Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/15 maq. 3-5
  • U Batla ho ba Motho oa Mofuta Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Batla ho ba Motho oa Mofuta Ofe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke sefe “se Teng ho ’Na”?
  • U Batla ho ba Eng?
  • Re ka Atleha
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U ka Khona ho Hlobola Botho ba Khale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tsoela Pele U Apara “Botho bo Bocha” le ka Mor’a Hore U Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela’
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/15 maq. 3-5

U Batla ho ba Motho oa Mofuta Ofe?

MOOKAMELI oa sepolesa toropong e ’ngoe ea Philippines o ile a botsa pula-maliboho potso ena, “U ile ua etsa’ng hore monna eo a fetole boitšoaro ba hae?” O ile a supa qubu ea lipampiri e neng e le deskeng ea hae, eaba o re: “Na u ne u tseba hore lipampiri tsee kaofela ke litlaleho tsa nako e fetileng tsa linyeoe tseo a neng a qosoa ka tsona? U re thusitse ho bo bong ba mathata a neng a re tšoenya haholo toropong ena.” Monna enoa eo ho buuoang ka eena e ne e le letahoa le mabifi le neng le lula le baka likhathatso. O ile a susumetsoa ke eng hore a etse liphetoho tse khōlō bophelong ba hae? O ne a susumelitsoe ke molaetsa o bululetsoeng oa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele.

Batho ba bangata ba nkile ka botebo keletso ena ea moapostola Pauluse ea hore ba ‘lahle botho ba khale bo neng bo lumellana le tsela ea bona ea pele ea boitšoaro le hore ba apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo.’ (Baef. 4:22-24) Hore na liphetoho tseo re lokelang ho li etsa li khōlō kapa li nyenyane, ho apara botho bo bocha ke karolo ea ho ba Mokreste.

Leha ho le joalo, ho fetola seo re leng sona le ho hatela pele hoo re ka bang ra tšoaneleha hore re kolobetsoe, ke qalo feela. Ha re itlhahisa hore re kolobetsoe metsing, re batla re tšoana le lehong le betliloeng hore le be le sebōpeho sa ntho e itseng. Hoa bonahala hore na qetellong setšoantšo seo e tla ba eng, empa ho sa na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ho sa ntsane ho hlokahala hore ’metli a etse liphetoho tse itseng tse nyenyane e le ho etsa hore setšoantšo seo se be setle. Nakong eo re kolobetsoang, re na le makhabane a hlokahalang hore motho e be mohlanka oa Molimo. Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho hlokahala hore re ntlafatse botho ba rōna bo bocha. Re lokela ho tsoela pele re bo ntlafatsa ka ho etsa liphetoho tse itseng.

Esita le Pauluse o ile a bona hore hoa hlokahala hore a etse liphetoho. O ile a lumela sena: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Bar. 7:21) Pauluse o ne a tseba hore na ke motho oa mofuta ofe le hore na o ne a batla ho ba motho oa mofuta ofe. Ho thoe’ng ka rōna? Le rōna re lokela ho ipotsa: ‘Ke sefe se teng ho ’na’? Ke motho oa mofuta ofe? Hona ke batla ho ba motho oa mofuta ofe?’

Ke sefe “se Teng ho ’Na”?

Ha re nchafatsa ntlo ea khale, ha hoa lekana hore re pente ka ntle feela haeba maballo a ka hare a bolile. Haeba re sa lokise maballo ao a senyehileng, ho tla ba le mathata a mangata hamorao. Ka tsela e tšoanang, ho shebahala feela eka re lokile ha hoa lekana. Re lokela ho itlhahloba hore na ha e le hantle re batho ba mofuta ofe ’me re hlokomele hore na ke lintho life tseo re lokelang ho li lokisa. Ho seng joalo, botho ba khale bo tla kubuloha. Ka lebaka leo, re tlamehile ho itlhahloba. (2 Bakor. 13:5) Re lokela ho fumana hore na ke lintho life tse sa rateheng tseo re nang le tsona ebe rea li lokisa. Hore re finyelle seo, Jehova o re file se ka re thusang.

Pauluse o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Molaetsa oa Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, o ka ba le tšusumetso e matla bophelong ba rōna. O hlaba hore o kene ka hare-hare ho rōna—ka tšoantšetso o kena mokong, e leng ka hare-hare ho masapo a rōna. O senola menahano ea rōna le se re susumetsang ho etsa lintho, ’me o pepesa seo re hlileng re leng sona ka hare ho e-na le seo re bonahalang re le sona ka ntle kapa seo re nahanang hore re sona. Ka sebele Lentsoe la Molimo le re thusa hore re hlokomele mathata ao re nang le ’ona!

Ha re lokisa ntlo ea khale, ho ka ’na ha se ke ha lekana hore feela re lokise thepa e senyehileng. Ha re tseba hore na ke sefe se bakileng tšenyo, seo se tla re thusa hore re nke mehato e tla thibela bothata boo ho ipheta. Ka tsela e tšoanang, haeba re sa fumane feela hore na ke lintho life tse seng ntle tseo re li etsang empa re boetse re fumana hore na li bakoa ke eng, seo se ka re thusa hore re laole bofokoli ba rōna. Ho na le lintho tse ngata tse bōpang botho ba rōna. Har’a tsona ho akha boemo ba rōna sechabeng le boemo ba rōna ba lichelete, tikoloho eo re phelang ho eona, setso sa rōna, batsoali ba rōna, metsoalle ea rōna le bolumeli ba rōna. Esita le mananeo a thelevishene le libaesekopo tseo re li shebellang, hammoho le mefuta e meng ea boithabiso, lia re susumetsa. Ho ela hloko lintho tse susumetsang botho ba rōna hampe ho re thusa ho fokotsa liphello tsa tsona.

Ka mor’a hore re itlhahlobe, re ka ’na ra batla ho re, ‘Ke kamoo ke leng kateng.’ Ona ke monahano o fosahetseng. Ha a bua ka batho ba phutheho ea Korinthe bao e neng e le lihlola, basodoma, matahoa le ba etsang lintho tse ling tse joalo, Pauluse o ile a re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke . . . ka moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakor. 6:9-11) Le rōna re ka atleha ho etsa liphetoho tse hlokahalang ka thuso ea moea oa Jehova o halalelang.

Nahana ka monna ea bitsoang Marcos,a ea lulang Philippines. Ha a bua ka hore na o hōtse joang, Marcos o ile a re: “Batsoali ba ka ba ne ba ngangisana kamehla. Ke ka lebaka leo ke ileng ka fetoha lerabele ha ke le lilemo li 19.” Marcos o ile a tuma hampe ka ho becha, bosholu le ho tšoara batho poho a ba supile ka sethunya. Eena le ba bang ba ne ba bile ba rerile ho ea koetela sefofane empa morero oo o ile oa nyopa. Mekhoa ea Marcos e mebe e ’nile ea tsoela pele le ka mor’a hore a nyale. Qetellong o ile a lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona ka lebaka la ho becha. Nakoana ka mor’a moo, Marcos o ile a ba teng thutong ea Bibele eo Lipaki Tsa Jehova li neng li e khannela mosali oa hae. Qalong o ne a ikutloa a sa tšoanelehe hore e ka ba Paki. Leha ho le joalo, ho sebelisa seo a ithutang sona le ho ba teng libokeng ho ile ha thusa Marcos hore a tlohele mekhoa ea hae ea pele. Hona joale ke Mokreste ea kolobelitsoeng ’me o kopanela kamehla ho ruta batho ba bang hore na le bona ba ka fetoha joang.

U Batla ho ba Eng?

Ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liphetoho life e le hore re ntlafatse litšobotsi tsa rōna tsa Bokreste? Pauluse o eletsa Bakreste o re: “Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna. Le se ke la bolellana leshano. Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona.” Moapostola o tsoela pele ka ho re: “Le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.”—Bakol. 3:8-10.

Kahoo, sepheo sa rōna sa mantlha ke ho hlobola botho ba khale le ho apara bo bocha. E le hore re finyelle seo, re lokela ho loanela ho ba le litšobotsi life? Pauluse o re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:12-14) Ho ikitlaelletsa ho ba le litšobotsi tsena ho tla re thusa hore re ‘ratehe ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.’ (1 Sam. 2:26) Ha a ne a le lefatšeng, ka tsela e ikhethang Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tse amoheloang ke Molimo. Haeba re ithuta re bile re etsisa mohlala oa Kreste, re ka tšoana le eena haholo re le “baetsisi ba Molimo.”—Baef. 5:1, 2.

Tsela e ’ngoe eo re ka hlokomelang ka eona liphetoho tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re li etse, ke ka ho ithuta hore na batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ne ba le joang, re hlahlobe hore na ke lintho life tse ratehang kapa tse sa rateheng tseo ba neng ba li etsa. Ka mohlala, nahana ka Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo. Ho sa tsotellehe taba ea hore o ile a hlokeloa toka, Josefa o ile a lula a e-na le maikutlo a matle a bile a le pelo e ntle. (Gen. 45:1-15) Ka lehlakoreng le leng, mora oa Morena Davida, e leng Absalome o ile a iketsa eka o tsotella batho haholo ’me o ile a rorisoa ka lebaka la botle ba hae. Leha ho le joalo, ’nete ke hore e ne e le lehlabaphio ebile e le ’molai. (2 Sam. 13:28, 29; 14:25; 15:1-12) Ha motho a le motle ebile a iketsa eka o lokile, lintho tsena hase tsona tse etsang hore e be ea khahlang batho ba bang e le kannete.

Re ka Atleha

E le hore re ntlafatse botho ba rōna le hore re be batle mahlong a Molimo, re lokela ho ela hloko motho ea ka hare. (1 Pet. 3:3, 4) E le hore re etse liphetoho bothong ba rōna, ho hlokahala hore re fumane hore na ke lintho life tse seng ntle tseo re li etsang le hore na lintho tseo li bakoa ke eng, re be re loanele ho ba le litšobotsi tse amoheloang ke Molimo. Na re ka kholiseha hore re tla atleha ha re etsa boiteko ba ho etsa liphetoho tse joalo?

Ka sebele, ka thuso ea Jehova re ka tseba ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Joaloka mopesaleme re ka rapela tjena: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.” (Pes. 51:10) Re ka kōpa hore moea oa Molimo o sebetse ka hare ho rōna, o matlafatse takatso ea rōna ea ho etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane ka botlalo le thato ea hae. Ruri re ka atleha hore re be ba khahlehang mahlong a Jehova!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hase lebitso la hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na ho penta ntlo ee e ruthuthiloeng ke sefefo feela ho tla be ho lekane?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na botho ba hao bo se bo tšoana le ba Kreste?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela