Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/15 maq. 17-19
  • ‘Phehellang Lintho Tse Tlisang Khotso’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Phehellang Lintho Tse Tlisang Khotso’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Phehella Khotso ka Lebaka Lefe?
  • Ho Buisana le Khobile Matšoafo ho Bōpa Khotso
  • Sebelisa Leleme ka Bohlale
  • Sebeletsang Molimo “ka Mahetla a Bapileng”
  • Phehella Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • ‘Batla Khotso ’me U e Phehelle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mokhoa oa hore U Latsoe Khotso ea Molimo Haholoanyane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Rarolla Liqabang ka Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/15 maq. 17-19

‘Phehellang Lintho Tse Tlisang Khotso’

TSELA e sa tsoa katoa e ka ’na ea bonahala e tiile, e le e ke keng ea senyeha habonolo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, e ka ’na ea petsoha ’me ea e-ba le likoti. Ho hlokahala hore e nchafatsoe e le hore e se ke ea e-ba kotsi le hore e se ke ea senyeha.

Ka tsela e tšoanang, ka linako tse ling likamano tsa rōna le batho ba bang li ka ’na tsa thefuleha kapa tsa senyeha joaloka tsela e mapetso. Moapostola Pauluse o ile a lumela hore Bakreste ba Roma ba ne ba sa bone lintho ka tsela e tšoanang. O ile a fana ka keletso ena ho Bakreste-’moho le eena: “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.” (Bar. 14:13, 19) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ‘phehella lintho tse tlisang khotso’? Re ka phehella khotso ka sebete le ka katleho joang?

Re Lokela ho Phehella Khotso ka Lebaka Lefe?

Haeba mapetso a manyenyane a tseleng e katiloeng a sa katoe, a ka fetoha likoti tse kotsi. Ho se lokise liphapang ho ka ba kotsi ka tsela e tšoanang. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Joh. 4:20) Ha liphapang li sa rarolloe li ka qetella li entse hore Mokreste a hloee mor’abo.

Jesu Kreste o ile a bontša hore borapeli ba rōna ha bo amohelehe ho Jehova haeba re sa bōpa khotso le batho ba bang. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Mat. 5:23, 24) Ha ho pelaelo hore lebaka le ka sehloohong leo re phehellang khotso ka lona ke hore re batla ho khahlisa Jehova Molimo.a

Boemo bo neng bo le phuthehong ea Filipi bo totobatsa lebaka le leng la ho phehella khotso. Ho ka etsahala hore ebe bothata bo sa hlalosoang bo neng bo le teng pakeng tsa baralib’abo rōna ba babeli ba Bakreste, e leng Evodia le Syntike, bo ne bo beha khotso ea phutheho kaofela kotsing. (Bafil. 4:2, 3) Takatso ea hore re boloke lerato le bonngoe ka phuthehong e re susumelletsa hore re phehelle khotso le balumeli-’moho le rōna.

Jesu o ile a re: “Ho lehlohonolo ba bōpang khotso.” (Mat. 5:9, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho phehella khotso ho etsa hore motho a thabe a be a khotsofale. Ho feta moo, khotso e etsa hore motho a phele hantle ’meleng, hobane “pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” (Liprov. 14:30) Ka lehlakoreng le leng, ho jara motho ka pelo ho ka ’na ha eketsa menyetla ea hore re kule.

Le hoja Bakreste ba bangata ba lumela hore ho phehella khotso hoa hlokahala, u ka ’na ua ipotsa hore na u ka rarolla phapang le motho e mong joang. A re ke re hlahlobeng melao-motheo ea Mangolo e ka re tataisang.

Ho Buisana le Khobile Matšoafo ho Bōpa Khotso

Hangata mapetso a manyenyane a tsela a ka ’na a lokisoa ka hore a katoe. Na ho ka etsahala hore re tšoarele barab’abo rōna bofokoli bo bonyenyane ba bona kapa re bo koahele joalokaha eka re kata mapetso? Ho ka etsahala hore mokhoa ona o sebetse tabeng ea liphapang tse ngata tseo batho ba bang le tsona, hobane moapostola Petrose o ile a ngola hore “lerato le koahela libe tse ngata haholo.”​—1 Pet. 4:8.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho ka ’na ha bonahala bothata bo le boholo hoo re ke keng ra bo hlokomoloha habonolo feela. Nahana ka se ileng sa hlahela Baiseraele kapele ka mor’a hore ba rue Naha e Tšepisitsoeng. Pele “bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase” ba tšelela ka mose ho Nōka ea Jordane, ba ile ba haha “aletare e hlaheletseng haholo.” Meloko e meng ea Iseraele e ne e lumela hore aletare eo e ne e sebelisetsoa borapeli ba litšoantšo ’me e ne e ke ke ea hlokomoloha bothata boo. E ile ea itokisetsa ntoa.​—Josh. 22:9-12.

Mohlomong Baiseraele ba bang ba ile ba nahana hore ho se ho ntse ho e-na le bopaki bo lekaneng ba hore ho entsoe phoso le hore haeba ba ne ba ka ba tsometsa ho ne ho ke ke ha e-shoa batho ba bangata. Leha ho le joalo, ho e-na le ho etsa lintho ka lepotlapotla, meloko e ka bophirimela ho Jordane e ile ea romela moifo o il’o tšohla bothata bona le barab’abo eona. O ile oa botsa: “Ke’ng ketso ee ea ho se tšepahale eo le e entseng khahlanong le Molimo oa Iseraele ka ho furalla kajeno ho latela Jehova?” Ha e le hantle, meloko e neng e hahile aletare eo, e ne e sa e haha hobane e ne e sa tšepahale. Empa ba qosoang ba ne ba tla ikarabella joang? Na ba ne ba tla tjolietsa baqosi ba bona kapa ba hane ho bua le bona? Meloko e qositsoeng e ile ea arabela ka bonolo, e hlakisa hore liketso tsa eona li ne li hlile li susumetsoa ke takatso ea eona ea ho sebeletsa Jehova. Karabo ea eona e bonolo e ile ea boloka kamano ea eona le Molimo ea ba ea pholosa bophelo. Puisano e etsoang ho khobiloe matšoafo e ile ea rarolla bothata ea ba ea bōpa khotso.​—Josh. 22:13-34.

Pele Baiseraele ba bang ba nka bohato bo matla, ka bohlale ba ile ba tšohla bothata ba bona le leloko la Rubene le la Gade hammoho le halofo ea leloko la Manase. Lentsoe la Molimo le re: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.” (Moek. 7:9) Tsela ea Mangolo ea ho sebetsana le liphapang tse khōlō ke ka ho buisana ka taba le khobile matšoafo le ka mokhoa o tobang taba. Na kannete re ka lebella hore Jehova a re hlohonolofatse haeba re jara batho ba bang ka pelo ’me re sa buisane le bao re nahanang hore ba re sitetsoe?

Ka lehlakoreng le leng, ho thoe’ng haeba Mokreste-’moho le rōna a tla ho rōna ’me a buisana le rōna ka bothata bo itseng, mohlomong a bile a re qosa ka bohata? Bibele e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liprov. 15:1) Meloko ea Iseraele e neng e bakile bothata, e ile ea hlalosa boemo ba eona ka mokhoa o bonolo, empa e le o hlakileng, kahoo ea bobisa boemo boo ntle ho pelaelo bo neng bo entse hore maikutlo a phahame. Ebang ke rōna ba nkang khato ea ho ea ho mor’abo rōna kapa ke eena ea buang le rōna ka bothata, re lokela ho ipotsa, ‘Ebe ke mantsoe afe, molumo ofe oa lentsoe le boitšoaro ba mofuta ofe tseo ka ho hlakileng ho ka etsahalang hore li bōpe khotso?’

Sebelisa Leleme ka Bohlale

Jehova oa utloisisa hore re hloka ho ntša maikutlo a rōna. Leha ho le joalo, haeba re sa rarolle phapang pakeng tsa rōna le motho e mong, ho ka etsahala hore re kene molekong oa ho phetela ba bang bothata boo. Ha motho a jere e mong ka pelo, ho bonolo hore a bue lipuo tse mo nyatsang. Mabapi le tšebeliso e sa nepahalang ea leleme, Liproverbia 11:11 e re: “Ka lebaka la melomo ea ba khopo [motse] oa qhaqhoa.” Ka tsela e tšoanang, ha motho a bua ka Mokreste e mong a sa inahana, seo se ka senya khotso ea phutheho eo re ka e tšoantšang le motse.

Leha ho le joalo, ho phehella khotso ha ho bolele hore ho hang ha re bue ka bara le baralib’abo rōna. Moapostola Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena a re: “Le ka mohla le se ke la lumella puo e mpe hore e tsoe melomong ea lōna.” Empa o ile a eketsa ka ho re: “Le bue lintho tse molemo feela tseo batho ba batlang ho li utloa, e leng lintho tse tla ba thusa e le kannete. . . . Le bontšane mosa, le hauhelane le be le tšoarelane.” (Baef. 4:29-32, The New American Bible) Haeba mor’eno ea khopisitsoeng ke seo u se buileng kapa seo u se entseng a ne a ka tla ho uena ’me a bua le uena, na ho ne ho tla ba bonolo hore u kōpe tšoarelo u be u bōpe khotso haeba a ne a kile a bua hantle ka uena ho batho ba bang? Ka lebaka leo, ho itloaetsa ho bua lintho tse molemo ha re bua ka Bakreste-’moho le rōna ho tla re nolofalletsa ho bōpa khotso ha ho hlaha liphapang.​—Luka 6:31.

Sebeletsang Molimo “ka Mahetla a Bapileng”

Tloaelo ea rōna ea boetsalibe e etsa hore ha batho ba bang ba re khopisitse, re ikarole ho bona, re itšehle thajana. Empa ho etsa joalo ha ho bohlale. (Liprov. 18:1) Joaloka batho ba momahaneng ba ipiletsang lebitsong la Jehova, re ikemiselitse ho ‘mo sebeletsa ka mahetla a bapileng.’​—Sof. 3:9.

Boitšoaro ba batho ba bang le lipuo tsa bona tse sa lokang, le ka mohla ha lia lokela ho fokolisa ho chesehela ha rōna borapeli bo hloekileng. Matsatsinyana pele sehlabelo sa Jesu se nka sebaka sa linyehelo tse neng li etsoa tempeleng le nakoana ka mor’a hore a nyatse bangoli ka matla, o ile a bona mohlolohali oa mofutsana a etsa monehelo letlōleng la tempele la matlotlo ka “mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.” Na Jesu o ile a leka ho mo thibela? Ho e-na le hoo, o ile a bua hantle ka tšehetso eo mosali eo a neng a e etsetsa phutheho ea Jehova ea nakong eo ka botšepehi. (Luka 21:1-4) Liketso tse sa lokang tsa ba bang ha lia ka tsa mo lokolla boikarabelong boo a neng a e-na le bona ba hore a tšehetse borapeli ba Jehova.

Le hoja re ka ’na ra nahana hore mora kapa morali’abo rōna oa Mokreste ha aa itšoara ka tsela e nepahetseng, mohlomong ebile o entse ka leeme, re tla itšoara joang? Na re tla lumella hore see se ame tšebeletso eo re e etsetsang Jehova ka moea ’ohle? Kapa na ka sebete re tla nka khato hore re lokise liphapang leha e le life pakeng tsa rōna e le hore re boloke khotso ea bohlokoa ea phutheho ea Molimo kajeno?

Mangolo a re eletsa ka ho re, “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Bar. 12:18) E se eka re ka ikemisetsa ho etsa joalo e le hore re lule re sireletsehile tseleng e isang bophelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabapi le keletso ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 18:15-17, sheba Molula-Qhooa oa October 15, 1999, leqepheng la 17-22.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Evodia le Syntike ba ne ba lokela ho phehella khotso

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ebe ke mantsoe afe, molumo ofe oa lentsoe le boitšoaro ba mofuta ofe tseo ka ho hlakileng ho ka etsahalang hore li bōpe khotso?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela