Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 4/1 maq. 16-17
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 4/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?

Lefatše ke lehae la batho. Ka mor’a hore Molimo a bōpe mangeloi hore a phele leholimong, o ile a bōpa motho hore a phele lefatšeng. (Jobo 38:4, 7) Kahoo, Jehova o ile a beha monna oa pele paradeiseng e ntle e bitsoang Edene eaba o mo fa monyetla oa hore a thabele ho phela ka ho sa feleng lefatšeng hammoho le litloholo tseo a neng a tla ba le tsona.—Genese 2:15-17; bala Pesaleme ea 115:16.

Serapa sa Edene e ne e le karoloana feela ea lefatše. Banyalani ba pele, Adama le Eva, ba ne ba lokela ho ba le bana. Ha batho ba ntse ba eketseha, ba ne ba tla lema lefatše ebe ba le etsa paradeise. (Genese 1:28) Ha ho mohla lefatše le tla timetsoa.—Bala Pesaleme ea 104:5.

2. Ke hobane’ng ha lefatše e se paradeise hona joale?

Adama le Eva ba ile ba siteloa Molimo, kahoo ba ile ba lelekoa Edene. Ba ile ba lahleheloa ke Paradeise ’me ha ho motho ea atlehileng hore a e khutlise. Bibele e re: “Lefatše ho nehelanoe ka lona letsohong la ea khopo.”—Jobo 9:24; bala Genese 3:23, 24.

Empa Jehova ha a e-s’o lebale morero oa hae oa mathomo ka moloko oa batho ebile Molimo a ke ke a hlōleha ho o phetha. (Esaia 45:18) O tla etsa hore moloko oa batho o be ka tsela eo a neng a rerile hore o be ka eona.—Bala Pesaleme ea 37:11.

3. Molimo o tla etsa hore ho be le khotso hape joang lefatšeng?

E le hore batho ba phele ka khotso, Molimo o lokela ho qala ka ho tlosa batho ba khopo. Ntoeng ea Armagedone, mangeloi a Molimo a tla timetsa bohle ba khahlanong le Molimo. Satane o tla koalloa ka lilemo tse sekete, empa batho ba ratang Molimo ba tla pholoha hore ba thabele bophelo lefatšeng tsamaisong e ncha ea lintho.—Bala Tšenolo 16:14, 16; 20:1-3; 21:3, 4.

4. Mahlomola a tla fela neng?

Nakong ea lilemo tse sekete, Jesu o tla busa lefatše a le leholimong ’me o tla le etsa paradeise hape. Hape o tla hlakola libe tsa ba ratang Molimo. Jesu o tla boela a felise ho kula, botsofali esita le lefu.—Bala Esaia 11:9; 25:8; 33:24; 35:1.

Molimo o tla felisa bokhopo neng lefatšeng? Jesu o ile a fana ka “pontšo” e tla bontša ha bofelo bo se bo atametse. Maemo a lefatše hona joale a behile batho tsietsing ’me a bontša hore re phela nakong ea “qetello ea tsamaiso ea lintho.”—Bala Matheu 24:3, 7-14, 21, 22; 2 Timothea 3:1-5.

5. Ke bo-mang ba tla phela Paradeiseng e tlang?

Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba etse barutuoa le hore ba ba rute litsela tsa Molimo tse lerato. (Matheu 28:19, 20) Lefatšeng ka bophara, Jehova o lokisetsa batho ba limilione hore ba tle ba phele lefatšeng tsamaisong e ncha ea lintho. (Sofonia 2:3) Liholong Tsa ’Muso Tsa Lipaki Tsa Jehova, batho ba ithuta ho ba banna, bo-ntate, basali le bo-’mè ba molemo. Batsoali le bana ba ithuta hammoho lithuto tsa bohlokoa tse etsang hore motho a be le tumelo ka bokamoso bo molemo.—Bala Mikea 4:1-4.

Holong ea ’Muso u tla kopana le batho ba ratang Molimo le ba batlang ho ithuta ho mo thabisa.—Bala Baheberu 10:24, 25.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela