Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/1 maq. 25-27
  • Ho Atleha le ho oa ha “Likepe Tsa Tarshishe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atleha le ho oa ha “Likepe Tsa Tarshishe”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Linkokonono Tsa Mediterranean
  • Libaka Tse ka Mose ho Mediterranean
  • Lefa la Bafoenisia
  • “Likepe Tsa Kitime” li Haola le Maoatle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jehova o Nyelisa Boikhohomoso ba Tyre
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Maeto a Boholo-holo ka Likepe ho ea Libakeng Tse Hōle le Mediterranean
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bibele—Tsela e Hlollang eo e Pholohileng ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/1 maq. 25-27

Ho Atleha le ho oa ha “Likepe Tsa Tarshishe”

“Likepe tsa Tarshishe li ile tsa tšela maoatle bakeng sa khoebo ea hao.”​—EZEKIELE 27:25, THE JERUSALEM BIBLE

LIKEPE tsa Tarshishe li ile tsa thusa Morena Solomone hore a hafe ka nkatana. Batho ba li hahileng ba bile le tšusumetso e khōlō ho ngoloeng ha lialfabeta tsa Segerike le Seroma. Ba ile ba boela ba theha motse oo ba ileng ba o reha Byblos, oo buka e bileng le tšusumetso e khōlō ho feta tsohle e reheletsoeng ka oona.

Ke bo-mang ba neng ba haha likepe tsa Tarshishe le ho tsamaea ka tsona? Ho tlile joang hore likepe tsee li rehoe lebitso lee? Hona lintho tse hlahetseng batho baa le likepe tsa bona li tiisa joang ho nepahala ha Bibele?

Linkokonono Tsa Mediterranean

Bafoenisia ba ile ba haha likepe tse ileng tsa tsejoa e le likepe tsa Tarshishe. Hoo e ka bang lilemo tse sekete pele ho mehla ea Kreste, Bafoenisia e ne e se e ntse e le bo-ralikepe ba nang le boiphihlelo. Naha ea bona e ne e le lebōpo le mochoporo leo e ka ’nang eaba ke Lebanone ea mehleng ea kajeno. Ka leboea, bochabela le boroa ho ne ho ahile lichaba tse ling. Ka bophirimela, e ne e le Leoatle le leholo la Mediterranean. Bafoenisia ba ile ba lemoha hore ba ka fumana bokholokhotho ba chelete ha ba ka hoebisana le batho ba ka mose ho leoatle leo.

Butle-butle bo-ralikepe ba Bafoenisia ba ile ba haha likepe tsa khoebo tse tsamaeang hammoho. Ha ba ntse ba fumana phaello e eketsehileng ’me le theknoloji e ntlafala, ba ile ba haha likepe tse khōloanyane tse neng li ka nka maeto a malelele. Ka mor’a hore ba fihle Cyprase, Sardinia le Lihlekehlekeng Tsa Baleares, Bafoenisia ba ile ba iphaphatha ka lebōpo la Afrika Leboea ho leba bophirimela ba ba ba fihla Spain. (Sheba ’mapa o bontšitsoeng.)

Litsebi tsa ho haha likepe tsa Bafoenisia li ne li haha likepe tse bolelele ba limithara tse 30. Ho bonahala likepe tsena tse etselitsoeng ho tsamaea leoatleng li ile tsa rehoa “likepe tsa Tarshishe” kaha li ne li ka nka leeto la lik’hilomithara tse 4 000 ho tloha Foenisia ho ea ka boroa Spain, e leng moo e ka ’nang eaba Tarshishe e ne e le hona teng.a

Mohlomong Bafoenisia ba ne ba sa ikemisetsa ho busa lefatše, ba ne ba ipatlela ho etsa chelete feela. Ba ile ba finyella seo ka ho theha litsi tsa khoebo. Leha ho le joalo, kaha e ne e le bahoebi, e ile ea e-ba linkokonono tsa Mediterranean.

Libaka Tse ka Mose ho Mediterranean

Babatlisisi ba Bafoenisia ba ile ba leba Leoatleng la Atlantic ho ea batla leruo. Likepe tsa bona li ile tsa tsoela-pele ho iphaphatha ka lebōpo le ka boroa la Spain ho fihlela li fihla sebakeng se bitsoang Tartessus. Hoo e ka bang ka selemo sa 1100 B.C.E., ba ile ba theha motse oo ba ileng ba o reha Gadir. Kou ena eo hona joale e tsejoang e le Cádiz, Spain, e ile ea e-ba o mong oa metse e meholo ea pele Europe Bophirimela.

Bafoenisia ba ne ba rekisa letsoai, veine, tlhapi e omisitsoeng, kedare, phaene, lintho tse entsoeng ka tšepe, khalase, masela a khabisitsoeng, line ea boleng bo botle le masela a dailoeng ka bopherese bo tummeng ba Tyre. Spain eona e ne e tla reka lintho tsee ka eng?

Libakeng tsa Mediterranean, silevera e ngata ka ho fetisisa hammoho le mefuta e meng ea tšepe e ne e fumaneha karolong e ka boroa ea Spain. Mabapi le Tyre, e leng kou e ka sehloohong ea Bafoenisia, moprofeta Ezekiele o ile a re: “U ile ua hoeba le Spain ’me bakeng sa thepa ea hao e ngata ua fumana silevera, tšepe, thini le loto.”​—Ezekiele 27:12, Today’s English Version.

Bafoenisia ba ile ba sibolla mohloli oa liminerale tsena oo ho neng ho bonahala o sa che haufi le Nōka ea Guadalquivir, haufi le Cádiz. Liminerale tsena li sa rafshoa le hona joale sebakeng sena seo kajeno se bitsoang Río Tinto. Merafong ena ho ’nile ha rafshoa lejoe le ntšang liminerale tsa bohlokoa ka lilemo tse ka bang likete tse tharo.

Ha khoebo e tsamaisoang ka likepe pakeng tsa Spain le Foenisia e se e tsitsitse, Bafoenisia ba ile ba laola khoebo ea silevera ea Spain. Silevera e ile ea kena Foenisia ka bongata ea ba ea fetela le sebakeng se haufi sa Iseraele. Morena Solomone oa Iseraele o ile a theha khoebo ea kopanelo le Morena Hirame oa Foenisia. Ka lebaka leo, mehleng ea Solomone silevera “e ne e nkoa e se letho ho hang.”​—1 Marena 10:21.b

Le hoja Bafoenisia e ile ea e-ba bahoebi ba atlehang khoebong, ba ne ba ee ba be sehlōhō. Ho tlalehoa hore ka linako tse ling ba ne ba hoka-hoka batho hore ba kene likepeng tsa bona joalokaha eka ba batla ho ba bontša thepa ea bona, athe ba il’o ba etsa makhoba. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba koenehela batho bao ba kileng ba hoebisana le bona, e leng Baiseraele eaba ba ba rekisa bokhobeng. Ka hona, baprofeta ba Baheberu ba ile ba profeta hore motse oa Tyre oa Bafoenisia o ne o tla timetsoa. Qetellong boprofeta bona bo ile ba phethahatsoa ke Alexandere e Moholo ka 332 B.C.E. (Joele 3:6; Amose 1:9, 10) Timetso ena e bile ho fela ha mehla ea Bafoenisia.

Lefa la Bafoenisia

Joaloka bo-rakhoebo bohle ba tšepahalang, bahoebi ba Bafoenisia ba ne ba ngola litumellano tsa bona fatše. Ba ne ba sebelisa lialfabeta tse batlang li tšoana haholo le tsa Seheberu sa boholo-holo. Lichaba tse ling li ile tsa rua molemo ka lialfabeta tseo tsa Bafoenisia. Li ile tsa lokisoa mona le mane ’me ea e-ba motheo oa lialfabeta tsa Segerike, tseo e bileng motheo oa mokhoa oa ho ngola oa Baroma ’me ke lialfabeta tse sebelisoang ka ho fetisisa kajeno.

Ho phaella moo, motse oa bohlokoa oa Bafoenisia oa Byblos e ile ea e-ba setsi sa ho abjoa ha pampiri e entsoeng ka loli, e neng e sebelisoa pele ho pampiri ea kajeno. Ho sebelisoa ha loli ha ho ngoloa ho ile ha etsa hore ho hlahisoe libuka. Ha e le hantle, lebitso la buka e hatisoang ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Bibele, le tsoa lentsoeng Byblos. Ruri tlaleho ea histori ea Bafoenisia hammoho le ea likepe tsa bona e re kholisa hore Bibele e bua ’nete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha nako e ntse e feta, polelo “likepe tsa Tarshishe” e ile ea qetella e sebelisoa ho hlalosa mofuta oa sekepe, se khonang ho nka maeto a malelele leoatleng.

b “Sehlopha sa likepe tsa Tarshishe” tsa Solomone se ile sa sebelisana le sehlopha sa likepe tsa Hirame, mohlomong li sebeletsa thōko le Ezione-gebere ’me li hoeba Leoatleng le Lefubelu le libakeng tse mose ho leoatle leo.​—1 Marena 10:22.

[’Mapa o leqepheng la 27]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LITSELA TSA BAFOENISIA TSA KHOEBO

SPAIN

TARTESSUS

Nōka ea Guadalquivir

Gadir

Corsica

Lihlekehleke Tsa Baleares

Sardinia

Sicily

Kreta

Cyprase

Byblos

Tyre

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

Ezione-gebere

Leoatle le Lefubelu

AFRIKA

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Chelete ea tšepe e bontšang sekepe sa Foenisia, ea lilemong tsa bo-200- 300 B.C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lithako tsa motse oa Bafoenisia, Cádiz, Spain

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Museo Naval, Madrid

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

Coin: Museo Arqueológico Municipal. Puerto de Sta. María, Cádiz; remains: Yacimiento Arqueológico de Doña Blanca, Pto. de Sta. María, Cádiz, España

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela