Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/1 leq. 3
  • “Ke Tla Hoeletsa Halelele Hakae ho Kōpa Thuso?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Tla Hoeletsa Halelele Hakae ho Kōpa Thuso?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepa Jehova U Tle U Phele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Ithabela ho Molimo oa Poloko ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/1 leq. 3

“Ke Tla Hoeletsa Halelele Hakae ho Kōpa Thuso?”

Jayne o ile a lla ’me a re: “Ke lakatsa feela hore ke se ke ka hlola ke opeloa!” O ne a tšoeroe ke kankere ’me e namela ’meleng ’ohle oa hae. Ba lelapa labo le metsoalle ea hae ba ne ba lakatsa eka ba ka be ba e-na le matla a ho felisa boloetse boo le ho opeloa hoo ho bohloko. Ba ile ba rapela Molimo hore a mo thuse. Na o ne a tla ba araba? Na o ne a tsotella?

MOLIMO oa lemoha hore na batho ba phela tlas’a maemo afe. Lentsoe la hae, e leng Bibele, le re: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Molimo oa tseba hore ho na le batho ba limilione tse makholo ba utloang bohloko letsatsi le letsatsi joaloka Jayne, ebang ke ’meleng, maikutlong, kapa kelellong. Molimo o bona batho ba limilione tse 800 ba robalang ba sa ja bosiu bo bong le bo bong, batho ba limilione ba hlekefetsoang malapeng hammoho le batsoali ba bangata ba tšoenyehileng ka bokamoso ba bana ba bona hammoho le boiketlo ba bona. Na u se u kile ua ipotsa hore na Molimo o tla ke a rarolle mathata aa? Kaha rōna re rata ho thusa batho bao re ba ratang, na ruri Molimo eena a ke ke a rata ho thusa moloko oohle oa batho, ebile e le eena ea o bōpileng?

Haeba u kile ua ipotsa lipotso tsena, hase uena feela ea tšoenyehileng. Lilemo tse fetang 2 600 tse fetileng, monna e mong ea tšepahalang ea neng a bitsoa Habakuke o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang le eo ba bangata ba ikutloang ka eona kajeno, eaba o botsa Molimo o re: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose? Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?” (Habakuke 1:2, 3) Moprofeta eo oa Moheberu, e leng Habakuke, o ile a bona liketso tse se nang kelello tse mabifi tseo batho ba neng ba li etsa mehleng ea hae. Kajeno, liketso tseo li etsahala letsatsi le letsatsi ’me li khopisa batho ba nang le kutloelo-bohloko.

Na Molimo o ile a khella fatše seo Habakuke a neng a amehile ka sona? Che. O ile a mamela lipotso tseo Habakuke a neng a li botsa ho tsoa botebong ba pelo, eaba o tšelisa monna eo ea tšoenyehileng, a ba a mo khothatsa. Jehova Molimo o ile a matlafatsa tumelo ea Habakuke ka ho mo tšepisa hore O tla felisa mahlomola ’ohle. Le uena u ka khothatsoa ke molaetsa o nang le tšepo oo Molimo a fanang ka oona, joalokaha o ile oa khothatsa Jayne le lelapa labo. Lihlooho tse latelang li tla araba lipotso tsena: Re ka kholiseha joang hore Molimo o fela a re tsotella? Molimo o tla etsa’ng ho felisa mahlomola, hona neng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela