Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/1 leq. 26
  • Meokho ka Lekukeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meokho ka Lekukeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Letlalo la Hao!
    Tsoha!—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
  • Letlalo la Noha
    Tsoha!—2014
  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/1 leq. 26

Meokho ka Lekukeng

MOHLANKANA enoa e ne e le moleleri. O ne a sithabetse a bile a tsielehile, ’me a sekisitse meokho ha a ipiletsa ho Molimo, Jehova, hore a mo bontše mosa a be a mo qenehele, a re: “U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao.” (Pesaleme ea 56:8) Monna eo ke Davida, eo hamorao e ileng ea e-ba morena oa Iseraele. Empa lekuka leo a neng a bua ka lona ke eng, hona ke joang Molimo a ka tšelang meokho ea rōna ka har’a lona?

Davida o ne a tseba lekuka. Le ne le tšela metsi, oli, veine esita le botoro.[1] Batho ba phelang Sahara, joaloka Matuareg, ba ntse ba sebelisa makuka a letlalo le feletseng la pōli kapa la nku.[2] Makuka a joalo a ka tšela metsi a mangata, ho ea ka boholo ba phoofolo. Makuka a tsebahala ka ho boloka metsi a pholile, esita le mochesong o bataolang oa lehoatateng. Mehleng ea khale a ne a belesoa lieseleng kapa likameleng. Kajeno u ka ’na ua a bona a leketlile ka pele koloing e etselitsoeng ho tsamaea litseleng tse mpe!

Mantsoe a Davida a amang maikutlo mabapi le lekuka a boetse a re ruta thuto e itseng. Joang? Bibele e re Satane o laola lefatše lena ’me o “halefile haholo” mehleng ena ea rōna. Hase feela lefatšeng ho nang le mahlomola tjena. (Tšenolo 12:12) Ka lebaka leo, ho na le ba bangata bao joaloka Davida, ba utloang bohloko maikutlong, kelellong kapa ’meleng​—haholo-holo ba lekang ho thabisa Molimo. Na u e mong oa bona? Ka sebete ba ‘bile ba lla,’ batho bana ba tšepahalang ha ho mohla ba khaotsang ho leka ho tšepahala bophelong ba bona. (Pesaleme ea 126:6) Ba ka kholiseha hore Ntate oa bona ea leholimong ha a bone liteko tsa bona feela empa o bona le kamoo li ba amang kateng maikutlong. Ka sebele o utloisisa bohloko ba bahlanka ba hae, ’me ka kutloelo-bohloko ha a bo lebale hammoho le meokho ea bona, ’me ho joalokaha eka o e tšela ka lekukeng la hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela