Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 4/1 maq. 7-8
  • Tsoalo e Ncha—Morero oa Eona ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoalo e Ncha—Morero oa Eona ke Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tla Busa ba ’Maloa, Empa ba Tla Rua Molemo ba Bangata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 4/1 maq. 7-8

Tsoalo e Ncha​—Morero oa Eona ke Ofe?

BATHO ba bangata ba lumela hore motho o lokela ho tsoaloa hape hore a pholosoe ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, hlokomela hore na Jesu ka boeena o ile a re morero oa tsoalo e ncha ke ofe. O itse: “Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3) Kahoo ho hlokahala hore motho a tsoaloe hape e le hore a kene ’Musong oa Molimo, eseng hore a pholosoe. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa, na lipoleloana tsee tse peli—ho kena ’Musong le ho pholosoa—ha li bolele moputso o le mong?’ Che, ha ho joalo. E le hore re utloisise phapang, a re qaleng ka ho tšohla se boleloang ke poleloana e reng “’muso oa Molimo.”

’Muso ke mofuta oa puso. Kahoo, poleloana e reng “’muso oa Molimo” e bolela “puso ea Molimo.” Bibele e ruta hore Jesu Kreste, e leng “mor’a motho,” ke eena Morena oa ’Muso oa Molimo le hore Kreste o na le batho bao a tla busa le bona. (Daniele 7:1, 13, 14; Matheu 26:63, 64) Ho feta moo, pono eo moapostola Johanne a ileng a e bontšoa e ile ea senola hore batho ba il’o busa le Kreste ke ba khethiloeng “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng” ebile ba tla “busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le bolela hore batho ba tla busa e le marena ke “mohlatsoana” oa batho ba 144 000 “ba rekiloeng lefatšeng.”—Luka 12:32; Tšenolo 14:1, 3.

’Muso oa Molimo o hlonngoe hokae? “’Muso oa Molimo” o boetse o bitsoa “’muso oa maholimo,” e leng se bontšang hore Jesu le marena a tla busa le eena ba tla busa ba le leholimong. (Luka 8:10; Matheu 13:11) Kahoo, ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimong eo ho eona ho tla busa Jesu Kreste le sehlopha sa batho ba khethiloeng har’a moloko oa batho.

Joale Jesu o ne a bolela’ng ha a re motho o lokela ho tsoaloa hape e le hore a ka “kena ’musong oa Molimo”? O ne a bolela hore motho o lokela ho tsoaloa hape e le hore a ka ea busa le Kreste leholimong. Ka mantsoe a bonolo, morero oa tsoalo e ncha ke ho lokisetsa sehlopha sa batho ba ’maloa hore ba e’o busa ’musong oa leholimo.

Ho tla fihlela mothating ona, re se re bone hore tsoalo e ncha ke ea bohlokoa, e simoloha ho Molimo le hore e lokisetsa sehlopha sa batho hore ba e’o busa ba le leholimong. Empa hantle-ntle tsoalo e ncha e etsahala joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Morero oa tsoalo e ncha ke ho lokisetsa sehlopha sa batho ba ’maloa hore ba e’o busa ’musong oa leholimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

’Muso oa Molimo ke puso eo ho eona ho tla busa Jesu Kreste le sehlopha sa batho ba khethiloeng har’a moloko oa batho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela