Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 9/1 leq. 24
  • Ho Etsahala Mohlolo ka Pentekonta!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Mohlolo ka Pentekonta!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Petrose o Latola Jesu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 9/1 leq. 24

Tsa Bacha Ba Rōna

Ho Etsahala Mohlolo ka Pentekonta!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang!

NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA LIKETSO 2:1-21, 38-41.

Ha u bala ka “moea o fokang ka sekhahla” le ka “maleme a kang mollo,” u nahana’ng?

․․․․․

U nahana hore batho ba ne ba re’ng ha ba ntse ba maketse ha ba utloa barutuoa ba bua lipuo tseo pele ba neng ba sa li tsebe?

․․․․․

U bona eka lifahleho tsa batho ba neng ba belaela ba temaneng ea 13 li ne li shebahala joang?

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ho ne ho etsoa’ng ka Pentekonta, hona e ka ’na eaba mokete oo o ne o etsa hore batho ba bangata ba bokaneng Jerusalema ba ikutloe joang? (Deuteronoma 16:10-12)

․․․․․

Ha Petrose a bua le bamameli ba hae o ile a bontša joang hore oa ba hlompha, hona o ile a bua ka ntlha efe eo ba neng ba lumellana ka eona? (Liketso 2:29)

․․․․․

Tsela eo Petrose a ileng a bontša ho ba sebete ka eona ka Pentekonta e fapane joang le eo a neng a le ka eona ha a ne a le lebaleng la moprista ea phahameng? (Matheu 26:69-75)

․․․․․

SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Bohlokoa ba hore re fumane seo re lumellanang le bamameli ba rōna ka sona le ho bua le bona ka tsela e hlomphang ha re ba bolella seo re se lumelang se thehiloeng Bibeleng.

․․․․․

Monyetla oo u nang le oona oa hore u be Paki ea Jehova e sebete, le hoja hona joale u ikutloa u le lihlong kapa u le boi.

․․․․․

U KHAHLOA KE ENG TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa September 15, 1996, leqepheng la 8-9.

․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela