Mamela ’me U be Sebete Joaloka Kreste
“Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”—JOH. 16:33.
1. Jesu o ne a mamela Molimo ka ho feletseng hakae?
JESU KRESTE o ne a etsa thato ea Molimo kamehla. Ha ho mohla a kileng a ba le khopolo ea hore a se ke a mamela Ntate oa hae ea leholimong. (Joh. 4:34; Baheb. 7:26) Empa lintho tse neng li mo hlahela lefatšeng li ne li sa mo nolofalletse hore a mamele. Ho tloha ha Jesu a qala mosebetsi oa hae oa boboleli, lira tsa hae, ho akarelletsa Satane ka boeena, li ile tsa leka ho mo susumetsa, ho mo qobella, kapa ho mo qhekella hore a khaotse ho tšepahala. (Mat. 4:1-11; Luka 20:20-25) Lira tsena li ile tsa hlokofatsa Jesu kelellong, maikutlong le ’meleng. Qetellong, li ile tsa atleha ho mo bolaela thupeng ea tlhokofatso. (Mat. 26:37, 38; Luka 22:44; Joh. 19:1, 17, 18) Ha lintho tsena tsohle li ntse li etsahala, ho sa tsotellehe le bohloko bo boholo boo a neng a bo utloa, Jesu o ile a lula “a mamela ho isa lefung.”—Bala Bafilipi 2:8.
2, 3. Re ka ithuta eng tabeng ea hore Jesu o ne a mamela ho sa tsotellehe mahlomola ao a ileng a ba ho ’ona?
2 Lintho tse ileng tsa hlahela Jesu ha e ne e le motho lefatšeng li ile tsa mo ruta maemo a macha tabeng ea ho mamela. (Baheb. 5:8) Ho ka ’na ha bonahala eka ho ne ho se letho leo Jesu a neng a ka hlola a ithuta lona mabapi le ho sebeletsa Jehova. Etsoe, o ne a bile le setsoalle se haufi le Jehova ka nako e telele haholo ’me e ne e bile “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo nakong ea pōpo. (Liprov. 8:30) Leha ho le joalo, ho mamella ha hae ka tumelo ha e ne e le motho oa nama, ho sa tsotellehe mahlomola, ho ile ha bontša hore o tšepahala ka ho feletseng. Kamano eo Jesu, Mora oa Molimo, a neng a e-na le eona le Ntate oa hae, e ile ea matlafala. Re ka ithuta eng ho se etsahetseng ho eena?
3 Le hoja e ne e le motho ea phethahetseng, Jesu ha aa ka a leka ho lula a mamela ka ho phethahetseng ntle ho thuso. O ne a rapella thuso e tsoang ho Molimo hore a lule a mamela. (Bala Baheberu 5:7.) E le hore re lule re mamela, le rōna re lokela ho ikokobetsa le ho rapella thuso ea Molimo kamehla. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a eletsa Bakreste a re: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu,” ea ‘ileng a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung.’ (Bafil. 2:5-8) Tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e bontšitse hore ho ka khoneha hore batho ba mamele leha ba le har’a batho ba khopo. Ke ’nete hore Jesu o ne a phethahetse, empa batho ba sa phethahalang joaloka rōna bona ba ka etsa joang?
Re ka Mamela le Hoja re sa Phethahala
4. Taba ea hore ebe re bōpiloe re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela e bolela’ng?
4 Molimo o ile a bōpa Adama le Eva e le libōpuoa tse bohlale le tse nang le bolokolohi ba ho ikhethela. Kaha re litloholo tsa bona, le rōna re na le bolokolohi ba ho ikhethela. Seo se bolela’ng? Se bolela hore re ka etsa qeto ea ho etsa se setle kapa se sebe. Ka mantsoe a mang, Molimo o re file bolokolohi ba ho khetha ho mo mamela kapa ho se mo mamele. Bolokolohi bona bo boholo bo tsamaea le boikarabelo. Ha e le hantle, liqeto tse ntle kapa tse mpe tseo re li etsang li ka bolela bophelo kapa lefu ho rōna. Li boetse li ama batho bao re phelang har’a bona.
5. Bohle re loana le eng, hona re ka atleha joang?
5 Ho mamela ha ho itlele feela kaha re futsitse ho se phethahale. Ha ho bonolo ho mamela melao ea Molimo kamehla. Pauluse o ile a tlameha ho loana e le hore a mamele. O ile a ngola a re: “Lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Bar. 7:23) Ho hlakile hore ha ho sa hlokahale hore re etse boitelo bo itseng kapa re sa utloe bohloko, ho bonolo hore re mamele. Leha ho le joalo, re etsa joang ha takatso ea rōna ea ho mamela e hanyetsana le “takatso ea nama le takatso ea mahlo”? Litakatso tsena tse fosahetseng li bakoa ke ho se phethahale ha rōna le tšusumetso ea “moea oa lefatše” o re potolohileng, ’me li matla haholo. (1 Joh. 2:16; 1 Bakor. 2:12) E le hore re li hanele, re lokela ho ‘lokisa lipelo tsa rōna’ pele re oeloa ke tsietsi kapa re thulana le teko ’me re ikemisetse hore re tla mamela Jehova, ho sa tsotellehe se etsahalang. (Pes. 78:8) Re na le mehlala e mengata ka Bibeleng ea batho ba ileng ba atleha hobane ba ile ba lokisa lipelo tsa bona.—Esdr. 7:10; Dan. 1:8.
6, 7. Bontša kamoo thuto ea botho e ka re thusang kateng hore re etse liqeto tse bohlale.
6 Tsela e ’ngoe eo re ka lokisang lipelo tsa rōna ka eona, ke ka hore re khothalle ho ithuta Mangolo le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Nahana u le boemong bo latelang. Mohlomong ke mantsiboea a hore u etse thuto ea botho. U sa tsoa rapella moea oa Jehova hore o u thuse ho sebelisa seo u ithutang sona Lentsoeng la hae. U rerile hore mantsiboeeng a latelang u tla shebella filimi e itseng thelevisheneng. Le hoja ho buuoa hantle ka eona, u utloetse hore ho na le moo e bontšang boitšoaro bo bobe le liketso tse mabifi.
7 U nahanisisa ka keletso ea Pauluse e ho Baefese 5:3 e reng: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang.” U boetse u hopola keletso ea Pauluse e ho Bafilipi 4:8. (E bale.) Ha u ntse u nahanisisa ka keletso ena e bululetsoeng, ua ipotsa, ‘Haeba ke fepa pelo ea ka le kelello ea ka ka mananeo a joalo ka boomo, na ke tla be ke latela mohlala oa Jesu oa ho mamela Molimo ka tieo?’ U tla etsa joang? Na u tla itsoella pele ’me u shebelle filimi eo?
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho boloka melao e phahameng ea boitšoaro le ea lintho tsa moea?
8 E ka ba phoso haeba re ka khoehlisa tseleng eo re mamelang melao ea Jehova ka eona, mohlomong re nahana hore re matla hoo re ka etsang hore litholoana tsa litloaelano tse mpe li se ke tsa re ama, ho akarelletsa le haeba litloaelano tseo e le boithabiso bo mabifi kapa ba boitšoaro bo bobe. Ho e-na le hoo, re lokela ho itšireletsa le bana ba rōna tšusumetsong e bolisang ea moea oa Satane. Batho ba sebelisang lik’homphieutha ba sehla ka thata ho thibela thepa ea bona hore e se ke ea tšoaetsoa livaerase tse kotsi tse ka hlakolang boitsebiso, tsa sitisa lik’homphieutha tsa bona ho sebetsa, haesita le ho li laola ebe li li sebelisetsa ho hlasela lik’homphieutha tse ling. Na rōna ha rea lokela ho falimeha ho feta moo e le hore re itšireletse ‘maqiting’ a Satane?—Baef. 6:11.
9. Ke hobane’ng ha letsatsi le leng le le leng re lokela ho ikemisetsa ho mamela Jehova?
9 Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, ka tsela e itseng, re lokela ho khetha hore na re tla etsa lintho ka tsela ea Jehova kapa che. E le hore re tle re pholohe, re lokela ho mamela Molimo re be re phele ka melao-motheo ea hae e lokileng. Haeba re latela mohlala oa Kreste oa ho mamela “ho isa lefung,” re tla be re bontša hore re na le tumelo ea ’nete. Jehova o tla putsa botšepehi ba rōna. Jesu o ile a tšepisa a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 24:13) Ho hlakile hore sena se hloka hore re be le sebete sa sebele, se tšoanang le seo Jesu a ileng a se bontša.—Pes. 31:24.
Jesu ke Mohlala o ka Sehloohong oa Sebete
10. Re ka ’na ra tobana le mathata a mofuta ofe, hona re lokela ho etsa’ng?
10 Kaha re pota-potiloe ke boikutlo le boitšoaro ba lefatše lena, ho hlokahala hore re be sebete e le hore li se ke tsa re hahlamela. Bakreste ba tobana le mathata a boitšoaro, a sechaba, a lichelete le a bolumeli a ka ba khelosang litseleng tse lokileng tsa Jehova. Ba bangata baa hanyetsoa ka malapeng. Linaheng tse ling, likolo li lomahantse meno ho feta neng kapa neng ho ruta khopolo ea ho iphetola ha lintho, ’me ho latola boteng ba Molimo ho ntse ho e-ja setsi. Maemong ana a hatellang, re ke ke ra phutha matsoho eaba ha re etse letho. E le hore re eme re tiile, re lokela ho nka khato ’me ka ho etsa joalo re itšireletse. Mohlala oa Jesu o re bontša hore na re ka atleha joang.
11. Ho nahanisisa ka mohlala oa Jesu ho ka re etsa hore re be sebete haholo joang?
11 Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Joh. 16:33) Ha ho mohla a kileng a inehella tšusumetso ea lefatše. Ha ho mohla a kileng a lumella lefatše hore le mo sitise ho phetha mosebetsi oa hae oa boboleli kapa hore le mo susumelletse ho khoehlisa tseleng eo ka eona a neng a mamela melao ea borapeli ba ’nete le ea boitšoaro bo loketseng, ’me le rōna ha rea lokela ho le lumella. Jesu o ile a bua se latelang ka barutuoa ba hae thapelong: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:16) Ha re ithuta ka mohlala oa Kreste oa ho ba sebete re bile re nahanisisa ka oona, re ka ba le sebete se hlokahalang sa hore re lule re arohile lefatšeng lena.
Ithute Sebete ho Jesu
12-14. Fana ka mehlala ea hore Jesu o ne a le sebete.
12 Jesu o ile a bontša sebete se seholo tšebeletsong eohle ea hae. Ha a sebelisa matla a hae e le Mora oa Molimo, o ile a ba sebete ho “kena ka tempeleng a phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba.” (Mat. 21:12) Ha masole a ne a tlil’o tšoara Jesu bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng, o ile a itlhahisa ka sebete hore a sireletse barutuoa ba hae, a re: “Haeba ke ’na eo le mo batlang, le tlohele bana ba tsamaee.” (Joh. 18:8) Hamoraonyana, Jesu o ile a bolella Petrose hore a behe sabole ea hae, kahoo a bontša hore o tšepile Jehova, eseng lihlomo tsa lefatše.—Joh. 18:11.
13 Ka sebete Jesu o ile a pepesa mesuoe ea bohata ea mehleng ea hae e neng e se na lerato, a ba a pepesa le lithuto tsa eona tse fosahetseng. Jesu o ile a re ho eona: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’muso oa maholimo. . . . Le hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi . . . Le hloekisa bokantle ba senoelo le ba sejana, empa ka hare li tletse tse tlatlapuoeng le ho se lekanyetse.” (Mat. 23:13, 23, 25) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla hloka sebete se tšoanang hobane baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba ne ba tla ba hlorisa ba be ba bolaee ba bang ba bona.—Mat. 23:34; 24:9.
14 Jesu o ile a ema ka sebete esita le khahlanong le bademona. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a tobana le monna ea nang le modemona, ea neng a le matla hoo ho neng ho se motho ea ka mo tlamang ka ketane. Jesu ha aa ka a tšoha, ’me o ile a leleka bademona ba bangata ba neng ba laola monna eo. (Mar. 5:1-13) Kajeno, Molimo ha aa fa Bakreste matla a ho etsa mehlolo e joalo. Leha ho le joalo, ha re ntse re bolela re bile re ruta, le rōna re lokela ho loana le Satane, ea “foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.” (2 Bakor. 4:4) Joaloka tabeng ea Jesu, lihlomo tsa rōna “hase tsa nama, empa li matla ka Molimo bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla”—e leng likhopolo tsa bolumeli tse metseng ka metso empa e le tsa bohata. (2 Bakor. 10:4) Ho na le lintho tse ngata tseo re ithutang tsona mohlaleng oa Jesu mabapi le ho sebelisa lihlomo tsena tsa moea.
15. Ke eng e neng e etsa hore Jesu a be sebete?
15 Jesu o ne a le sebete hobane a ne a e-na le tumelo, eseng hobane a ne a iketsa eka ke mohale. Le rōna re lokela ho ba sebete hobane re e-na le tumelo. (Mar. 4:40) Ebe re ka fumana tumelo ea sebele joang? Le hona mona, re tataisoa ke mohlala oa Jesu. O ne a bontša hore o tseba Mangolo ka ho phethahala le hore o a tšepa ka ho feletseng. Sebetsa seo Jesu a neng a se tsoka e ne e se sabole ea sebele empa e ne e le sabole ea moea, e leng Lentsoe la Molimo. Nako le nako o ne a tšehetsa seo a neng a se ruta ka Mangolo. Hangata o ne a qala lipolelo tsa hae ka ho re: “Ho ngoliloe,” ke hore, Lentsoeng la Molimo.a
16. Re ka fumana tumelo e matla le ho feta joang?
16 E le hore re be le tumelo e ka mamellang liteko tseo ntle ho tikatiko li tlisoang ke ho ba morutuoa, re lokela ho bala le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi re be re be teng libokeng tsa Bokreste, re kenye ka likelellong tsa rōna linnete tseo e leng motheo oa tumelo. (Bar. 10:17) Hape re lokela ho thuisa—re nahanisise—ka seo re ithutang sona, re etse hore se thophothele lipelong tsa rōna. Tumelo e matla ke eona feela e ka re susumelletsang ho etsa lintho ka sebete. (Jak. 2:17) Ebile re lokela ho rapella moea o halalelang hobane tumelo ke karolo ea tholoana ea moea.—Bagal. 5:22.
17, 18. Mocha e mong oa Paki o ile a bontša sebete joang ha a le sekolong?
17 Mocha e mong oa Paki ea bitsoang Kitty o ile a bona kamoo tumelo ea sebele e etsang hore re be sebete kateng. Ho tloha ha a sa le monyenyane o ne a tseba hore ha aa lokela ho ba “lihlong ka litaba tse molemo” ha a le sekolong, ’me o ne a hlile a batla ho fana ka bopaki bo botle ho bao a kenang sekolo le bona. (Bar. 1:16) Selemo le selemo, o ne a ikemisetsa hore o tla bolella ba bang litaba tse molemo, empa ka lebaka la ho hloka sebete, o ne a sa ho etse. Pejana a e-ba le lilemo tse mashome a mabeli, o ile a ea sekolong se seng. O ile a re, “Lekhetlong lena, ke tla etsa se ’nileng sa ntlhōla.” Kitty o ile a rapella hore joaloka Kreste, a be le sebete, temoho le menyetla e nepahetseng.
18 Letsatsing leo sekolo se butsoeng ka lona, liithuti li ile tsa kōptjoa hore li itlhalose ka bonngoe. Tse ngata li ile tsa bolela malumeli ao li hōliselitsoeng ho ’ona, ’me tsa phaella ka hore li ne li sa kopanele kamehla borapeling. Kitty o ile a hlokomela hore ona e ne e le monyetla oo a o rapeletseng. Ha nako ea hae e fihla, ka sebete o ile a re: “’Na ke Paki ea Jehova, ’me litabeng tsa boitšoaro le borapeli ke tataisoa ke Bibele.” Ha a ntse a tsoela pele, liithuti tse ling li ile tsa petla melomo. Empa tse ling li ile tsa mamela ka hloko ’me hamorao tsa botsa lipotso. Tichere e bile ea sebelisa Kitty e le mohlala o motle oa motho ea emelang tumelo ea hae. Kitty o thabile haholo hore ebe o ithutile mohlaleng oo Jesu a o behileng oa ho ba sebete.
Bontša Tumelo le Sebete se Kang sa Kreste
19. (a) Ho ba le tumelo ea sebele ho akarelletsa eng? (b) Re ka thabisa Jehova joang?
19 Baapostola le bona ba ile ba hlokomela hore tumelo e lokela ho ba mokokotlo oa liketso tsa bona tse etsoang ka sebete. Ba ile ba kōpa Jesu ka tieo ba re: “Re fe tumelo e eketsehileng.” (Bala Luka 17:5, 6.) Ho ba le tumelo ea sebele hase feela ho lumela hore Molimo o teng. Ho akarelletsa ho ba le kamano e matla le Jehova, e tšoanang le eo ngoana e monyenyane a nang le eona le ntate ea mosa le ea lerato. Solomone o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Mora oa ka, haeba pelo ea hao e hlalefile, esita le pelo ea ka e tla thaba. Liphio tsa ka li tla thaba ha molomo oa hao o bolela ho loka.” (Liprov. 23:15, 16) Ka tsela e tšoanang, ha re emela melao-motheo e lokileng ka sebete, Jehova oa thaba, ’me ha re tseba seo, re ba sebete le ho feta. Kahoo, kamehla re ke re etsise mohlala oa Jesu, re emele ho loka ka sebete!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, sheba Matheu 4:4, 7, 10; 11:10; 21:13; 26:31; Mareka 9:13; 14:27; Luka 24:46; Johanne 6:45; 8:17.
Na U ka Hlalosa?
• Ke eng e tla re thusa hore re lule re mamela le hoja re sa phethahala?
• Re ka etsa joang hore re be le tumelo ea ’nete, hona see se ka re thusa joang hore re be sebete?
• Ho tla etsahala’ng ha re mamela re bile re bontša sebete se kang sa Kreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Na u “lokisa pelo ea hao” hore u hanele meleko?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tumelo e ka etsa hore re be sebete joaloka Jesu