Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 4/1 leq. 5
  • Tsoalo e Ncha—Ke ea Bohlokoa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoalo e Ncha—Ke ea Bohlokoa Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsoaloa Hape—Na ke Tsela ea ho Pholoha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Bo-mang ba ‘Tsoetsoeng Hape’?
    Tsoha!—1988
  • Tsoalo e Ncha—Na ke Ntho eo Motho a ka Ikhethelang Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ruta Nikodema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 4/1 leq. 5

Tsoalo e Ncha​—Ke ea Bohlokoa Hakae?

PUISANONG eohle ea hae le Nikodemase, Jesu o ile a hatisa hore tsoalo e ncha, kapa ho tsoaloa hape, ke ntho ea bohlokoa haholo. O ile a hlakisa seo joang?

Hlokomela hore na puisanong ea hae le Nikodemase Jesu o ile a hatisa joang hore tsoalo e ncha ke ea bohlokoa. O ile a re: “Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3) Mantsoe a reng “ntle le hore” le a reng “a ke ke” a hatisa hore tsoalo e ncha ke ea bohlokoa. Ho tea mohlala: Haeba motho a re, “Ntle le hore letsatsi le chabe, ho ke ke ha e-ba le khanya ea letsatsi,” o bolela hore khanya ea letsatsi e itšetlehile ka ho feletseng ka hore letsatsi le chabe. Ka tsela e tšoanang, Jesu o ne a bolela hore ho bona ’Muso oa Molimo ho itšetlehile ka ho feletseng ka hore motho a tsoaloe hape.

Qetellong, joalokaha eka Jesu o tlosa khoao leha e le efe e ka ’nang ea e-ba teng, o ile a re: “Le lokela hore le tsoaloe hape.” (Johanne 3:7, NW) Ho hlakile hore ho latela Jesu, ke tlamo hore motho a tsoaloe hape—o lokela ho tsoaloa hape—e le hore a ‘kene ’musong oa Molimo.’—Johanne 3:5.

Kaha Jesu o ne a hlile a nka tsoalo e ncha e le taba ea bohlokoa, Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba utloisisa taba ena ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, na u nahana hore Mokreste a ka ikhethela hore a tsoaloe hape?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Ntle le hore letsatsi le chabe, ho ke ke ha e-ba le khanya ea letsatsi”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela