Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 11/1 leq. 7
  • Thuto e Iqapetsoeng ea 4: Molimo ke Boraro-bo-bong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Iqapetsoeng ea 4: Molimo ke Boraro-bo-bong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
    Tsoha!—2013
  • Karolo 4—Thuto ea Boraro-bo-bong e Ile ea Hōla Neng Hona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • “Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” ke Mang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 11/1 leq. 7

Thuto e Iqapetsoeng ea 4: Molimo ke Boraro-bo-bong

Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?

“Batho ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore Thuto ea Boraro-bo-bong ho bonahala e le e iqapetsoeng ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo. Ha e le hantle sena ke ’nete . . . Taba ena e iqapetsoeng ea ‘Molimo a le mong Bathong ba bararo’ e ne e se na motheo o tiileng, ebile e sa teba bophelong ba Bakreste le tumelong ea bona pele lekholo la bone la lilemo le fela.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Volume 14, leqepheng la 299.

“Seboka sa Nicaea se ile sa tšoaroa ka la 20 May 325 [C.E.]. Seboka sena se ne se tsamaisoa ke Constantine ’me ka mafolofolo e le eena ea laolang lipuisano, a ba a hlahisa . . . moralo oa bohlokoahali o bontšang kamano ea Kreste le Molimo molao-motheong o ileng oa fanoa sebokeng seo, e leng ‘oa boleng bo le bong le Ntate.’ . . . Ka lebaka la ho tšaba moemphera eo, babishopo bohle ba ile ba saenela molao-motheo oo, ntle ho ba babeli feela, le hoja ba bangata ba bona ba ne ba sa lumellane le oona.”—Encyclopædia Britannica (1970), Volume 6, leqepheng la 386.

Bibele e ruta eng?

“Setefane a tlala Moea o Halalelang, a lelala holimo, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo. A re: Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.”—Liketso 7:55, 56, Bibele ea Sesotho.

Pono ee e ne e ruta eng? Setefane, a tletse matla a sebetsang a Molimo, o ile a bona Jesu “a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Ho hlakile hore Jesu ha ea ka ea e-ba Molimo hape ka mor’a hore a tsosoe ’me a nyolohele leholimong, empa e ile ea e-ba motho oa moea ea ikemetseng. Ponong ena ha ho moo ho buuoang ka motho oa boraro ea lutseng pel’a Molimo. Ho sa tsotelle boiteko bo entsoeng ba ho fumana Mangolo a tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong, moruti oa Dominica ea bitsoang Marie-Émile Boismard, bukeng ea hae ea À l’aube du christianisme—La naissance des dogmes (Qaleho ea Bokreste—Tšimoloho ea Lithuto Tsa Kereke), o ile a re: “Mantsoe a reng ho na le batho ba bararo ho Molimo a le mong . . . ha ho moo a fumanoang Testamenteng e Ncha.”

Thuto ena eo Constantine a ileng a e buella e ne e reretsoe ho felisa likhaohano tse neng li le teng ka har’a Kereke lekholong la bone la lilemo. Empa ha e le hantle e ile ea etsa hore ho be le potso e ’ngoe hape: Na Maria, ea ileng a tsoala Jesu, e ne e le “’Mè oa Molimo”?

Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Matheu 26:39; Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 15:27, 28; Bakolose 1:15, 16

THUTO EA ’NETE:

Thuto ea Boraro-bo-bong e qalile bofelong ba lekholo la bone la lilemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela