Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 5/1 maq. 14-15
  • Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kholiseha ka Seo U se Lumelang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bohlale bo Ja Beng ba Bona!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 5/1 maq. 14-15

Tsa Bacha

Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Jeremia, Ebede-meleke, Morena Tsedekia

Kakaretso: Jeremia o hanyetsoa ka matla ha a phatlalatsa molaetsa oa Molimo oa hore batho ba Juda ba lokela ho inehela ho Bakalde.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.​—BALA JEREMIA 38:1-5.

U nahana hore Jeremia o ne a ikutloa joang ha a ntse a bua le batho ba Juda?

․․․․․

Ho latela mantsoe a Jeremia, u nahana hore o ne a ikutloa joang ha a ntse a phatlalatsa temoso ea Jehova?

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ke eng eo e tlamehang ebe Jeremia o ne a kholisehile ka eona hoo a ileng a bolela ka sebete se sekaalo?

․․․․․

2 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.​—BALA JEREMIA 38:6-13.

U sebelisa kelello ea hao, hlalosa bophara le botebo ba lemena leo hammoho le monko oa lona.

․․․․․

E ka ’na eaba Jeremia o ne a ntse a nahana’ng ha a “qala ho tetebela seretseng”? (Bala temana ea 6 hape.)

․․․․․

AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana seo u neng u sa se tsebe ka mamena a mehleng ea Bibele.

․․․․․

Ke eng eo e tlamehang ebe Ebede-meleke o ne a kholisehile ka eona, e leng e entseng hore a ithaopele ho pholosa Jeremia? (Bala temana ea 7-9 hape.)

․․․․․

Ke hobane’ng ha Tsedekia a ile a susumetsoa habonolo feela ke likhosana ’me hamorao ke Ebede-meleke? (Bala temana ea 5 le ea 10 hape.) See se u ruta hore e ne e le motho oa mofuta ofe, tabeng ea ho se kholisehe ho seo a se lumelang?

․․․․․

Paleng ena, ke bafe ba neng ba hlile ba kholisehile ka seo ba se lumelang hona ke bafe ba neng ba sa kholiseha? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Sebete.

․․․․․

Ho kholiseha.

․․․․․

Tšireletso eo Jehova a e fang ba mo mamelang ba sa tšabe letho.

․․․․․

Ha u le tlas’a khatello, ke joang ho kholiseha ho ka u susumetsang hore u etse se nepahetseng?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

HAEBA U SE NA BIBELE, E KŌPE HO LIPAKI TSA JEHOVA KAPA U BALE LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela