Ananela Karolo eo U e Phethang ka Phuthehong
“Molimo o behile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe.”—1 BAKOR. 12:18.
1, 2. (a) Ke eng e bontšang hore e mong le e mong ka phuthehong a ka ba le karolo eo a e phethang le eo a ka e nkang e le ea bohlokoa? (b) Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong see?
HO TLOHA mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, Jehova o ’nile a sebelisa phutheho hore a fepe batho ba hae moeeng le hore a ba tataise. Ka mohlala, ka mor’a hore Baiseraele ba timetse motse oa Ai, Joshua o ile “a balla holimo mantsoe ’ohle a molao, tlhohonolofatso le bomalimabe, ho ea ka sohle se ngoliloeng bukeng ea molao . . . ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele.”—Josh. 8:34, 35.
2 Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse o ile a bolella moholo oa Mokreste ea bitsoang Timothea hore phutheho ea Bokreste e ne e le ‘ntlo ea Molimo’ le “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Tim. 3:15) Kajeno ‘ntlo’ ea Molimo ke mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho oa Bakreste ba ’nete. Khaolong ea 12 ea lengolo la pele le bululetsoeng le eang ho Bakorinthe, Pauluse o tšoantša phutheho le ’mele oa motho. O bolela hore le hoja setho se seng le se seng se etsa mosebetsi o fapaneng, li hlokahala kaofela ha tsona. Pauluse o re: “Molimo o behile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe.” O bile o totobatsa hore “likarolo tsa ’mele tseo re nahanang hore li hlompheha hanyenyane, re li lika-liketsa ka tlhompho e eketsehileng haholo.” (1 Bakor. 12:18, 23) Kahoo, karolo ea motho a le mong ea khabane ka tlung ea Molimo ha e molemo ho feta ea Mokreste e mong ea tšepahalang. E mpa e fapane feela. Kahoo, re ka fumana karolo eo re e phethang joang ka phuthehong ea Molimo re be re e nke e le ea bohlokoa kapa re e ananele? Ke lintho life tse ka amang karolo eo re e phethang? Hona ‘re ka bonahatsa tsoelo-pele ea rōna joang ho batho bohle’?—1 Tim. 4:15.
Re ka Ananela Karolo eo re e Phethang Joang?
3. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang karolo eo re e phethang ka phuthehong ebe re bontša hore rea e ananela ke efe?
3 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang karolo eo re e phethang ka phuthehong ebe re bontša hore rea e ananela, ke ka ho sebelisana ka botlalo le “lekhoba le tšepahalang le le masene” le emeloang ke Sehlopha sa lona se Busang. (Bala Matheu 24:45-47.) Re lokela ho hlahloba hore na re mamela tataiso eo re e fumanang ho sehlopha sa lekhoba kapa che. Ka mohlala, ka lilemo tse telele re ’nile ra fumana tataiso e tobileng mabapi le moaparo le boitlhopho, boithabiso le tšebeliso e fosahetseng ea Inthanete. Na re sekehela keletso ee e molemo tsebe e le hore re ka sireletseha moeeng? Keletso ea hore re be le kemiso ea kamehla ea borapeli ba lelapa eona re etsa joang ka eona? Na re nkile keletso eo ka botebo ’me ra behella nako ka thōko bakeng sa morero oo? Haeba u lesoha, na u ipha nako ea thuto ea botho ea Mangolo? Haeba re latela tataiso ea sehlopha sa lekhoba, Jehova o tla re hlohonolofatsa, ebang re batho ka bomong kapa re malapa.
4. Re lokela ho nahana ka eng ha re etsa liqeto?
4 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore lintho tse kang boithabiso, moaparo le boitlhopho ke lintho tseo motho a lokelang ho iketsetsa qeto ka tsona. Leha ho le joalo, Mokreste ea inehetseng ea ananelang karolo eo a e phethang ka phuthehong, ha a etse liqeto a itšetlehile feela ka seo a se ratang. Re tlameha ho nahana haholo ka maikutlo a Jehova a hlalositsoeng ka Lentsoeng la hae, Bibele. Molaetsa oa lona e lokela ho ba ‘lebone la maoto a rōna le leseli tseleng ea rōna.’ (Pes. 119:105) Hape re lokela ho hlahloba hore na lintho tseo re li khethang li ama tšebeletso ea rōna joang le batho ba bang, ebang ke ka phuthehong kapa ka ntle.—Bala 2 Bakorinthe 6:3, 4.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra ba le moea oa ho itaola?
5 “Moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele” o tletse hohle hoo o tšoanang le moea oo re o hemang. (Baef. 2:2) Moea oo o ka ’na oa etsa hore re nahane hore ha re hloke tataiso ea mokhatlo oa Jehova. Ka sebele ha re batle ho tšoana le Diotrefe, ea neng a sa ‘amohele letho le tsoang ho moapostola Johanne ka tlhompho.’ (3 Joh. 9, 10) Re lokela ho itebela e le hore re se ke ra ba le moea oa boitaolo. Ka seo re se buang kapa seo re se etsang, e se eka le ka mohla re ke ke ra hanyetsa mocha oa puisano oo Jehova a o sebelisang kajeno. (Num. 16:1-3) Ho e-na le hoo, re lokela ho ananela tlotla eo re nang le eona ea ho sebelisana le sehlopha sa lekhoba. Ho phaella moo, na ha rea lokela ho mamela le ho ikokobelletsa ba etellang pele liphuthehong tsa habo rōna?—Bala Baheberu 13:7, 17.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba maemo a rōna ka bomong?
6 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ananela karolo ea rōna ka phuthehong ke ka ho hlahlobisisa maemo a rōna ’me re etse sohle seo re ka se khonang hore re ‘tlotlise bosebeletsi ba rōna’ re be re tlotlise Jehova. (Bar. 11:13) Ba bang ba khona hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba bang ba sebeletsa maemong a khethehileng a tšebeletso ea nako e tletseng e le baromuoa, balebeli ba tsamaeang le litho tsa malapa a Bethele lefatšeng lohle. Bara le barali babo rōna ba bangata ba thusa mosebetsing oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Batho ba bangata ba Jehova ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba hlokomele malapa a bona moeeng le hore ba ikakhele ka setotsoana tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe. (Bala Bakolose 3:23, 24.) Re ka kholiseha hore ha re inehela ka ho rata tšebeletsong ea Molimo re bile re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo sebeletsa ka moea oohle, re tla lula re e-na le karolo eo re e phethang ka phuthehong ea hae.
Lintho Tse Amang Karolo eo re e Phethang ka Phuthehong
7. Hlalosa hore na maemo a rōna a ka ama karolo eo re e phethang ka phuthehong joang.
7 Ke habohlokoa hore re hlahlobisise maemo a rōna hobane, ka tsela e itseng, karolo eo re e phethang ka phuthehong e itšetlehile ka seo re khonang ho se etsa kapa seo re ka se etsang. Ka mohlala, karolo eo mor’abo rōna a e phethang ka phuthehong e batla e fapane le eo morali’abo rōna a e phethang. Seo re khonang ho se etsa tšebeletsong ea Jehova se itšetlehile ka hore na re lilemo li kae, re phetse hantle hakae le lintho tse ling. Liproverbia 20:29 e re: “Botle ba bahlankana ke matla a bona, ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.” Bacha ba ka phuthehong ba ka ’na ba khona ho etsa lintho tse ngata ka lebaka la matla a bona a bocha, athe batho ba hōlileng bona ba ruisa phutheho molemo haholo ka lebaka la bohlale le boiphihlelo ba bona. Hape re lokela ho hopola hore eng kapa eng eo re khonang ho e etsa mokhatlong oa Jehova, e itšetlehile ka mosa oa hae o sa tšoanelang.—Lik. 14:26; Bar. 12:6-8.
8. Takatso ea rōna e amana joang le seo re se etsang ka phuthehong?
8 Mohlala oa bana ba motho ba babeli ba basetsana o bontša ntho e ’ngoe e amehang mabapi le karolo eo re e phethang ka phuthehong. Bobeli ba bona ba qeta lithuto sekolong se phahameng. Maemo a bona aa tšoana. Batsoali ba bona ba entse sohle se matleng a bona ho ba khothalletsa hore ba hahamalle tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla ha ba qeta sekolong. Ha ba qeta sekolong, e mong o nka bopula-maliboho, athe e mong eena o qala mosebetsi oa boipheliso oa nako eohle. Ke hobane’ng ha ba entse liqeto tse fapaneng? Ke takatso eo ba neng ba e-na le eona. Qetellong, e mong le e mong o ile a etsa seo a neng a batla ho se etsa. Na ha ho joalo ka ba bangata ba rōna? Re lokela ho nahana ka botebo ka seo re lakatsang ho se etsa tšebeletsong ea Molimo. Na re ka eketsa karolo eo re e phethang tšebeletsong, esita le haeba ho hlokahala hore re fetole maemo a rōna?—2 Bakor. 9:7.
9, 10. Re lokela ho etsa’ng haeba re se na cheseho ea ho eketsa seo re se etsang tšebeletsong ea Jehova?
9 Re lokela ho etsa’ng haeba re se na cheseho ea ho eketsa seo re se etsang tšebeletsong ea Jehova ’me re tloaetse ho se ikitlaetse ka phuthehong? Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Bafilipi, o re: “Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.” Ka sebele, Jehova a ka sebetsa ka ho rōna ebe o susumetsa thato kapa takatso ea rōna.—Bafil. 2:13; 4:13.
10 Joale, na ha rea lokela ho kōpa Jehova hore a re susumelletse hore re etse thato ea hae? Ke sona seo Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo a ileng a se etsa. O ile a rapela a re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao. Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute, etsoe u Molimo oa ka oa poloko. Ke tšepile uena letsatsi lohle.” (Pes. 25:4, 5) Le rōna re ka etsa se tšoanang, re rapelle hore Jehova a re susumelletse hore re etse se mo thabisang. Ha re nahana kamoo Jehova Molimo le Mora oa hae ba ikutloang kateng ka seo re se etsang ha re etsa lintho tseo ba li ratang, lipelo tsa rōna li etsa hore re ba ananele haholo. (Mat. 26:6-10; Luka 21:1-4) Kananelo e joalo e ka re susumelletsa hore re kōpe Jehova hore a re thuse hore re batle ho hatela pele moeeng. Moprofeta Esaia o fane ka mohlala oa maikutlo ao re lokelang ho ba le ’ona. Ha moprofeta a utloa lentsoe la Jehova le botsa le re: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” o ile a araba a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.
U ka Hatela Pele Joang?
11. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore barab’abo rōna ba hahamalle boikarabelo ka phuthehong? (b) Mor’abo rōna a ka hahamalla boikarabelo joang?
11 Kaha selemong sa tšebeletso sa 2008 ho kolobelitsoe batho ba 289 678 lefatšeng lohle, ho hlakile hore ho hlokahala barab’abo rōna ba bangata ba tla etella pele. Mor’abo rōna o lokela ho etsa’ng ka lebaka la tlhoko ee? Ka ho toba, o lokela ho ikitlaelletsa ho finyella litšoaneleho tsa bahlanka ba sebeletsang le baholo tse hlalositsoeng ka Mangolong. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Mor’abo rōna a ka ikitlaelletsa ho finyella litšoaneleho tseo tsa Mangolo joang? Ka ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong, ka ho phetha mesebetsi ea hae ea phutheho ka mafolofolo, ka ho sebetsa ka thata hore a ntlafatse likarabo tsa hae libokeng tsa Bokreste, le ka ho thahasella balumeli-’moho le eena. Ka tsela eo o tla be a bontša hore o ananela karolo eo a e phethang ka phuthehong.
12. Bacha ba ka bontša joang hore ba chesehela ’nete?
12 Barab’abo rōna ba bacha lilemong, haholo-holo ba lilemo li ka tlaase ho 20, ba ka etsa’ng hore ba hatele pele ka phuthehong? Ba ka etsa boiteko ba hore ba hōle ka “bohlale bohle le kutloisiso ea moea” ka hore ba tsebe Mangolo. (Bakol. 1:9) Ka sebele ho ba liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo le ho kopanela ka mafolofolo libokeng tsa phutheho ho tla ba thusa ho etsa joalo. Banna ba bacha lilemong ba ka boetse ba hahamalla hore ba tšoanelehe hore ba kene ka “monyako o moholo o isang tšebetsong,” likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng. (1 Bakor. 16:9) Ho hahamalla ho sebeletsa Jehova ke tsela e khotsofatsang e le kannete le e bileng e tlisang melemo e mengata.—Bala Moeklesia 12:1.
13, 14. Baralib’abo rōna ba ka bontša ka litsela life hore ba ananela karolo eo ba e phethang ka phuthehong?
13 Baralib’abo rōna le bona ba ka bontša hore ba ananela tlotla eo ba nang le eona ea hore ba kopanele ho phethahatseng Pesaleme ea 68:11. Eona e re: “Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” E ’ngoe ea litsela tse ikhethang ka ho fetisisa tseo ka tsona baralib’abo rōna ba ka bontšang hore ba ananela karolo eo ba e phethang ka phuthehong, ke ka hore ba kopanele mosebetsing oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ka lebaka leo, ha baralib’abo rōna ba kopanela ka botlalo tšebeletsong ’me ba itella mosebetsi oo, ba bontša hore ba ananela karolo eo ba e phethang ka phuthehong.
14 Ha Pauluse a ne a ngolla Tite o ile a re: “Basali ba hōlileng e ke e be ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong, . . . mesuoe ea se molemo; e le hore ba ka khutlisetsa basali ba bacha kelellong hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona, e be ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hloekileng, basebetsi malapeng, ba molemo, ba ipehang tlas’a banna ba bona, e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.” (Tite 2:3-5) Ruri baralib’abo rōna ba hōlileng tsebong ba ka ba le tšusumetso e ntle haholo phuthehong! Ha ba hlompha barab’abo rōna ba etellang pele ba bile ba etsa liqeto tse bohlale litabeng tse kang tsa moaparo, boitlhopho le boithabiso, ba behela ba bang mohlala o motle ’me ba bontša hore ba nka karolo eo ba e phethang ka phuthehong e le ea bohlokoa haholo.
15. Morali’abo rōna oa lesoha a ka ’na a etsa’ng e le hore a khone ho mamella ha a hlorile?
15 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba thata hore morali’abo rōna ea sa nyaloang a hlokomele hore na karolo eo a e phethang ke efe ka phuthehong. Morali e mong oabo rōna ea bileng boemong bona o itse: “Ka linako tse ling ho ba lesoha ho ka etsa hore motho a hlore.” Ha a ne a botsoa hore na o khona joang ho mamella boemo boo, o itse: “Ho rapela le ho ithuta ho nthusa hore ke boele ke hlokomele hore na karolo eo ke e phethang ke efe ka phuthehong. Ke ithuta hore na Jehova o ikutloa joang ka ’na. Ka mor’a moo ke etsa boikhathatso ba ho thusa batho ba bang ka phuthehong. Sena se nthusa hore ke se ke ka nahana ka ’na haholo empa ke nahane ka batho ba bang.” Ho ea ka Pesaleme ea 32:8, Jehova o ile a re ho Davida: “Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” Ka sebele, Jehova o thahasella bahlanka bohle ba hae, ho akarelletsa le baralib’abo rōna ba masoha, ’me o tla thusa bohle hore ba hlokomele hore na ke karolo efe eo ba e phethang ka phuthehong.
Lula U Phetha Karolo ea Hao!
16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ho amohela memo eo Jehova a re fileng eona ea hore re be karolo ea phutheho ea hae e le qeto e molemo ka ho fetisisa eo re ka e etsang? (b) Re ka lula re phetha karolo eo re nang le eona joang ka phuthehong ea Jehova?
16 Ka lerato Jehova o hutse e mong le e mong oa bahlanka ba hae hore a be le kamano le eena. Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 6:44) Har’a batho bohle ba libilione ba phelang lefatšeng, Jehova o re memme hore re be karolo ea phutheho ea hae kajeno. Ho amohela memo ena e bile qeto e molemo ka ho fetisisa eo re kileng ra e etsa. Ho entse hore re be le sepheo le morero bophelong. Ka sebele re thaba haholo ebile rea khotsofala hobane re na le karolo eo re e phethang ka phuthehong!
17 Mopesaleme o ile a re: “Jehova, ke ratile bolulo ba ntlo ea hao.” O ile a boela a bina a re: “Ka sebele leoto la ka le tla ema motsitseng; ke tla boka Jehova har’a matšoele a phuthehileng.” (Pes. 26:8, 12) Molimo oa ’nete o file e mong le e mong oa rōna karolo eo a e phethang ka phuthehong ea hae. Ha re tsoela pele re latela tataiso ea puso ea Molimo ’me re lula re phathahane tšebeletsong ea Molimo, re ka lula re phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong ea Jehova.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore Bakreste bohle ba na le karolo eo ba e phethang ka phuthehong?
• Re bontša joang hore re ananela karolo eo re e phethang ka phuthehong ea Molimo?
• Ke lintho life tse ka amang karolo eo re e phethang ka phuthehong?
• Bacha ba Bakreste le batho ba baholo ba ka bontša joang hore ba ananela karolo eo ba e phethang ka phuthehong ea Molimo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Barab’abo rōna ba ka hahamalla boikarabelo joang ka phuthehong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Baralib’abo rōna ba ka bontša joang hore ba ananela karolo eo ba e phethang ka phuthehong?