Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 4/1 leq. 5
  • Seo Jesu a se Rutileng ka Eena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Jesu a se Rutileng ka Eena
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Lipotso Tsa Rōna ka Jesu Kreste Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 4/1 leq. 5

Seo Jesu a se Rutileng ka Eena

“Jesu o ne a se na pelaelo ea hore na ha e le hantle ke eena mang, o tsoa kae, lebaka la hae la ho tla lefatšeng ke lefe le hore na bokamoso ba hae e ne e le bofe.”—AUTHOR HERBERT LOCKYER.

PELE re ka amohela le ho lumela lintho tseo Jesu a li rutileng, re lokela ho tseba ho itseng ka eena. Ha e le hantle Jesu e ne e le mang? O ne a tsoa hokae? Morero oa hae bophelong e ne e le ofe? Likosepele tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne li re fa likarabo joalokaha eka li tsoa ho Jesu ka boeena.

O phetse pele a tsoaloa lefatšeng Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a re: “Ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.” (Johanne 8:58) Abrahama o phetse lilemo tse ka bang 2 000 pele Jesu a hlaha. Leha ho le joalo, Jesu o phetse le pele mopatriareka eo ea tšepahalang a e-ba teng lefatšeng. Empa Jesu o ne a e-tsoa hokae? O ile a hlalosa: “Ke theohile leholimong.”—Johanne 6:38, Bibele ea Sesotho.

Mora oa Molimo Jehova o na le bara ba bangata ba mangeloi. Leha ho le joalo, Jesu oa ikhetha. O ipitsitse “Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo.” (Johanne 3:18) Polelo eo e bolela hore Jesu ke eena a le mong ea bōpiloeng ke Molimo ka ho toba. Mora ea tsoetsoeng a ’notši ke eena eo Molimo a mo sebelisitseng ho bōpa lintho tsohle tse ling.—Bakolose 1:16.

“Mor’a motho” Jesu o ile a sebelisa tlhaloso ena ho feta tse ling kaofela ha a bua ka eena. (Matheu 8:20) Ka hona, o ile a bontša hore e ne e se lengeloi le entsoeng motho kapa sebōpuoa sa moea se apereng ’mele oa nama. Ho e-na le hoo, e ne e le motho oa sebele. Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimo ho bo tlisa lefatšeng, a etsa hore pōpelo ea moroetsana Maria e emole. Ka lebaka leo, Jesu o ile a tsoaloa e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe.—Matheu 1:18; Luka 1:35; Johanne 8:46.

Mesia ea tšepisitsoeng Mosali oa Mosamaria o ile a re ho Jesu: “Kea tseba hore Mesia oa tla.” Jesu o ile a araba a re: “’Na ea buang le uena ke eena.” (Johanne 4:25, 26) Lentsoe “Mesia,” ho tšoana le lentšoe “Kreste,” le bolela “Motlotsuoa.” Jesu o ile a tlotsoa, kapa a khethoa ke Molimo hore a phethe karolo e khethehileng ho phethahatseng litšepiso tsa Molimo.

Morero oa hae o ka sehloohong Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Le hoja a ile a etsetsa batho ba neng ba hloka lintho tse ngata tse molemo, ho bolela ka ’Muso oa Molimo e ne e le eona ntho e ka sehloohong eo a neng a e etsa bophelong. Seo a neng a se ruta ka ’Muso oo se tla tšohloa hamorao.

Ka ho hlakileng, Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng.a Joalokaha re tla bona, bophelo boo a bo phetseng leholimong bo ile ba etsa hore mantsoe ao a a buileng ha a le lefatšeng e be a bohlokoa. Ruri ha ho makatse hore ebe molaetsa oo a neng a o ruta o ile oa ama batho ba limilione lefatšeng ka bophara.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka Jesu le ka karolo eo a e phethang morerong oa Molimo, sheba khaolo ea 4 Bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela