Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 7/15 maq. 7-11
  • “Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe!”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Loanela ho ba le Litšobotsi Tse Khahlisang Molimo
  • Lulang “le se na Letheba Ebile le se na Sekoli”
  • Lumella Liteko Hore li U Matlafatse
  • Lula U le Mahlahahlaha Tšebeletsong ea Jehova
  • Na U Tseba ‘ho Leta’?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Mamellong ea Lōna le Eketse Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • ‘Ipoloke u E-na le Khotso u se na Letheba le Sekoli’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 7/15 maq. 7-11

“Le Tšoanela ho ba Batho ba Mofuta Ofe!”

“Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo!”—2 PET. 3:11.

1. Ke hobane’ng ha lengolo la bobeli la Petrose e ne e le keletso e neng e tlile ka nako ho Bakreste ba mehleng ea hae?

HA MOAPOSTOLA PETROSE a ne a ngola lengolo la hae la bobeli le bululetsoeng, phutheho ea Bokreste e ne e se e mameletse mahloriso a maholo, empa sena se ne se sa tapisa cheseho ea eona ebile se sa liehisa khōlo ea eona. Kahoo, Diabolose o ile a sebelisa leqheka le leng, le neng le se le atlehile ka makhetlo a mangata. Joalokaha Petrose a bolela, Satane o ile a leka ho silafatsa batho ba Molimo ka mesuoe ea bohata e neng e e-na le “mahlo a tletseng bofebe” le “lipelo tse koetliselitsoeng ho chacheha ka mohono.” (2 Pet. 2:1-3, 14; Juda 4) Kahoo, lengolo la bobeli la Petrose ke keletso e tlohang botebong ba pelo ea hore batho ba lule ba tšepahala ho Molimo.

2. Petrose oa Bobeli khaolo ea 3 e bua haholo ka eng, hona re lokela ho ipotsa lipotso life?

2 Petrose o ile a ngola a re: “Ke ho nka ho nepahetse, hafeela ke le tabernakeleng ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa, joalokaha ke hlile ke tseba hore ho tlosoa ha tabernakele ea ka ho tla tloha ho etsahala . . . Kahoo ke tla etsa sohle se matleng a ka le ka linako tsohle e le hore, ka mor’a hore ke tlohe, le ka khona ho bolela lintho tsena bakeng sa lōna.” (2 Pet. 1:13-15) Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a tseba hore o ne a le haufi le ho shoa, empa o ne a rata hore likhopotso tsa hae tse nakong li ’ne li hopoloe. Ha e le hantle, likhopotso tsena ke karolo ea Bibele ’me kajeno re ka li bala kaofela ha rōna. Re thahasella haholo khaolo ea 3 ea lengolo la bobeli la Petrose, kaha e bua haholo ka ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ea lintho ea hona joale le ka ho timetsoa ha maholimo a tšoantšetso le lefatše la tšoantšetso. (2 Pet. 3:3, 7, 10) Petrose o re fa keletso efe? Ho sebelisa keletso ea hae ho tla re thusa joang hore re amohelehe ho Jehova?

3, 4. (a) Ke mantsoe afe a susumetsang maikutlo ao Petrose a ileng a a bua, hona o ile a fana ka temoso efe? (b) Re tla tšohla lintlha life tse tharo?

3 Ka mor’a hore Petrose a bolele hore lefatše la Satane le tla timetsoa, o ile a re: “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo!” (2 Pet. 3:11, 12) Ho hlakile hore o ne a sa botse potso empa o ne a bua mantsoe a susumetsang maikutlo, a sebelisa lekhotsa. Petrose o ne a tseba hore ‘letsatsing le tlang la phetetso,’ ho ne ho tla pholosoa feela batho ba etsang thato ea Jehova le ba bontšang litšobotsi tse Mo khahlisang. (Esa. 61:2) Kahoo, moapostola Petrose o ile a phaella ka ho re: “Ka hona, lōna baratuoa, [kaha] le e-na le tsebo ena e fanoeng esale pele, le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona [mesuoe ea bohata] ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna.”—2 Pet. 3:17.

4 Kaha Petrose e ne e le e mong oa ba neng ba e-na le ‘tsebo e fanoeng esale pele,’ o ne a tseba hore matsatsing a ho qetela, Bakreste ba ne ba tla lokela ho lebela ka tsela e khethehileng e le hore ba lule ba tšepahala. Hamorao, moapostola Johanne o ile a hlalosa lebaka la seo ka ho hlaka. O ile a bona esale pele ha Satane a lelekoa leholimong ’me a ‘halefetse haholo’ ba “bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšen. 12:9, 12, 17) Bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba tšepahalang hammoho le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” tse tšepahalang, ba tla hlōla. (Joh. 10:16) Empa ho tla etsahala’ng ka rōna ka bomong? Na le rōna re tla lula re tšepahala? Re tla thusoa hore re tšepahale haeba (1) re loanela ho ba le litšobotsi tse khahlisang Molimo, (2) re lula re se na letheba le sekoli boitšoarong le moeeng (3) re bile re talima liteko ka tsela e nepahetseng. A re ke re tšohleng lintlha tsena.

Loanela ho ba le Litšobotsi Tse Khahlisang Molimo

5, 6. Re lokela ho loanela ho ba le litšobotsi life, hona ke hobane’ng ha see se hloka ‘boiteko bo tiileng’?

5 Karolong e qalang ea lengolo la hae la bobeli, Petrose o ile a ngola a re: “Ka ho tlatsetsa ha lōna ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng, tumelong ea lōna le eketse bokhabane, bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo, tsebong ea lōna le eketse boitšoaro, boitšoarong ba lōna le eketse mamello, mamellong ea lōna le eketse boinehelo ba bomolimo, boinehelong ba lōna ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lōna bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato. Etsoe haeba lintho tsena li le teng ho lōna ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.”—2 Pet. 1:5-8.

6 Ke ’nete hore ho hlokahala ‘boiteko bo tiileng’ ho etsa lintho tse re thusang hore re loanele ho ba le litšobotsi tse khahlisang Molimo. Ka mohlala, ho hlokahala boiteko hore re be teng libokeng tsohle tsa Bokreste, re bale Bibele letsatsi le letsatsi re be re lule re e-na le lenaneo le letle la thuto ea botho. Ebile ho ka ’na ha hlokahala hore re sebetse ka thata re be re hlophise litaba hantle e le hore re be le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ba kamehla, bo thabisang le bo re tsoelang molemo. Empa ha re se re tloaetse kemiso e ntle, mekhoa e metle e ba bonolo—haholo-holo ha re bona melemo ea eona.

7, 8. (a) Batho ba bang ba itse’ng mabapi le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea? (b) U rua molemo joang borapeling ba lōna ba lelapa?

7 Mabapi le borapeli ba lelapa, morali e mong oabo rōna o ile a ngola a re: “Bo re fa monyetla oa ho ithuta ka litaba tse ngata.” E mong o re: “Ho bua ’nete, ke ne ke sa rate ha thuto ea buka e felisoa. E ne e le seboka seo ke se ratang ka ho fetisisa. Empa kaha hona joale re na le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, kea hlokomela hore Jehova o tseba seo re se hlokang le nako eo re se hlokang ka eona.” Hlooho e ’ngoe ea lelapa e re: “Borapeli ba lelapa bo re thusa haholo. Ke ntho e ntle haholo hore ebe ho na le seboka se lokiselitsoeng hore se lumellane le litlhoko tsa rōna re le banyalani! Ka bobeli re nahana hore re ntse re ntlafatsa tabeng ea ho bontša tholoana ea moea o halalelang, ’me re thabela tšebeletso ea rōna ho feta neng kapa neng.” Hlooho e ’ngoe ea lelapa e re: “Bana ba iketsetsa lipatlisiso ebile ba ithuta ho hongata—’me sena sea ba thabisa. Tokisetso ena e re kholisa le ho feta hore Jehova o tseba seo re amehileng ka sona le hore o araba lithapelo tsa rōna.” Na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang ka tokisetso ee ea moea e babatsehang?

8 U se ke ua lumella lintho tse sa reng letho hore li kena-kenane le borapeli ba lelapa. Banyalani ba bang ba ile ba re, “Labone le leng le le leng mantsiboea libekeng tse ’nè tse fetileng, lelapeng la rōna ho ne ho etsahala ntho e neng e batla e re sitisa ho ba le thuto ea rōna, empa re ne re sa e lumelle hore e re sitise.” Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore le fetole kemiso ea lōna. Leha ho le joalo, ikemisetseng hore le se ke la tlohela Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea—leha e se e le ka beke e le ’ngoe feela!

9. Jehova o ile a matlafatsa Jeremia joang, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

9 Moprofeta Jeremia o re behetse mohlala o motle. Jehova o ne a mo fa lijo tsa moea tseo a neng a li hloka ’me o ne a li ananela haholo. Lijo tseo li ne li mo thusa hore a mamelle ha a ne a bolella batho ba neng ba sa thahaselle molaetsa. O ile a re: ‘Lentsoe la Jehova le ile la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka.’ (Jer. 20:8, 9) Lijo tseo li ile tsa boela tsa mo thusa hore a mamelle nako e thata e ileng ea fella ka ho timetsoa ha Jerusalema. Kajeno, re na le Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le feletseng. Ha re khothalla ho ithuta lona re bile re talima litaba kamoo Molimo a li talimang kateng, le rōna joaloka Jeremia, re tla khona ho mamella ka thabo boboleling, re tšepahale ha re lekoa, re be re lule re hloekile boitšoarong le moeeng.—Jak. 5:10.

Lulang “le se na Letheba Ebile le se na Sekoli”

10, 11. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hore re lule re “se na letheba ebile [re] se na sekoli,” ’me seo se hloka hore re etse’ng?

10 Kaha re Bakreste, rea tseba hore re phela nakong ea bofelo. Kahoo, ha re makale hore ebe lefatše le hlanyetsa lintho tseo Jehova a li hloileng, tse kang meharo, boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate hammoho le pefo. Leano la Satane le ka ’na la akaretsoa ka mantsoe ana: ‘Haeba litšoso li sa sebetse ho bahlanka ba Molimo, ho molemo ho ba silafatsa.’ (Tšen. 2:13, 14) Kahoo, re lokela ho nka ka botebo keletso e lerato ea Petrose e reng: “Le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong [Molimo] a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.”—2 Pet. 3:14.

11 Poleloana e reng, “le etse sohle se matleng a lōna” e tšoana le khothatso eo Petrose a faneng ka eona pejana ea hore re tlatsetse ka “boiteko bohle bo tiileng.” Ho hlakile hore Jehova—e leng eena ea ileng a bululela Petrose hore a bue mantsoe ao—oa tseba hore re lokela ho ikitlaelletsa ho lula re “se na letheba ebile [re] se na sekoli,” re sa silafatsoa ke litšila tsa lefatše la Satane. Ho ikitlaetsa ho akarelletsa ho sireletsa lipelo tsa rōna e le hore li se ke tsa hlōloa ke litakatso tse fosahetseng. (Bala Liproverbia 4:23; Jakobo 1:14, 15.) Ho boetse ho akarelletsa ho ema re tiile ho hanyetsa ba makallang bophelo ba rōna ba Bokreste le ba ‘tsoelang pele ho re nyefola.’—1 Pet. 4:4.

12. Ke eng eo re e tiisetsoang ho Luka 11:13?

12 Kaha ha rea phethahala, ha ho bonolo hore re etse se nepahetseng. (Bar. 7:21-25) Re ka atleha haeba feela re kōpa thuso ho Jehova, ea fanang ka moea o halalelang ka seatla se bulehileng ho ba mo kōpang ka tieo. (Luka 11:13) Moea oo o etsa hore re be le litšobotsi tse etsang hore Molimo a re amohele le tse re thusang hore re atlehe ho loantša lintho tse re hohelang bophelong le liteko tse re hlahelang, tse ka ’nang tsa eketseha ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela.

Lumella Liteko Hore li U Matlafatse

13. Ha re hlaheloa ke liteko, ke’ng e tla re thusa hore re mamelle?

13 Hafeela re ntse re phela tsamaisong ena ea lintho ea khale, joang kapa joang re tla hlaheloa ke liteko tse sa tšoaneng. Empa ho e-na le hore u nyahame, e ka ba hantle hore u nke hore liteko li u fa monyetla oa ho bontša hore u rata Molimo le oa hore u matlafatse tumelo eo u nang le eona ho eena le Lentsoeng la hae. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.” (Jak. 1:2-4) Hape, hopola hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Pet. 2:9.

14. Mohlala oa Josefa o u khothatsa joang?

14 Nahana ka mohlala oa Josefa, mora oa Jakobo, eo barab’abo ba ileng ba mo rekisa hore e be lekhoba. (Gen. 37:23-28; 42:21) Na Josefa o ile a felloa ke tumelo ka lebaka la ketso eo e sehlōhō? Na o ile a halefela Molimo hobane a ne a lumeletse hore a hlaheloe ke tlokotsi? Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka hore ha ho joalo! Ho feta moo, liteko tsa Josefa ha lia ka tsa fella moo. Hamorao o ile a etselletsoa ka hore o ile a leka ho beta, eaba o kenngoa chankaneng. Leha ho le joalo, le hona mona o ile a lula a tiile boinehelong ba hae ho Molimo. (Gen. 39:9-21) O ile a lumella liteko hore li mo matlafatse, ’me o ile a putsoa haholo ka lebaka la seo.

15. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Naomi?

15 Ha ho pelaelo hore liteko li ka re utloisa bohloko kapa tsa re nyahamisa. Mohlomong ka linako tse ling Josefa o ne a ikutloa ka tsela eo. Bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba ile ba fela ba ikutloa ka tsela eo. Nahana ka Naomi, ea ileng a shoeloa ke monna le bara ba babeli. O ile a re: “Se mpitseng Naomi . . . ; le mpe le mpitse Mara (ho baba), etsoe Ea matla ’ohle a nkentse ka mokhoa o babang haholo.” (Ruthe 1:20, 21, Bibele ea Sesotho) Naomi o ile a araba ka tsela e tloaelehileng le eo re ka e utloisisang. Leha ho le joalo, joaloka Josefa, ha aa ka a felloa ke tumelo empa o ile a lula a tiile botšepehing ba hae. Kahoo, Jehova o ile a putsa mosali eo oa bohlokoa. (Ruthe 4:13-17, 22) Ho feta moo, lefatšeng la Paradeise le tlang, o tla felisa tšenyo eohle e bakiloeng ke Satane le lefatše la hae le khopo. “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esa. 65:17.

16. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka thapelo, hona e le ka lebaka lefe?

16 Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke liteko life, lerato la Molimo le tla re matlafatsa. (Bala Baroma 8:35-39.) Le hoja Satane a ke ke a khaotsa ho leka ho re nyahamisa, o tla hlōleha haeba re lula re ‘hlaphohetsoe likelellong’ re bile re ‘falimehile mabapi le lithapelo.’ (1 Pet. 4:7) Jesu o ile a re: “Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:36) Hlokomela hore Jesu o sebelisa lentsoe “thapeli,” e leng thapelo e etsoang ka tieo eohle. Ha Jesu a ne a re khothalletsa hore re etse thapeli, o ne a hatisa hore ena hase nako ea ho nka ho ema ha rōna ka pel’a hae le Ntate oa hae habobebe. Ke feela batho ba boemong bo amohelehang ba tla ba le tšepo ea ho pholoha letsatsi la Jehova.

Lula U le Mahlahahlaha Tšebeletsong ea Jehova

17. Haeba ho le thata ho pakela batho tšimong ea heno, u ka rua molemo joang mohlaleng oa baprofeta ba boholo-holo?

17 Ha re etsa mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna, rea khatholoha. Sena se re hopotsa mantsoe a Petrose a reng: “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo!” (2 Pet. 3:11) Ketso e ka sehloohong ho tsona ke mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. (Mat. 24:14) Ke ’nete hore masimong a mang mosebetsi oa boboleli o ka ’na oa e-ba thata, mohlomong hobane batho ba sa thahaselle molaetsa kapa ba o hanyetsa kapa hobane feela ba phathahane ka litaba tse tloaelehileng tsa bophelo. Bahlanka ba Jehova ba boholo-holo ba ne ba tlameha ho tobana le maemo a joalo. Leha ho le joalo, ha baa ka ba tela le ka mohla empa ba ile ba tsoela pele ho khutlela “nako le nako” ka molaetsa oo ba neng ba o filoe ke Molimo. (Bala 2 Likronike 36:15, 16; Jer. 7:24-26) Ke’ng e ileng ea ba thusa hore ba mamelle? Ba ne ba nka mosebetsi oa bona ka tsela eo Jehova a o nkang ka eona, eseng ka tsela eo lefatše le o nkang ka eona. Ho feta moo, ba ne ba nka hore ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa ho phatlalatsa lebitso la Molimo.—Jer. 15:16.

18. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tla ama ho tlotlisoa ha lebitso la Molimo hakae nakong e tlang?

18 Le rōna re na le tlotla ea ho phatlalatsa lebitso la Jehova le morero oa hae. Ak’u nahane: Ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa boboleli, nakong eo Molimo a ahlolang lira tsa hae ka eona, li ke ke tsa bolela hore li ne li sa tsebe ka eena le ka merero ea hae. Ka sebele, joaloka Faro oa boholo-holo, li tla tseba hore ke Jehova ea li ahlolang. (Ex. 8:1, 20; 14:25) Ka nako e tšoanang, Jehova o tla tlotla bahlanka ba hae ba tšepahalang ka ho totobatsa hore kannete e ne e le baemeli ba hae.—Bala Ezekiele 2:5; 33:33.

19. Re ka bontša joang hore re lakatsa ho sebelisa ho se fele pelo ha Jehova hantle?

19 Ho elella qetellong ea lengolo la hae la bobeli, Petrose o ile a ngolla balumeli-’moho le eena a re: “Le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.” (2 Pet. 3:15) Ka sebele, a re tsoeleng pele ho sebelisa ho se fele pelo ha Jehova hantle. Joang? Ka ho sebeletsa ho ba le litšobotsi tse mo khahlisang, ka ho lula re “se na letheba ebile [re] se na sekoli,” ka ho ba le maikutlo a nepahetseng ka liteko le ka ho lula re phathahane tšebeletsong ea ’Muso. Ha re etsa joalo, re tla ba le tšepo ea ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tse amanang le “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Pet. 3:13.

Na U sa Hopola?

• Re ka loanela ho ba le litšobotsi tse khahlisang Molimo joang?

• Re ka lula re “se na letheba ebile [re] se na sekoli” joang?

• Re ka ithuta’ng ho Josefa le Naomi?

• Ke hobane’ng ha ho etsa mosebetsi oa boboleli e le tlotla e khōlō?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Banna, ke eng e tla le thusa hore lōna le malapa a lōna le loanele ho ba le litšobotsi tse khahlisang Molimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Tsela eo Josefa a ileng a sebetsana le liteko ka eona e ka re ruta’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela