Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 2/1 maq. 4-9
  • Tharollo ea Litletlebo Tse Tloaelehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ea Litletlebo Tse Tloaelehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa ho Atleha
  • Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Ho Tšoara Molekane oa Hao ka Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 1
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 2/1 maq. 4-9

Tharollo ea Litletlebo Tse Tloaelehileng

BIBELE ha e re lenyalong ho lelemela feela. Molimo o ile a susumetsa moapostola Pauluse hore a ngole hore batho ba nyalaneng ba tla sebetsana le “matšoenyeho a letsatsi le letsatsi.” (1 Bakorinthe 7:28, Today’s English Version) Empa banyalani ba ka etsa ho hoholo ho fokotsa matšoenyeho ao ba bang le ’ona ’me ba eketse thabo ea bona. Ak’u hlahlobe lintho tse tšeletseng tseo banna le basali ba tloaetseng ho tletleba ka tsona ’me u bone hore na ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka thusa joang.

1

TLETLEBO:

“’Na le mohats’aka ha re sa na nako ea ho ba ’moho.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—BAFILIPI 1:10.

Lenyalo la hao ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Le lokela ho tla pele. Ka hona, hlahloba hore na ebe nako eo le etsang lintho tse sa tšoaneng ka eona ha e tlatsetse bothateng bona. U se ke ua lumella mesebetsi e lokelang ho phethoa letsatsi le letsatsi hore e u sitise ho ba le nako ea mohats’a hao. Ke ’nete hore mosebetsi le maemo a mang a ke keng a qojoa a ka ’na a etsa hore ka nakoana u se ke ua khona ho ba le mohats’a hao. Empa u ka seha moeli ebile ha e le hantle u lokela ho o seha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u khonang ho e laola—joaloka nako eo u e qetang le metsoalle kapa u etsa ntho e itseng e u tlosang bolutu.

Leha ho le joalo, balekane ba bang ba ka ’na ba sebetsa lihora tse eketsehileng kapa ba itlosa bolutu ka ntho e itseng e le hore feela ba qobe ho ba le balekane ba bona. Ba joalo bona hase taba ea hore ha ba na “nako ea ho ba hammoho” le balekane ba bona. Ho na le ntho eo ba e balehang. Haeba uena le mohats’a hao le oela sehlopheng seo, le tlameha ho hlahloba hore na ha e le hantle bothata bo hokae ’me le bo rarolle. Ke feela haeba le qeta nako e ngata hammoho moo bobeli ba lōna le ka momahanang ’me la ba “nama e le ’ngoe” ka hohle-hohle.—Genese 2:24.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Andrewa le Tanji, e leng banyalani ba bang ba Australia, ba se ba nyalane lilemo tse leshome. Andrew o re: “Ke ithutile hore ho sebetsa ho tlōla tekano le ho ba le lintho tse ngata tsa boithabiso ho ka ba kotsi lenyalong. Ka hona, ’na le mohats’aka re ipha nako ea ho ba hammoho e le hore feela re qoqe le ho bolellana kamoo re ikutloang kateng.”

Dave le Jane ba lulang United States, ba seng ba e-na le lilemo tse 22 ba nyalane, ba behella metsotso e 30 ka thōko letsatsi le leng le le leng ha shoalane e tšoara e le hore ba phetelane lintho tseo li ba hlahetseng motšehare le tseo ba li nahanang. Jane o re: “Re nka nako ena e le ea bohlokoa haholo ’me ha re lumelle letho hore le kena-kenane le eona.”

2

TLETLEBO:

“Ha ke sa rua molemo oa letho lenyalong lena.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 BAKORINTHE 10:24.

Motho ea amehang haholo ka hore na o rua molemo oa eng lenyalong a ke ke a ba le thabo ea sebele, esita le haeba a ka nyala kapa a nyaloa hangata-ngata. Lenyalo le sebetsa haeba molekane ka mong a leka ka matla ho bona hore na a ka fana ka eng, eseng hore na a ka fumana eng. Jesu o hlalosa lebaka: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Maria le Martin, ba lulang Mexico, ba se ba e-na le lilemo tse 39 ba nyalane. Empa hase kamehla lintho li neng li lelemela. Ba hopola ka lekhetlo le leng ha ho ne ho hlile ho le thata lenyalong. Maria o re: “Ha re ntse re qhoelisana ka mantsoe, ke ile ka bua ntho e ’ngoe eo ho hang e neng e sa hlomphe Martin. O ile a halefa haholo. Ke ile ka leka ho hlalosa hore hase hore ke ne ke tiile ha ke bua joalo, ke ne ke mpa ke buisoa ke pelo-bohloko. Empa ha aa ka a batla le ho ’mamela.” Martin eena o re: “Nakong eo ha re ntse re qhoelisana ka mantsoe, ke ile ka fihleloa ke mohopolo oa hore ha re sa khona ho lula hammoho, ka hona ke itšenyetsa nako ha ke ntse ke leka ho etsa hore lenyalo la rōna le atlehe.”

Martin o ne a batla ho hlomphuoa. Maria eena o ne a batla ho utloisisoa. Ho ne ho se ea fumanang seo a se hlokang.

Ba ile ba rarolla bothata boo joang? Martin o re: “Ke ile ka ipha nako ea hore bohale bo kokobele, eaba re etsa qeto ea ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele ea hore re hlomphane re be re bontšane mosa. Lilemong tsena tseo re li phetseng hammoho, re ithutile hore ho sa tsotellehe hore na mathata a hlaha hangata hakae, re ka a hlōla haeba re rapella thuso ea Molimo re bile re sebelisa keletso e fumanoang Bibeleng.”—Esaia 48:17, 18; Baefese 4:31, 32.

3

TLETLEBO:

“Mohats’aka ha a etse seo a lokelang ho se etsa.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”—BAROMA 14:12.

Joang kapa joang lintho li ke ke tsa tsamaea hantle lenyalong haeba e mong a sa etse boiteko ba hore le atlehe. Empa joale lintho li ka ba mpe le ho feta haeba balekane ka bobeli ba sa tsotelle, e mong a luletse ho beha e mong molato.

Haeba u lula u nahana ka lintho tseo mohats’a hao a sa li etseng, u itima thabo. U tla hloka thabo le ho feta haeba u tlohela ho phetha boikarabelo ba hao hobane feela mohats’a hao a sa phethe ba hae. Ka lehlakoreng le leng, haeba u leka ho ba monna kapa mosali ea molemo, lintho li ka ’na tsa ntlafala lenyalong la hao. (1 Petrose 3:1-3) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore u tla be u bontša hore u hlompha tokisetso ea Molimo ea lenyalo, ’me liketso tsa hao li tla mo thabisa haholo.—1 Petrose 2:19.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Kim le monna oa hae ba lula Korea ’me ba se ba e-na le lilemo tse 38 ba nyalane. Kim o re: “Ka linako tse ling monna oa ka oa ntenehela ebe ha a mpuise, ’me ha ke tsebe hore na sena se bakoa ke eng. Seo se etsa hore ke nke hore ha a sa nthata. Ka linako tse ling ke na le ho ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha a batla hore ke mo utloisise empa eena a sa leke ho nkutloisisa?’”

Kim o ne a ka ’na a lula a nahanne ka boemo boo bo hlokang toka le ka seo monna oa hae a sa se etseng. Ho e-na le hoo, o khetha ho fapaneng. Ha a itlhalosa, Kim o re: “Ho e-na le hore ke lule ke utloile bohloko, ke ithutile hore ntho e molemo ke hore e be ’na ea nkang bohato ba hore khotso e be teng. Qetellong bobeli ba rōna re khoba matšoafo ebe re lokisa bothata ka moea o motle.”—Jakobo 3:18.

4

TLETLEBO:

“Mosali oa ka ha a ikokobetse.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste.”—1 BAKORINTHE 11:3.

Monna ea nkang hore mosali oa hae ha a ikokobetse o lokela ho qala ka ho hlahloba hore na eena o ikemiselitse hakae ho bontša ho ikokobelletsa Hlooho ea hae, e leng Jesu Kreste. Monna a ka bontša hore oa ikokobetsa ka ho latela mohlala oa Kreste.

Moapostola Pauluse o itse: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Jesu ha aa ka a “rena ka thata holim’a” barutuoa ba hae. (Mareka 10:42-44) O ne a fa balateli ba hae tataiso e hlakileng a bile a ba khalemela ha ho hlokahala. Empa ha ho mohla a neng a ba khahlapetsa. O ne a le mosa ho bona a bile a utloisisa mefokolo ea bona. (Matheu 11:29, 30; Mareka 6:30, 31; 14:37, 38) Kamehla o ne a beha litlhoko tsa bona ka pele ho tsa hae.—Matheu 20:25-28.

Monna o lokela ho ipotsa: ‘Na tsela eo ke nkang bohlooho ka eona le eo ke nkang basali ka eona e susumetsoa haholo ke tloaelo ea sebaka seo ke lulang ho sona ho e-na le hore e susumetsoe ke keletso le mehlala e hlahang ka Bibeleng?’ Ka mohlala, u nahana joang ka mosali ea sa lumellaneng le maikutlo a monna oa hae, ea emang a tiile maikutlong a hae empa a etsa seo ka tlhompho? Ka Bibeleng, Sara, mosali oa Abrahama o nkoa e le mohlala o motle oa mosali ea neng a ikokobelletsa monna oa hae. (1 Petrose 3:1, 6) Leha ho le joalo, o ne a ntša maikutlo a hae ha ho hlokahala, joaloka nakong eo Abrahama a neng a sa bone likotsi tse neng li ka ’na tsa hlahela lelapa la hae.—Genese 16:5; 21:9-12.

Ho hlakile hore tsela eo Abrahama a neng a tšoara Sara ka eona e ne e etsa hore a se ke a tšaba ho ntša maikutlo a hae. E ne e se mohatelli. Ka tsela e tšoanang, monna ea latelang keletso ea Bibele a ke ke a khahlapetsa mosali oa hae, e le ha a batla hore a mo mamele nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Mosali oa hae o tla mo hlompha haeba a sebelisa bohlooho ba hae ka tsela e nang le kutloelo-bohloko.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Ho la Engelane, James ea seng a e-na le lilemo tse robeli a nyetse, o re: “Ke ntse ke ithuta hore ke se ke ka etsa liqeto tsa bohlokoa pele ke buisana le mohats’aka. Ke leka hore ke se ke ka nahana ka ’na ke le mong. Ho e-na le hoo, sepheo sa ka ke hore ke behe litlhoko tsa hae pele ho tsa ka.”

George eena o lula United States ’me o se a e-na le lilemo tse 59 a nyetse. O re: “Ke ’nile ka tšoara mosali oa ka joaloka molekane ea bohlale, ea nang le litšoaneleho tse hlokahalang, ha kea mo tšoara joaloka motho ea boemong bo tlaasana ho ba ka.”—Liproverbia 31:10.

5

TLETLEBO:

“Monna oa ka ha a phethe boikarabelo ba hae ba ho etella pele.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae, empa oa leoatla o e heletsa ka matsoho a hae.”—LIPROVERBIA 14:1.

Haeba monna oa hao a le leqe ho etsa liqeto kapa ho etella pele tsamaisong ea lelapa, u na le khetho linthong tsena tse tharo. (1) U ka lula u mo bolella liphoso tsa hae, kapa (2) ua nka boikarabelo ba hae eaba e ba uena hlooho ea lelapa, kapa (3) u ka mo babatsa ho tsoa pelong ka boiteko leha e le bofe boo a bo etsang. Haeba u khetha ntlha ea pele kapa ea bobeli, u tsebe hore u tla be u heletsa lelapa la hao ka matsoho a hao. Ho khetha ntlha ea boraro ho tla u thusa hore u hahe lenyalo la hao, kapa u le matlafatse.

Banna ba bangata ba nka tlhompho e le ea bohlokoa esita le ho feta lerato. Ka hona, haeba u etsa hore monna oa hao a ikutloe hore ua mo hlompha—u mo bolella hore boiteko boo a bo etsang ba ho tsamaisa lelapa boa sebetsa ebile ua bo ananela—seo se ka ’na sa etsa hore a ntlafatse tabeng ea ho phetha boikarabelo ba hae. Ke ’nete hore ka linako tse ling u tla ba le moo u sa lumellaneng le mohats’a hao. Kahoo, le tla lokela ho tšohla taba eo hammoho. (Liproverbia 18:13) Empa mantsoe ao u a khethang le lentsoe la hao ha u bua li ka heletsa kapa tsa haha lenyalo la hao. (Liproverbia 21:9; 27:15) Haeba u ntša maikutlo a hao ka tsela e hlomphang, u ka ’na ua finyella seo u se batlang, e leng monna ea sa tsilatsileng ho etella lelapa pele.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Michele ea lulang United States, ea seng a e-na le lilemo tse 30 a nyetsoe, o re: “Kaha ’mè oa ka o nkhōlisitse le bana beso ba babeli ba banana a sa tšehetsoe ke monna, e ne e le mosali ea tsebang litaba tsa hae, ea ikemetseng. Ke batla ke nkile mokhoa oo oa hae. Ka hona, kamehla ke lokela ho loanela ho bontša boikokobetso bo loketseng. Ka mohlala, ke ithutile ho buisana le monna oa ka ho e-na le hore ke iketsetse liqeto.”

Rachel ea lulang Australia, eo e seng e le lilemo tse 21 a nyetsoe ke Mark, le eena o susumelitsoe ke tsela eo a hōlisitsoeng ka eona. O re: “’Mè o ne a sa ikokobeletse Ntate. Ba ne ba tloaetse ho ngangisana ba bile ba sa hlomphane. Ha ke qeta ho nyaloa, ke ne ke e-na le mokhoa oo oa ’Mè. Leha ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho sebelisa keletso ea Bibele ea ho bontša tlhompho. Hona joale ’na le Mark re thabile haholoanyane lenyalong la rōna.”

6

TLETLEBO:

“Ha ke sa khona ho mamella mekhoa e tenang ea mohats’aka.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE:

“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—BAKOLOSE 3:13.

Nakong eo le neng le sa le mohlankana le kharebe, e ka ’na eaba u ne u sheba litšobotsi tse ntle tsa motho eo u tlil’o nyalana le eena hoo u neng u sa lemohe le mefokolo ea hae. Ho ka ba molemo hore le hona joale u etse joalo. Ha ho pelaelo hore u na le lebaka le utloahalang la ho tletleba. Leha ho le joalo, ipotse, ‘Ke khetha ho sheba litšobotsi life haholo ho mohats’aka—na ke khetha ho sheba tse ntle kapa tse mpe?’

Jesu o ile a sebelisa papiso e matla haholo ho bontša hore re lokela ho hlokomoloha liphoso tseo re li bonang ho ba bang. O ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao?” (Matheu 7:3) Lehlokoa e ka ’na ea e-ba tlhaku e nyenyane ea joang. Empa leballo lona ke lepolanka le le lelele le sebelisetsoang ho tšoara marulelo a ntlo. Ntlha ea hae e ne e le efe? “Ntša leballo le ka leihlong la hao pele, joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa ka leihlong la mor’eno.”—Matheu 7:5.

Jesu o ile a etsa papiso ena e le ho fana ka temoso e matla. O ile a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona.” (Matheu 7:1, 2) Haeba u ka rata hore Molimo a hlokomolohe liphoso tsa hao—e leng leballo le ka leihlong la hao—ho molemo hore le uena u hlokomolohe liphoso tsa mohats’a hao.—Matheu 6:14, 15.

Kamoo ba bang ba sebelisitseng keletso ena kateng: Jenny ea lulang Engelane o se a e-na le lilemo tse robong a nyetsoe ke Simon ’me o re: “Ntho e lulang e nkhopisa ka monna oa ka ke hore ha aa tloaela ho rera lintho esale pele, o rata ho etsa lintho ka motsotso oa ho qetela. Empa ntho e makatsang ke hore ha ke sa le kharebe ea hae, ke ne ke rata eona ntho eo ea hore o iketsetsa lintho feela a sa rera. Leha ho le joalo, hona joale kea lemoha hore le ’na ke na le liphoso, tse kang ea ho rata hore e be ’na ea laolang lintho. ’Na le Simon re ntse re ithuta ho hlokomoloha mefokolo e sa reng letho ea rōna e bakoang ke ho se phethahale.”

Curt ea nyetseng Michele, ea ileng a qotsoa pejana, o re: “Haeba u lula u sheba liphoso tse sa rateheng tsa mohats’a hao, u tla bona eka liphoso tseo li ntse li hōla. Ke khetha ho sheba litšobotsi tse ileng tsa etsa hore ke rate Michele.”

Mokhoa oa ho Atleha

Mehlala ena e ’maloa e bontša hore mathata a ke ke a qojoa lenyalong, empa a ka hlōloa. Banyalani ba ka atleha joang? Ithute ho rata Molimo le ho ikemisetsa ho sebelisa keletso e ka Lentsoeng la hae, Bibele.

Alex le Itohan ba lulang Nigeria, ba seng ba nyalane lilemo tse 20 kaofela, ba ithutile ho sebelisa mokhoa ona. Alex o re: “Ke fumane hore bothata leha e ka ba bofe lenyalong bo ka rarolloa hafeela banyalani ba sebelisa melao-motheo ea Bibele.” Mosali oa hae o re: “Re ithutile hore ke ntho ea bohlokoa hore re rapele hammoho kamehla le ho sebelisa keletso ea Bibele ea hore re ratane e le kannete le ho se fellane pelo. Hona joale re na le mathata a fokolang ha a bapisoa le a ha re ne re qeta ho nyalana.”

Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka keletso ee e Lentsoeng la Molimo e ka ruisang lelapa la hao molemo? Haeba ho joalo, kōpa Lipaki Tsa Jehova hore li tšohle le uena khaolo ea 14 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na re ipha nako ea ho ba hammoho?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na ke leka ho fana ho feta kamoo ke fuoang kateng?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na ke ithaopela hore e be ’na oa pele ea lokisang litaba?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na ke buisana le mosali oa ka pele ke etsa qeto?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na ke sheba haholo-holo litšobotsi tse ntle tsa mohats’aka?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela