Na U Tla Boloka Botšepehi ba Hao?
“Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—JOBO 27:5.
1, 2. Re lokela ho tšoareha mosebetsing ofe oa ho haha, ’me ke lipotso life tseo re tla li tšohla?
NKA hore u shebile polane ea ntlo. U hlolloa ke tsela eo polane eo e loketseng kateng. Ua thaba ha u nahana ka litsela tseo ntlo ena e ka le tsoelang molemo kateng, uena le lelapa la hao. Leha ho le joalo, na hase ’nete hore polane eo le ntho leha e le efe eo u ka e nahanang ka eona e ke ke ea u tsoela molemo ntle le hore u hle u hahe ntlo eo, u lule ho eona, u be u e boloke e le boemong bo botle?
2 Ka ho tšoanang, re ka ’na ra nahana hore botšepehi ke tšobotsi ea bohlokoa haholo e tla tsoela rōna le bao re ba ratang molemo o moholo. Empa ho nahana hantle ka botšepehi ho ke ke ha re tsoela molemo hakaalo haeba re sa sebeletse hore re be Bakreste ba bolokang botšepehi. Lefatšeng la kajeno, hangata ho haha ho bitsa chelete e ngata. (Luka 14:28, 29) Ka ho tšoanang, joalokaha motho a hloka nako le boiteko hore a hahe ntlo, ho joalo leha motho a batla ho ba le botšepehi, empa ho etsa joalo hase tšenyo ea nako. Kahoo a re tšohleng lipotso tsena tse tharo: Re ka ba batho ba bolokang botšepehi joang? Re ka boloka botšepehi ba rōna ba Bokreste joang? Ho ka etsoa joang haeba ka nakoana motho a sa ka a boloka botšepehi ba hae?
Re ka ba Batho ba Bolokang Botšepehi Joang?
3, 4. (a) Jehova o re thusa ho ba le botšepehi ka litsela life? (b) Joalokaha Jesu a re behetse mohlala, re ka ba le botšepehi joang?
3 Sehloohong se fetileng re hlokometse hore Jehova o re siela seriti ka ho re fa tlotla ea hore re ikhethele hore na re tla boloka botšepehi kapa che. Leha ho le joalo, se thabisang ke hore ha a re lahle kherehloa tabeng ena. O re ruta hore re sebeletse ho ba le tšobotsi ena ea bohlokoa, ebile ka seatla se bulehileng, o re fa moea oa hae o halalelang o re thusang ho sebelisa lintho tseo a re rutang tsona. (Luka 11:13) Ho phaella moo, ba lekang ka matla ho tsamaea ka botšepehi o ba sireletsa moeeng.—Liprov. 2:7.
4 Jehova o re rutile joang hore re be batho ba bolokang botšepehi? Ntho e fetang tsohle eo a re rutileng ka eona, ke ka ho romela Mora oa hae Jesu lefatšeng. Jesu o ile a phela bophelo ba ho mamela ka ho phethahetseng. O ile “a mamela ho isa lefung.” (Bafil. 2:8) Nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa, Jesu o ne a mamela Ntate oa hae oa leholimo, esita le nakong eo ho neng ho nyolosetsa. O ile a re ho Jehova: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:42) E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na le ’na ke mamela ka tsela eo?’ Ha re mamela ka phehello ka sepheo se nepahetseng, re tla ba batho ba bolokang botšepehi. Nahana ka maemo a mang bophelong ao ho mamela e leng habohlokoa haholo ho ’ona.
5, 6. (a) Davida o ile a hatisa bohlokoa ba ho boloka botšepehi joang esita leha re sa bonoe ke batho ba bang? (b) Kajeno Bakreste ba thulana le mathata afe a ho boloka botšepehi ha ba le bang?
5 Re lokela ho mamela Jehova esita le haeba re le moo ho bonahalang re le bang. Mopesaleme Davida o ne a hlokomela bohlokoa ba botšepehi makhetlong ao e neng e ka ’na eaba o ne a le mong. (Bala Pesaleme ea 101:2.) Joaloka morena, kamehla Davida o ne a lula a e-na le batho. Ho hlakile hore hangata o ne a e-ba le batho ba makholo esita le ba likete ba mo shebileng. (Bapisa le Pesaleme ea 26:12.) Ho boloka botšepehi linakong tse joalo e ne e le habohlokoa, hobane ho ne ho hlokahala hore morena a behele sechaba sa hae mohlala o motle. (Deut. 17:18, 19) Leha ho le joalo, Davida o ile a ithuta hore le haeba a ne a ka ba mong—‘ka har’a ntlo ea hae’—ho ne ho ntse ho hlokahala hore a tsamaee ka botšepehi. Na le rōna re tšoanetse ho etsa joalo?
6 Pesalemeng ea 101:3, re fumana mantsoe ana a Davida: “Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.” Kajeno ho na le menyetla e mengata ea hore re behe lintho tse se nang molemo ka pel’a mahlo a rōna, haholo-holo nakong eo re leng bang. Ho sebelisa Inthanete ho baketse batho ba bangata mathata tabeng ena. Ho ka ba bonolo hore motho a hohelehe hore a shebelle lintho tse mpe, esita le litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Empa na ho etsa joalo ho bontša ho mamela Molimo ea ileng a bululela Davida hore a ngole mantsoe ao? Litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li kotsi, hobane li hlohlelletsa litakatso tse mpe le meharo, li senya letsoalo, li senya manyalo ebile li tlosa e mong le e mong ea amehang seriti.—Liprov. 4:23; 2 Bakor. 7:1; 1 Bathes. 4:3-5.
7. Ke molao-motheo ofe o ka re thusang ho boloka botšepehi ha re le bang?
7 Ho hlakile hore, ha ho mohla mohlanka oa Jehova a ka hlang a ba mong. Ntate oa rōna o re lebela ka lerato. (Bala Pesaleme ea 11:4.) E tlameha ebe Jehova o thaba hakaakang ha a u bona u hanela moleko! Ha u etsa joalo, u ela hloko temoso e bontšoang ke mantsoe a Jesu a ho Matheu 5:28. Ikemisetse ka hohle-hohle hore u se ke ua sheba litšoantšo tse tla u leka hore u etse ntho e fosahetseng. U se ke ua senya botšepehi ba hao ba bohlokoa ka ho etsa ntho e soabisang ea ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso kapa ho bala libuka tse buang ka lintho tse joalo!
8, 9. (a) Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba thulana le bothata bofe bo amang botšepehi ba bona? (b) Kajeno bacha ba Bakreste ba thabisa Jehova le Bakreste-’moho le bona joang?
8 Re ka boetse ra ba batho ba bolokang botšepehi ka ho mamela Jehova ha re le har’a batho ba sa lumelang. Nahana ka Daniele le metsoalle ea hae e meraro. Ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona e sa le bacha. Ha ba le moo, ba pota-potiloe ke batho ba sa lumelang ba neng ba sa tsebe letho ka Jehova kapa ba tseba hanyenyane feela ka eena, Baheberu bao ba bane ba ile ba ba tlas’a khatello ea hore ba je limenyemenye tse neng li thibetsoe ke Molao oa Molimo. Bashanyana bao ba ne ba ka ’na ba fumana mabaka a mangata a hore ba se ke ba hlompha Molao oa Molimo. Etsoe batsoali ba bona, batho ba baholo le baprista ba ne ba ke ke ba bona seo ba neng ba se etsa. Ke mang ea neng a tla tseba? Ke Jehova ka boeena. Kahoo ba ile ba ema ba tiile ’me ba mo mamela ho sa tsotellehe khatello le kotsi eo ba neng ba tobane le eona.—Dan. 1:3-9.
9 Lefatšeng lohle, bacha ba Lipaki Tsa Jehova ba etsa se tšoanang, ba latela melao eo Molimo a e fileng Bakreste ’me ba hana ho inehela khatellong e kotsi ea lithaka. Lōna bacha, ha le hana ho ameha tabeng ea lithethefatsi, pefo, ho rohakana, boitšoarong bo bobe le liketsong tse ling tse fosahetseng, le mamela Jehova. Ha le etsa joalo, le boloka botšepehi ba lōna. Le itsoela molemo, ebile le thabisa Jehova le Bakreste-’moho le lōna!—Pes. 110:3.
10. (a) Ke maikutlo afe a fosahetseng ka bohlola a entseng hore bacha ba bang ba se ke ba boloka botšepehi ba bona? (b) Botšepehi bo re thusa hore re itšoare joang ha re talimane le kotsi ea bohlola?
10 Re boetse re lokela ho ba ba mamelang ha re sebelisana le batho ba bong bosele. Rea tseba hore Lentsoe la Molimo le hanela bohlola. Leha ho le joalo, ho bonolo hore re tlohele moea oo re nang le oona oa ho mamela ebe re lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mohlala, bacha ba bang ba ’nile ba kopanela boitšoarong ba ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali kapa ho li kenya ka morao kapa ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ba ipolella hore liketso tsena ha li mpe hakaalo hobane ba nahana hore ka ho etsa joalo ha ba “kopanele liphate.” Bacha bao baa lebala—kapa ba khetha ho iphapanyetsa taba ea hore—lentsoe le bolelang bohlola ka Bibeleng le akarelletsa mekhoa eo kaofela, e leng boitšoaro bo bobe boo motho a ka khaoloang ka lebaka la bona.a Leha ho le joalo, ho hobe le ho feta ke hore, ba iphapanyetsa taba ea hore botšepehi boa hlokahala. Kaha re loanela ho boloka botšepehi ba rōna, ha re leke ho batla mabaka a hore re se ke ra tšepahala. Ha re leke ho etsa lintho tse ka etsang hore re be lintšing tsa ho etsa sebe ebe ha re fumane kotlo. Ha re nahane feela ka khalemelo eo re ka ’nang ra e fumana phuthehong. Ho e-na le hoo, re nahana ka lintho tse tla khahlisa Jehova ebile re qoba lintho tse tla mo utloisa bohloko. Ho e-na le ho batla litsela tsa ho bapalla haufi le sebe, re bapalla hōle le sona ’me re ‘baleha bohlola.’ (1 Bakor. 6:18) Kahoo re bontša hore re batho ba bolokang botšepehi e le kannete.
Re ka Boloka Botšepehi ba Rōna Joang?
11. Ke hobane’ng ha ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho mamela e le ea bohlokoa? Etsa mohlala.
11 Ho mamela ho etsa hore re be le botšepehi, ’me re boloka botšepehi ka hore re tsoele pele re mamela. Ketso e le ’ngoe ea ho mamela e ka ’na ea bonahala e se ea bohlokoa—e le ntho e sa reng letho. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, liketso tseo tsa ho mamela li bontša hore motho oa tšepahala. Ho etsa mohlala: Setene se le seng se ka ’na sa bonahala e se sa bohlokoa, empa haeba re li bokella ka hloko li le ngata, re ka haha ntlo e ntle. Kahoo, ha re tsoela pele ho eketsa liketso tsa rōna tsa ho mamela, sena se bontša hore re boloka botšepehi ba rōna.—Luka 16:10.
12. Davida o ile a beha mohlala oa ho boloka botšepehi joang ha a ne a tšoeroe hampe le ka ho hloka toka?
12 Botšepehi ba rōna bo totobala ka ho khetheha ha re mamella ha re thulana le mathata, tšoaro e mpe kapa ho hloka toka. Nahana ka mohlala o ka Bibeleng oa Davida. Ha e sa le mohlankana, o ile a mamella ho hlorisoa ke morena ea neng a lokela ho emela bolaoli ba Jehova. Leha ho le joalo, Morena Saule, o ile a furalloa ke Jehova ’me o ne a shoela Davida mona haholo, le hoja Davida e ne e le eena motho ea neng a amoheloa ke Molimo. Leha ho le joalo, Saule o ile a tsoela pele a busa ka nakoana ’me o ile a sebelisa lebotho la Iseraele ho tsoma Davida. Jehova o ile a lumella hore ho hloka toka hona ho tsoele pele ka lilemo tse ngata. Na Davida o ile a halefela Molimo? Na o ile a etsa qeto ea hore ho mamella ha ho na thuso? Che. O ile a lula a hlompha ka matla boemo ba Saule, motlotsuoa oa Molimo, a hana ho mo ntša kotsi le hoja a ne a e-na le monyetla oa ho etsa joalo.—1 Sam. 24:2-7.
13. Re ka boloka botšepehi ba rōna joang ha re utloisitsoe bohloko kapa re khopisitsoe?
13 Davida o re behela mohlala o matla hakaakang kajeno! Re karolo ea phutheho ea lefatše lohle ea batho ba sa phethahalang, bao mang kapa mang oa bona a ka ’nang a re fosetsa kapa a fetoha ea sa tšepahaleng. Ha e le hantle, re lehlohonolo hore ebe re phela nakong ea ha ho se mohla batho ba Jehova ka kakaretso ba ka silafatsoang. (Esa. 54:17) Leha ho le joalo, re lokela ho etsa joang haeba motho a ka re soetsa kapa a re utloisa bohloko? Haeba re ne re ka jara morapeli-’moho le rōna ka pelo, botšepehi ba rōna ho Molimo bo ne bo ka ba kotsing. Le ka mohla boitšoaro ba batho ba bang ha ea lokela ho ba lebaka la hore re halefele Molimo kapa hore re tlohele ho phela ka botšepehi. (Pes. 119:165) Ho mamella esita le har’a liteko ho tla re thusa hore re boloke botšepehi ba rōna.
14. Batho ba bolokang botšepehi ba etsa joang ha ho e-ba le liphetoho litabeng tsa tsamaiso le lithutong tsa Bibele?
14 Re ka boela ra boloka botšepehi ka ho qoba moea oa ho sheba liphoso tsa ba bang le oa ho ba nyatsa. Ho hlakile hore, seo se bolela ho tšepahala ho Jehova. Hona joale, o hlohonolofatsa batho ba hae ho feta leha e le neng pele. Ha ho mohla borapeli bo hloekileng bo kileng ba phahamisoa hakana lefatšeng. (Esa. 2:2-4) Ha ho etsoa liphetoho tseleng eo litemana tsa Bibele li hlalosoang ka eona kapa eo lintho li etsoang ka eona, re lokela ho li amohela. Re thabela ho bona bopaki ba hore leseli la moea le ntse le eketseha. (Liprov. 4:18) Haeba re fumana ho le thata ho utloisisa phetoho e itseng, re kōpa Jehova hore a re thuse ho e utloisisa. Leha ho le joalo re tsoela pele re ntse re mamela re bile re bolokile botšepehi ba rōna.
Ho Tla Etsahala Eng Haeba Motho e Mong a sa Boloke Botšepehi?
15. Ke mang feela ea ka tlosang botšepehi ba hao ho uena?
15 Ruri eo ke potso e etsang hore motho a inahane! Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, botšepehi ke ntho ea bohlokoa haholo. Ha re se na bona, ha re be le kamano le Jehova ebile ha re na tšepo ea sebele. Lula u hopola sena: Ho na le motho a le mong feela bokahohleng ea ka tlosang botšepehi ba hao ho uena. Motho eo ke uena. Jobo o ne a utloisisa ’nete eo hantle. O ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Haeba u e-na le boikemisetso bo tšoanang ’me u lula u le haufi le Jehova, seo se tla u thusa hore u boloke botšepehi ba hao.—Jak. 4:8.
16, 17. (a) Haeba motho a etsa sebe se seholo, ho tla be ho fosahetse hore a nke tsela efe? (b) Ke tsela efe e nepahetseng eo a lokelang ho e nka?
16 Leha ho le joalo, ba bang ba hlōleha ho boloka botšepehi ba bona. Feela joalokaha ho ’nile ha etsahala ha baapostola ba sa le teng, ba bang ba tloaela ho etsa libe tse khōlō. Haeba u hlahetsoe ke seo, na ha ho sa na tšepo? Che ha ho joalo. Ke sefe se ka etsoang? A re qaleng ka ho tšohla hore na ke sefe se sa lokelang ho etsoa. Tloaelo ea motho ke ho patela batsoali, Bakreste-’moho kapa baholo phoso. Leha ho le joalo, Bibele e re hopotsa sena: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liprov. 28:13) Ba lekang ho koahela libe tsa bona ba etsa phoso e khōlō, hobane ha ho letho le ka pateloang Molimo. (Bala Baheberu 4:13.) Ba bang ba bile ba leka ho phela bophelo ba boikaketsi, ba etsa eka ba sebeletsa Jehova empa ba ntse ba phela bophelo ba boetsalibe. Motho ea joalo ea phelang bophelo ba boikaketsi, ha a tšepahale. Jehova ha a khahloe ke liketso tsa borapeli tse etsoang ke batho ba patang libe tse khōlō. Ho e-na le hoo, boikaketsi bo joalo boa mo halefisa.—Liprov. 21:27; Esa. 1:11-16.
17 Ha Mokreste a etsa phoso e khōlō, ho hlakile hore na ke ntho efe e nepahetseng eo a lokelang ho e etsa. Ke nako ea hore a kōpe thuso ho baholo ba Bakreste. Jehova o na le tokisetso eo a e entseng ea ho sebetsa litaba tse khōlō tsa batho ba kulang moeeng. (Bala Jakobo 5:14.) U se ke ua lumella ho tšaba hore u ka ’na ua fuoa kotlo kapa ua khalemeloa ho u thibela ho batla thuso ea hore u tsoele pele u phela hantle moeeng. Etsoe, na motho ea bohlale o ne a ka lumella hore bohloko ba nakoana ba ente kapa ba ho buuoa bo mo thibele ho batla thuso ea ho sebetsana le boloetse bo neng bo ka ’na ba mo bolaea?—Baheb. 12:11.
18, 19. (a) Mohlala oa Davida o bontša joang hore motho a ka boelloa ke botšepehi? (b) U ikemiselitse ho etsa eng mabapi le botšepehi ba hao?
18 Na ho na le tšepo ea hore motho a ka hlaphoheloa ka ho feletseng? Na ha motho e ile ea e-ba ea se nang botšepehi a ka boela a tšepahala hape? Nahana hape ka mohlala oa Davida. O ile a etsa sebe se seholo. O ile a talima mosali oa monna e mong ka ho chacheha, a etsa bofebe a ba a loha leano la hore monna eo ea se nang molato a bolaoe. Ruri ho ke ke ha e-ba bonolo ho nka hore ka nako eo, Davida e ne e le monna ea tšepahalang! Leha ho le joalo, na ho ne ho se na letho le ka etsoang? Davida o ne a hloka ho khalemeloa ’me o ile a khalemeloa ka thata. Joale, kaha o ile a baka e le kannete Jehova o ile a mo hauhela. Davida o ile a ithuta ho hong khalemelong eo ’me o ile a boelloa ke botšepehi ba hae ka hore a mamele Molimo ho sa tsotellehe hore na o hlaheloa ke eng. Tsela eo Davida a neng a phela ka eona e ne e le mohlala oa seo re se balang ho Liproverbia 24:16: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” Ka phello efe? Nahana ka seo Jehova a ileng a se bolella Solomone ka mor’a lefu la Davida. (Bala 1 Marena 9:4.) Ha Molimo a ne a nahana ka Davida o ne a nahana ka eena e le motho ea tšepahalang. Ka sebele Jehova a ka hloekisa baetsalibe ba bakileng esita le letheba le bakiloeng ke libe tse khōlō.—Esa. 1:18.
19 Ka sebele, u tla ba motho ea nang le botšepehi ka ho mamela Molimo ka lerato. Mamella ka botšepehi ’me haeba u ka etsa sebe se seholo, baka e le kannete. Botšepehi ke ntho ea bohlokoa hakaakang! E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ba le boikemisetso boo Davida a neng a e-na le bona: “Ha e le ’na, ke tla tsamaea botšepehing ba ka.”—Pes. 26:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
U ka Araba Joang?
• U ka ba motho ea bolokang botšepehi joang?
• U ka boloka botšepehi ba hao ka litsela life?
• Ho ka khoneha joang hore motho a boelloe ke botšepehi ba hae?
[Lebokose le leqepheng la 8]
“HA KE E-S’O BONE MOSA O MOKAALO”
Ka lebaka la mosa le botšepehi ba motho eo a neng a sa mo tsebe, mosali eo e neng e le moimana oa likhoeli tse hlano o ile a bua mantsoe ao. O ne a ile a ea lebenkeleng la lijo tse bobebe, ’me lihora tse seng kae hamorao, a hlokomela hore o lebetse sepache sa hae moo. Sepache seo se ne se tšetse R16 000, ’me o ne a sa tloaela ho tsamaea a nkile chelete e ngata hakaalo. Hamorao o ile a bolella koranta ea sebakeng sa habo sena: “Ke ne ke ferekane haholo.” Leha ho le joalo, moroetsana e mong o ile a thola sepache seo ’me hang-hang a batla mong’a sona. Ha a sa mo fumane, o ile a se isa mapoleseng ’me ’ona a ile a qetella a fumane mosali eo oa moimana. A thabile haholo, mong’a sepache o ile a re: “Ha ke e-s’o bone mosa o mokaalo.” Ke hobane’ng ha moroetsana eo a ile a etsa boiteko bo bokaalo ba hore a khutlise chelete eo? Tlaleho ea koranta e bontša hore kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o boletse hore “o tšepahala joalo ka lebaka la bolumeli boo a hōliselitsoeng ho bona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bacha ba ka boloka botšepehi ha ba lekoa
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Davida o ile a hlōleha ho boloka botšepehi ka nakoana, empa o ile a hlaphoheloa