Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 3/1 leq. 15
  • ‘Naha e Phallang Lebese le Mahe a Linotši’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Naha e Phallang Lebese le Mahe a Linotši’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mahe a Linotši—Setlhare se Tsoekere
    Tsoha!—2002
  • “Mefuta e Supileng ea Lihlahisoa” Tsa Naha e Ntle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 3/1 leq. 15

‘Naha e Phallang Lebese le Mahe a Linotši’

HA Jehova Molimo a ne a lokolla Baiseraele Egepeta, o ile a ba tšepisa hore o ba isa “naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.”—Exoda 3:8.

Ha Baiseraele ba tsitsa Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba rua likhomo, linku le lipōli, ho bolelang hore ba ne ba e-na le lebese le lengata. Empa ho thoe’ng ka mahe a linotši? Hangata moo Bibele e buang ka ho toba ka mahe a linotši e bua ka a linotši tse hlaha, eseng tse ruiloeng. (Baahloli 14:8, 9; 1 Samuele 14:27; Matheu 3:1, 4) Na ruri naha eo e ne e ‘phalla’ mahe a linotši joalokaha ho ne ho le joalo ka lebese?

Se sa tsoa sibolloa morao tjena Iseraele ke baepolli ba lintho tsa khale se fana ka leseli. Ha leselinyana la Hebrew University le bua ka seo se sibolotsoeng, le ile la re: “Moprofesa (Amihai) Mazar o re mona ho sibolotsoe matlo a linotši a khale ka ho fetisisa ha ho epolloa lintho tsa khale sebakeng sa Boholo-holo sa Bochabela bo Haufi. Ke a lekholong la bo10 la lilemo ho ea mathoasong a lekholo la bo9 la lilemo B.C.E.”

Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana mela e meraro ea matlo a linotši a fetang 30, ’me ba ile ba hakanya hore sebaka seo kaofela e ka ’na eaba se ne se e-na le matlo a linotši a ka bang 100. Ha matlo ao a hlahlojoa, ho ile ha fumanoa likaroloana tsa ’mele ea linotši le limolek’hule tsa boka ba tsona. Litsebi li hakanyetsa hore “selemo le selemo e ka ’na eaba matlong ana ho ne ho bokelloa mahe a linotši a ka etsang halofo ea thane.”

Mehleng ea boholo-holo, mahe a linotši e ne e se feela lijo tse hlabosang empa hape boka ba tsona bo ne bo sebelisoa indastering ea tšepe le ea matlalo. Bo ne bo boetse bo sebelisoa ha ho ngoloa. Boka bo ne bo tšeloa letlapeng le entsoeng ka lehong ebe ho ngolloa holim’a bona. Hamorao bo ne bo ka qhibilihisoa e le hore ho ngolloe ho bona hape. Baepolli baa ba lintho tsa khale ba fihletse qeto efe ka see seo ba se sibolotseng?

Leselinyana le tsoela pele: “Le hoja Bibele e sa re bolelle hore mehleng eo ho ne ho ruuoa linotši Iseraele, ho sibolloa ha matlo a linotši Tel Rehov ho bontša hore ho rua linotši le ho bokella mahe le boka ba tsona e ne e le indasteri e tsoetseng pele khale koana mehleng ea Tempele ea Pele [ea Solomone]. Ka hona, ho ka etsahala hore ha Bibele e re ‘mahe a linotši’ e hlile e bua ka lona lero la linotši.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Institute of Archaeology/Hebrew University © Tel Rehov Excavations

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela