Babali ba Batla ho Tseba
Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Hore ke Tsona Feela Tse Tla Pholosoa?
Lipaki Tsa Jehova li lumela hore li fumane bolumeli ba ’nete. Ho seng joalo li ne li tla fetola seo li se lumelang. Lipaki Tsa Jehova li tšepa hore li tla pholosoa, joalokaha le litho tsa malumeli a mang a mangata li lumela hore li tla pholosoa. Leha ho le joalo, li boetse li lumela hore hase mosebetsi oa tsona ho ahlola hore na ke bo-mang ba tla pholosoa. Hantle-ntle, Molimo ke eena Moahloli. Ke eena ea etsang qeto.—Esaia 33:22.
Lentsoe la Molimo le bontša hore ba tla pholosoa ba tlameha ho batla poloko ba be ba latele litaelo tsa Mopholosi. Ka mohlala: A re re mohahlauli o lahleha sekhoeng. O labalabela ho fumana tsela. Ebe o tla qetella a shoele kapa o tla pholoha? Seo se itšetlehile ka hore na o tla etsa’ng ha a fuoa thuso. Haeba a ikhohomosa, a ka ’na a hana thuso ea mopholosi. Ka lehlakoreng le leng, a ka ikokobetsa ’me a amohela thuso eaba oa pholoha.
Ka tsela e tšoanang, ho tla pholosoa ba latelang litaelo tsa Mopholosi oa batho, e leng Jehova Molimo. Poloko ke mpho ea Molimo, empa hase batho bohle ba tla e fumana. Mora oa Molimo, e leng Jesu, o itse: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Matheu 7:21.
Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Molimo o tla pholosa feela batho ba bontšang tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu le ba latelang lithuto tsa Jesu ka hloko. (Liketso 4:10-12) Nahana ka lintho tse tharo tse hlokahalang bakeng sa poloko tse boletsoeng Lentsoeng la Molimo.
(1) Jesu o ile a re ho metsoalle ea hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Jesu o ile a beha mohlala o bontšang hore lerato ke la bohlokoa ka hore a telle ba bang bophelo ba hae. Batho ba ratang ba bang ba bontša hore ba na le tšobotsi e hlokahalang bakeng sa poloko.
(2) Jesu o ile a re ha a rapela Ntate oa hae: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Johanne 17:26) Jesu o ne a tseba hore na Ntate oa hae, Jehova, o nka lebitso la hae e le la bohlokoa hakae. Jesu o ile a rapella hore lebitso la Ntate oa hae “le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ho halaletsa lebitso la Molimo ho akarelletsa ho le tseba le ho le nka e le la bohlokoa le bile le halalela. Joaloka Jesu, ba batlang ho pholosoa ba tlameha ho sebelisa lebitso la Molimo. Hape ba tlameha ho ruta ba bang lebitso la Molimo le litšobotsi tsa hae. (Matheu 28:19, 20) Ha e le hantle, ho tla pholosoa feela batho ba ipiletsang lebitsong la Molimo.—Baroma 10:13.
(3) Jesu o ile a re ho Ponse Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Ke batho ba seng bakae feela kajeno ba bontšang tumelo ’Musong oa Molimo, oo Morena oa oona e leng Jesu. Ho e-na le hoo, ba bangata ba tšepile mekhatlo ea batho. Ka lehlakoreng le leng, ba tla pholosoa ba tšehetsa ’Muso oa Molimo ka botšepehi ’me ba ruta ba bang hore na o tla lopolla batho bohle ba tšepahalang joang.—Matheu 4:17.
Ka mor’a hore barutuoa ba Jesu ba ithute lintho tse ling tse hlokahalang bakeng sa poloko, ba ile ba re: “Ke mang eo ho ka khonehang hore a pholohe?” Jesu a araba ka ho re: “Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.” (Luka 18:18-30) Lipaki Tsa Jehova li leka ka hohle ho etsa lintho tsena tse hlokahalang e le hore li ka pholosoa. Hape li ikitlaelletsa ho thusa ba bang hore ba pholosoe.