Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 6/1 maq. 26-27
  • Na U se U Kile Ua Ikutloa U le Mokhelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U se U Kile Ua Ikutloa U le Mokhelo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng ea Bona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Davida o Ile a Bontša Mosa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Buka ea Bibele ea 10—2 Samuele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 6/1 maq. 26-27

Ruta Bana ba Hao

Na U se U Kile Ua Ikutloa U le Mokhelo?

MOKHELO ke motho eo batho ba bang ba sa mo amoheleng sehlopheng sa bona. Mohlomong hobane a fapane le bona ka lebala kapa e le oa morabe o mong, kapa a bua le ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea bona. Na u ke u ikutloe u le mokhelo?—a

A re ke re bue ka motho e mong ea ileng a ikutloa joalo. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe. A re ke re ithute hore na e ne e le mang le hore na ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela eo. Haeba ho na le mohla u eeng u ikutloe u le mokhelo, u ka ithuta ho hongata ho Mefiboshethe.

Mefiboshethe e ne e le mora oa Jonathane, motsoalle e moholo oa Davida. Pele Jonathane a bolaeloa ntoeng, o ile a re ho Davida: ‘U hlokomele bana ba ka.’ Davida e ile ea e-ba morena. Lilemo tse ’maloa ka mor’a moo o ile a hopola mantsoe a Jonathane ’me Mefiboshethe o ne a ntse a phela. Ha a sa le monyenyane, o ile a hlaheloa ke kotsi e mpe. O ne a ke ke a hlola a khona ho tsamaea hantle bophelo bohle ba hae. Na ua bona hore na ke hobane’ng ha e ka ’na eaba o ne a ikutloa e le mokhelo?—

Davida o ne a batla ho hlokomela mora oa Jonathane. Ka hona, o ile a lokisetsa hore Mefiboshethe a be le lehae haufi le eena Jerusalema, a ba a mo fa sebaka tafoleng e le hore a je le eena kamehla. Mefiboshethe o ile a fuoa Tsiba le bara ba hae le bahlanka ba hae hore ba mo sebeletse. Ka sebele Davida o ile a tlotla mora eo oa Jonathane! Na ua tseba hore ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?—

Davida o ile a ba le mathata lapeng la hae. E mong oa bara ba hae ea bitsoang Absalome o ile a mo fetohela ’me a leka ho iketsa morena. Davida o ile a tlameha ho baleha. Ha ba bang ba bangata ba tsamaea le Davida, Mefiboshethe le eena o ne a batla ho tsamaea le bona. Metsoalle ena ea Davida e ne e tseba hore ke eena morena ea loketseng. Empa Mefiboshethe o ile a hlōleha ho tsamaea hobane o ne a sa khone ho tsamaea hantle.

Joale Tsiba o ile a bolella Davida hore Mefiboshethe o setse hobane ha e le hantle o batla ho ba morena. Davida o ile a lumela leshano leo! Kahoo o ile a fa Tsiba thepa eohle ea Mefiboshethe. Ho e-s’o ee kae Davida o ile a hlōla Absalome ’me a khutlela Jerusalema. Joale eaba ke hona Davida a utloang litaba ka lehlakoreng la Mefiboshethe. Davida o ile a etsa qeto ea hore Mefiboshethe le Tsiba ba arolelane thepa ka lehare. U nahana hore Mefiboshethe o ile a etsa’ng?—

Ha aa ka a tletleba ka hore qeto eo ea Davida e hloka toka. Mefiboshethe o ne a tseba hore morena o hloka khotso e le hore a phethe mosebetsi oa hae hantle. Ka hona, o ile a re Tsiba a nke thepa eo kaofela. Ntho eo e neng e le ea bohlokoa ho Mefiboshethe e ne e le hore mohlanka oa Jehova, e leng Davida, e ne e boetse e le morena Jerusalema.

Mefiboshethe o ile a hlaheloa ke lintho tse ngata tse bohloko. O ne a atisa ho ikutloa e le mokhelo. Empa Jehova o ne a mo rata a bile a mo hlokomela. Re ka ithuta’ng ho see?— Esita le ha re etsa lintho tse nepahetseng, ba bang ba tla re etselletsa. Jesu o ile a re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea.” Batho ba ile ba ba ba bolaea Jesu! Re ka kholiseha hore haeba re etsa se nepahetseng, Molimo oa ’nete, Jehova, hammoho le Mora oa hae Jesu, ba tla re rata.

Bibeleng ea hao bala

  • 1 Samuele 20:15-17, 41, 42

  • 2 Samuele 4:4; 9:1-10; 19:24-30

  • Johanne 15:18

a Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela