona.
c Taba ea hore ka nako eo balisa ba ne ba lula naheng le mehlape ea bona e netefatsa nako e boleloang ke Bibele: Kreste ha aa ka a tsoaloa ka December nakong ea ha mehlape e ne e tla be e le haufi le hae, empa o tsoetsoe neng-neng mathoasong a October.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Simeone o ile a hlohonolofatsoa ka hore a bone Mopholosi ea profetiloeng