Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 10/1 maq. 26-31
  • Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lilemo Tse Mashome a Supileng” Tsa Mang?
  • “Lilemo Tse Mashome a Supileng” li Qalile Neng?
  • “Lilemo Tse Mashome a Supileng” li Ile Tsa Fela Neng?
  • Bo-rahistori ba Khale—Ba ne ba Nepile Hakae?
  • Buka ea Ptolemy
  • Qeto ho Itšetlehiloe ka Bopaki Bona
  • Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Thuto ea 3—Ho Lekanya Liketsahalo Kemisong e sa Khaotseng ea Nako
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ithute ho Phetla Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 2
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 10/1 maq. 26-31

Jerusalema ea Boholo-holo e Timelitsoe Neng?—Karolo ea Pele

Lebaka Leo re Lokelang ho Tseba ka Lona le Seo Bopaki bo se Bontšang

Sehlooho sena ke sa pele sa lihlooho tse peli tse latellanang tsa Molula-Qhooa tse tšohlang lipotso tsa litsebi mabapi le nako eo Jerusalema ea boholo-holo e timelitsoeng ka eona. Lihlooho tsena tse peli li tšohla likarabo tse batlisisitsoeng hantle le tse thehiloeng Bibeleng tse ’nileng tsa emisa babali ba bang lihlooho.

“Ho latela bo-rahistori le baepolli ba lintho tsa khale, 586 kapa 587 B.C.E. ke sona selemo seo batho ka kakaretso ba se nkang e le seo Jerusalema e timelitsoeng ka sona.a Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li re e timelitsoe ka 607 B.C.E.? Li thehile selemo see ho eng?”

ENA ke potso eo re ileng ra e ngolloa ke e mong oa ba balang lingoliloeng tsa rōna. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella selemo seo Morena Nebukadnezare II oa Babylona a ileng a timetsa motse oa Jerusalema ka sona? Lebaka la pele ke hore e bile pontšo ea phetoho e khōlō historing ea batho ba Molimo. Rahistori e mong o ile a re e ile ea lebisa “tlokotsing, masisa-pelong a tšabehang.” Selemong seo ke teng moo ho ileng ha timetsoa tempele eo e neng e bile setsi sa borapeli ba Molimo ea Matla ’Ohle ka lilemo tse fetang 400. Mopesaleme oa Bibeleng o ile a re: “Oho Molimo, . . . ba silafalitse tempele ea hao e halalelang, ba entse Jerusalema lithako.”—Pesaleme ea 79:1, Bibele ea Sesotho.b

Lebaka la bobeli ke hore ho tseba selemo se tobileng sa hore na ‘masisa-pelo ana a tšabehang’ a qalile neng le ho utloisisa hore na boprofeta ba Bibele bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete Jerusalema bo ile ba phethahala joang, ho tla etsa hore u tšepe Lentsoe la Molimo. Joale ke hobane’ng ha selemo seo Lipaki Tsa Jehova li reng e timelitsoe ka sona se fapane ka lilemo tse 20 kaofela le se amoheloang ke ba bang? Ka bokhutšoaane feela, ke hobane li itšetlehile ka bopaki bo hlahang ka Bibeleng ka boeona.

“Lilemo Tse Mashome a Supileng” Tsa Mang?

Lilemo tse ngata pele e timetsoa, moprofeta oa Mojuda, Jeremia, o ile a fana ka leseli la bohlokoa ka nako e fanoeng ka Bibeleng. O ile a lemosa “baahi bohle ba Jerusalema,” a re: “Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng, . . . ’me lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.” (Jeremia 25:1, 2, 11) Hamorao moprofeta o ile a phaella ka ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna, ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena.’” (Jeremia 29:10) Bohlokoa ba “lilemo tse mashome a supileng” ke bofe? Hona lilemo tsee li re thusa joang hore re tsebe nako eo Jerusalema e timelitsoeng ka eona?

Ho e-na le hore li re lilemo tse mashome a supileng “Babylona” Libibele tse ngata li re “bakeng sa Babylona.” (Bibele ea Sesotho) Ka hona bo-rahistori ba bang ba re lilemo tsena tse 70 e ne e le bakeng sa ’Muso oa Babylona. Ho latela tlaleho ea histori e tloaelehileng, Bababylona ba ile ba busa naha ea boholo-holo ea Juda le Jerusalema ka lilemo tse ka bang 70, ho tloha ka bo-609 B.C.E. ho fihlela ka 539 B.C.E. ha motse-moholo oa Babylona o haptjoa.

Leha ho le joalo, Bibele eona e bontša hore lilemo tse 70 e ne e lokela ho ba lilemo tsa kotlo e bohloko e tsoang ho Molimo—e lebisitsoeng ka ho khetheha ho baahi ba Juda le ba Jerusalema, ba neng ba entse selekane sa ho mo mamela. (Exoda 19:3-6) Ha ba hana ho tlohela mekhoa ea bona e mebe, Molimo o ile a re ho bona: “Ke tla laela . . . Nebukadnezare morena oa Babylona hore a tle . . . ho tla ba khahlanong le naha ena le baahi ba eona hammoho le lichaba tse e potolohileng.” (Jeremia 25:4, 5, 8, 9, New International Version) Le hoja lichaba tse potolohileng le tsona li ne li tla angoa ke khalefo eo, Jeremia o ile a re ho timetsoa ha Jerusalema le lilemo tse 70 kholehong ke “kotlo ea chaba sa heso,” kaha Jerusalema e ne e “sitiloe haholo.”—Lillo Tsa Jeremia 1:8; 3:42; 4:6, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Ka hona, ho latela Bibele, lilemo tse 70 e ne e le tsa kotlo e bohloko e neng e fuoa Juda, ’me Molimo o ile a sebelisa Bababylona ho phethahatsa kotlo eo e bohloko. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re ho Bajuda: “Ha lilemo tse mashome a supileng . . . li fela . . . ke tla le . . . khutlisetsa sebakeng sena”—naheng ea Juda le Jerusalema.—Jeremia 29:10, BPN.

“Lilemo Tse Mashome a Supileng” li Qalile Neng?

Rahistori Esdrase, ea neng a susumetsoa ke moea o halalelang, ea phetseng lilemong tse 70 ka mor’a hore boprofeta ba Jeremia bo phethahale o ile a ngola tjena ka Morena Nebukadnezare: “Ba phonyohileng sabole a ba isa kholehong Babylona, ’me ea e-ba bahlanka ba hae le ba bara ba hae ho fihlela borena ba Persia bo qala ho busa. Naha e ile ea e-ba le phomolo ea sabatha; ea phomola nakong eohle eo e neng e le lesupi, ho fihlela lilemo tse mashome a supileng li fela ho phethahatsa lentsoe la MORENA ka molomo oa Jeremia.”—2 Likronike 36:20, 21, NIV.

Ka hona, lilemo tse 70 e ne e lokela ho ba nako eo ka eona Juda le Jerusalema li tlang ho ba le “phomolo ea sabatha.” Sena se bolela hore naha e ne e sa tl’o lengoa—ho ne ho ke ke ha jaloa peō kapa hona ho faola lifate tsa morara. (Levitike 25:1-5, NIV) Ka lebaka la ho se mamele ha batho ba Molimo, bao libe tsa bona e ka ’nang eaba li ne li akarelletsa ho hlōleha ho boloka lilemo tsohle tsa Sabatha, kotlo ea bona e ile ea e-ba hore naha ea bona e ke ke ea lengoa ’me e ne e tla lula e le nahathote ka lilemo tse 70.—Levitike 26:27, 32-35, 42, 43.

Naha ea Juda e ile ea qala ho ba lesupi neng eaba ho hang ha e lengoe? Ha e le hantle, Bababylona pusong ea Nebukadnezare ba ile ba hlasela Jerusalema habeli, ka lilemo tse fapaneng. Lilemo tse 70 li ile tsa qala neng? Ho hlakile hore ha lia qala lekhetlong la pele ha Nebukadnezare a ne a likalikelitse Jerusalema. Hobane’ng? Le hoja ka nako eo Nebukadnezare a ile a nka batho ba bangata Jerusalema a ba isa kholehong Babylona, o ile a siea ba bang naheng eo. Ka nako eo le motse ha aa ka a o liha. Ka lilemo tse ngata ka mor’a hore batho bana ba pele ba isoe kholehong, ba neng ba setse Juda, “sehlopha se tlaase sa batho,” ba ne ba ntse ba iphelisa ka naha ea bona. (2 Marena 24:8-17) Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha ka tšohanyetso.

Bofetoheli ba Bajuda bo ile ba etsa hore Bababylona ba khutlele Jerusalema. (2 Marena 24:20; 25:8-10) Ba ile ba liha motse hammoho le tempele ea oona e halalelang eaba ba hapa baahi ba oona ba ba isa kholehong Babylona. Ka mor’a likhoeli tse peli, “baahi bohle, [ba neng ba setse] ho tloha ka ba tlaase ho ea ho ba phahameng, hammoho le balaoli ba mabotho, ba balehela Egepeta hobane ba tšaba Bababylona.” (2 Marena 25:25, 26, NIV) Ke ka eona nako eo, khoeling ea bosupa ea Sejuda e bitsoang Tishri (September/October), selemong sona seo ho ka thoeng naha e ile ea fetoha lesupi eaba ha e sa lengoa, ka hona e ile ea kena phomolong ea Sabatha. Ho Bajuda ba balehetseng Egepeta, Molimo o ile a re ho bona ka Jeremia: “Le bone koluoa e kholo eo ke e lihetseng holim’a Jerusalema le metse eohle ea Juda. Kajeno lea bona hore e fetohile lesupi, ’me ha ho motho ea ahileng ho eona.” (Jeremia 44:1, 2, BPN) Ka hona, kamoo ho bonahalang kateng, ketsahalo ena e ne e bontša ho qala ha lilemo tse 70. Selemo seo e ne e le sefe? Ho araba potso eo, re lokela ho hlahloba hore na lilemo tseo li ile tsa fela neng.

“Lilemo Tse Mashome a Supileng” li Ile Tsa Fela Neng?

Moprofeta Daniele, ea phetseng ho fihlela “borena ba Persia bo qala ho busa,” o ne a le Babylona ’me o ile a bala hore na lilemo tse 70 li ne li lokela ho fela neng. O ile a ngola a re: “’Na Daniele, ke ile ka bala libukeng palo ea lilemo tse neng li lokela ho feta Jerusalema e ntse e le lesupi, e leng tse mashome a supileng, ho latela lentsoe la MORENA ho moprofeta Jeremia.”—Daniele 9:1, 2, English Standard Version.

Esdrase o ile a nahanisisa ka boprofeta ba Jeremia eaba o amahanya ho fela ha “lilemo tse mashome a supileng” le nako eo “MORENA a ileng a susumetsa pelo ea Cyruse morena oa Persia ho etsa phatlalatso.” (2 Likronike 36:21, 22, New International Version) Bajuda ba ile ba lokolloa neng? Taelo ea hore ba lokolloe botlamuoeng e ile ea fanoa ka “selemo sa pele sa morena Cyruse oa Persia.” (Sheba lebokose le reng “Selemo sa Bohlokoa Historing.”) Ka hona, ka hoetla selemong sa 537 B.C.E., Bajuda ba ne ba se ba khutletse Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete.—Esdrase 1:1-5; 2:1; 3:1-5.

Ka hona, ho latela mokhoa oa Bibele oa tatellano ea liketsahalo, lilemo tse 70 e bile lilemo tsa sebele tse ileng tsa fela ka 537 B.C.E. Ha re bala lilemo tse 70 ho tloha ka selemo seo re ea morao, selemo seo lilemo tseo li qalileng ka sona ke 607 B.C.E.

Empa ha e le moo Mangolo a bululetsoeng a bontša ka ho hlaka hore Jerusalema e timelitsoe ka 607 B.C.E., ke hobane’ng ha litsebi tse ngata li re e timelitsoe ka 587 B.C.E.? Li itšetlehile ka mehloli e ’meli ea boitsebiso—lingoliloeng tsa bo-rahistori ba khale le buka ea Ptolemy. Na mehloli ee e ka tšeptjoa ho feta Mangolo? A re ke re bone.

Bo-rahistori ba Khale—Ba ne ba Nepile Hakae?

Bo-rahistori ba phetseng lilemong tse batlang li le haufi le tseo Jerusalema e timelitsoeng ka tsona ba fana ka boitsebiso bo kopakaneng ka marena a ’Muso o Mocha oa Babylona.c (Sheba lebokose le reng “Marena a ’Muso o Mocha oa Babylona.”) Tsela eo ba latellisitseng liketsahalo ka eona ho latela nako eo ba reng li etsahetse ka eona, ha e tšoane le e ka Bibeleng. Empa libuka tsa bona li ka tšeptjoa hakae?

Rahistori e mong ea phetseng lilemong tse batlang li le haufi le tsa ’Muso o Mocha oa Babylona ke Berossus, “moprista oa Bel” oa Babylona. Buka eo a ileng a e ngola e bitsoang Babyloniaca, e ngotsoeng ka bo-281 B.C.E., e lahlehile ’me likaroloana tsa eona tse setseng li fumaneha libukeng tsa bo-rahistori ba bang. Berossus o re o ne a nka boitsebiso “libukeng tse bolokiloeng hantle Babylona.”1 Na ka sebele Berossus e ne e le rahistori ea ka tšeptjoang? Hlokomela mohlala ona o le mong.

Berossus o ile a ngola hore Morena Sankeribe oa Assyria o ile a busa ka mor’a “puso ea moholoane” oa hae; ka mor’a hae ha latela mora oa hae [Esarhaddon ea busitseng] ka lilemo tse 8; eaba ho latela Sammuges [Shamash-shuma-ukin] ka lilemo tse 21.” (III, 2.1, 4) Leha ho le joalo, litokomane tsa histori tsa Babylona tse ngotsoeng nako e telele pele ho mehla ea Berossus li bontša hore Sankeribe o ile a busa ka mor’a ntate oa hae, Sargon II, eseng moholoane oa hae; Esarhaddon o busitse ka lilemo tse 12, eseng tse 8; athe Shamash-shuma-ukin eena o busitse ka lilemo tse 20, eseng tse 21. Le hoja setsebi R. J. van der Spek se lumela hore Berossus o ile a hlahloba tlaleho ea Babylona ea tatellano ea liketsahalo, se re: “Sena ha sea ka sa mo thibela hore a tsoake ka tsa hae mona le mane, hammoho le ho hlalosa litaba ka tsela ea hae.”2

Litsebi tse ling li nka Berossus joang? S. M. Burstein, ea ’nileng a hlahloba libuka tsa Berossus ka hloko, o re: “Nakong e fetileng, ka kakaretso Berossus o ne a nkoa e le rahistori.” Empa o ile a phetha ka ho re: “Ho ntse ho le joalo, mosebetsi oa hae ha o bonahale o nepahetse litabeng tsa histori. Esita le ho tsona likarolo tse setseng tsa Babyloniaca, ho ntse ho e-na le liphoso tse ngata tse makatsang litabeng tse tloaelehileng . . . Hase ntho e amohelehang hore rahistori a etse liphoso tse joalo, empa ’nete ke hore ha Berossus a ngola, morero oa hae e ne e se ho tlaleha histori.”3

Ho latela se tšohliloeng ka holimo, u nahana joang? Na tsela eo Berossus a hakantseng linako ka eona e lokela ho nkoa e nepahetse hohle? Hona ho thoe’ng ka bo-rahistori ba bang ba khale bao litlaleho tsa bona tse ngata ba li ngotseng ba itšetlehile ka litlaleho tsa Berossus? Na ka sebele liqeto tsa histori tseo ba li fihletseng li ka tšeptjoa?

Buka ea Ptolemy

Buka ea Marena ea Claudius Ptolemy, eo e neng e le molepi oa linaleli oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., le eona e sebelisoa ho tšehetsa selemo seo ka tloaelo se buelloang sa 587 B.C.E. Lethathamo la marena le entsoeng ke Ptolemy le nkoa e le mokokotlo oa tlaleho ea tatellano ea liketsahalo tsa histori ea boholo-holo, ho akarelletsa ea mehleng ea ’Muso o Mocha oa Babylona.

Ptolemy o ngotse lethathamo leo lilemo tse ka bang 600 ka mor’a hore puso ea ’Muso o Mocha oa Babylona e fele. Joale o fumane joang hore na selemo seo morena oa pele lethathamong la hae a busitseng ka sona ke sefe? Ptolemy o ile a hlalosa hore ka ho lepa linaleli ba sebelisa linako tseo khoeli le letsatsi li ileng tsa fifala ka tsona, “re khonne ho fumana hore na Nabonassar o qalile ho busa neng,” e leng morena ea hlahang pele lethathamong la hae.4 Ka hona, Christopher Walker, oa Musiamo oa Brithani, o re buka ea Ptolemy “ke moritaoke feela oo morero oa eona e neng e le ho thusa balepi ba linaleli hore na liketsahalo li ile tsa latellana joang,” e ne e se “ho fa bo-rahistori tlaleho e nepahetseng ea hore na marena a lutse teroneng neng, a ba a shoa neng.”5

Leo Depuydt, eo e leng e mong oa babuelli ba chesehang ba Ptolemy o re: “Ke khale ho tsebahala hore Buka ena ea tšepahala litabeng tsa bolepi ba linaleli, empa sena ha se bolele hore bo-rahistori ba ka itšetleha ka eona.” Mabapi le lethathamo lena la marena, Moprofesa Depuydt oa phaella: “Ha e le tabeng ea marena a busitseng pejana [ho akarelletsa marena a ’Muso o Mocha oa Babylona], Buka ena e lokela ho bapisoa le litlaleho tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform ho hlahloba nako eo morena ka mong a busitseng ka eona.”6

“Litlaleho [tsee] tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform” tse ka re thusang ho kala ho nepahala ha tlaleho ea histori ea buka ea Ptolemy ke life? Li akarelletsa histori ea Babylona, lethathamo la marena hammoho le matlapa a khoebo—ke litokomane tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform ke bangoli ba phetseng mehleng ea puso ea ’Muso o Mocha oa Babylona kapa haufi le moo.7

Lethathamo la Ptolemy le lumellana hakae le tlaleho ea mongolo oa cuneiform? Lebokose le reng “Buka ea Ptolemy e Lumellana Hakae le Matlapa a Boholo-holo?” (le tlaase mona) le bontša karolo e itseng ea buka ena ebe le e bapisa le tokomane ea boholo-holo e ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform. Hlokomela hore Ptolemy o boletse marena a mane feela a busitseng Babylona pakeng tsa Kandalanu le Nabonidase. Leha ho le joalo, Lethathamo la Uruk King—eo e leng karolo ea tlaleho ea mongolo oa cuneiform—le bontša hore ke marena a supileng a busitseng lipakeng tsa bona. Na ba busitse nako e nyenyane hoo e sa reng letho? Ho latela matlapa a khoebo a mongolo oa cuneiform, e mong oa bona o ile a busa lilemo tse supileng.8

Ho boetse ho na le bopaki bo matla litokomaneng tsa mongolo oa cuneiform bo bontšang hore pele ho busa Nabopolassar (morena oa pele oa mehleng ea ’Muso o Mocha oa Babylona), morena e mong (Ashur-etel-ilani) o ile a busa lilemo tse ’nè Babylona. Hape, ho na le nako e ka etsang selemo e ileng ea feta ho se na morena ea busang naheng eo.9 Leha ho le joalo, lintlha tsena kaofela ha lia ngoloa bukeng ea Ptolemy.

Ke hobane’ng ha Ptolemy a sa bua ka marena a mang? Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a nka marena ao a sa behoa ka molao Babylona.10 Ka mohlala, ha aa bua ka Labashi-Marduk, e mong oa marena a mehleng ea ’Muso o Mocha oa Babylona. Empa ho latela litokomane tsa mongolo oa cuneiform, marena ao Ptolemy a sa buang ka ’ona ha e le hantle a ile a busa Babylona.

Ka kakaretso buka ea Ptolemy e nkoa e le e nepahetseng. Empa ha e le moo e siile marena a itseng, na e hlile e lokela ho sebelisoa ha ho fanoa ka tlaleho e nepahetseng ea tatellano ea liketsahalo tsa histori?

Qeto ho Itšetlehiloe ka Bopaki Bona

E le ho akaretsa taba: Bibele e bontša ka ho hlaka hore Bajuda ba bile kholehong ka lilemo tse 70. Ho na le bopaki bo matla ba hore Bajuda ba kholehong ba ile ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E., ebile litsebi tse ngata lia lumela. Ha ho baloa lilemo ho uoa morao ho tloha selemong seo, hoa hlaka hore Jerusalema e timelitsoe ka 607 B.C.E. Le hoja bo-rahistori ba khale le buka ea Ptolemy li sa lumellane le selemo sena, ho ka botsoa lipotso tse utloahalang ka ho nepahala ha seo ba se ngotseng. Ruri bopaki boo ba bo-rahistori le ba Buka ea Ptolemy e ke ke ea e-ba bo tiileng ba ho hana tlaleho ea Bibele ea tatellano ea liketsahalo.

Leha ho le joalo, ho sa na le lipotso tsa bohlokoa tse salang. Na ruri ha ho na bopaki ba histori bo tšehetsang selemo se boleloang ke Bibele sa 607 B.C.E.? Ke bopaki bofe bo fumanoang litokomaneng tsa mongolo oa cuneiform tse ngotseng nako ea liketsahalo tseo bongata ba tsona li ngotsoeng ke batho ba boholo-holo ba neng ba phela ha lintho tseo li etsahala? Re tla tšohla lipotso tsena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lilemo tsena ka bobeli li hlaha libukeng ka kakaretso. E le ho nolofatsa lintho, re tla sebelisa selemo sa 587 B.C.E. lihloohong tsena. B.C.E. e bolela “Pele ho Mehla e Tloaelehileng.”

b Lipaki Tsa Jehova li na le Bibele e ka tšeptjoang e tsejoang ka hore ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Leha ho le joalo, haeba ha u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u ka ’na ua rata ho sebelisa Libibele tse ling ha u bala ka litaba tse amanang le Bibele. Sehlooho sena se qotsitse liphetolelo tsa Bibele tseo ka tloaelo batho ba li amohelang.

c ’Muso o Mocha oa Babylona o qalile ka puso ea ntate oa Nebukadnezare, e leng Nabopolassar ’me o ile oa fela ka puso ea Nabonidase. Nako ena ke ea bohlokoa ho litsebi hobane e akarelletsa lilemo tse 70 tseo Jerusalema e neng e le lesupi.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28]

SELEMO SA BOHLOKOA HISTORING

Ho fumana selemo sa 539 B.C.E. seo Cyruse II a ileng a hapa Babylona ka sona, ho sebelisitsoe bopaki bo latelang:

▪ Mehloli ea boholo-holo ea histori le tlaleho e matlapeng a mongolo oa cuneiform: Diodorus oa Sicily (hoo e ka bang ka 80-20 B.C.E.) o ile a ngola hore Cyruse e ile ea e-ba morena oa Persia “mathoasong a selemo seo lipapali tsa liolimpiki tsa bo55 li neng li tlil’o tšoaroa ka sona.” (Historical Library, Buka ea IX, 21) Selemo seo e ne e le 560 B.C.E. Rahistori oa Mogerike Herodotus (hoo e ka bang ka 485-425 B.C.E.) o ile a tlaleha hore Cyruse o ile a bolaoa “ka mor’a hore a buse lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong,” e leng se bolelang hore lefu la hae le bile selemong sa bo30, ka 530 B.C.E. (Histories, Buka ea I, Clio, 214) Matlapa a mongolo oa cuneiform a bontša hore Cyruse o busitse Babylona ka lilemo tse robong pele a e-shoa. Ka hona, lilemo tse robong pele ho lefu la hae ka 530 B.C.E. li re fa selemo sa 539 B.C.E. e le sona seo Cyruse a hapileng Babylona ka sona.

Bopaki bo letlapeng la mongolo oa cuneiform: Letlapa la letsopa la Babylona le buang ka bolepi ba linaleli (BM 33066) le tiisa taba ea hore lefu la Cyruse le bile ka 530 B.C.E. Le hoja ho e-na le liphoso tse itseng letlapeng lena mabapi le libaka tseo lihloliloeng tsa leholimo li leng ho tsona, le hlalosa liketsahalo tse peli tsa ho fifala ha khoeli tse etsahetseng selemong sa bosupa sa Cambyses II, e leng mora oa Cyruse ebile e le mohlahlami oa hae. Nako ena ea ha khoeli e ne e fifetse e khetholloa e le e ileng ea etsahala Babylona ka la 16 July 523 B.C.E. le ka la 10 January 522 B.C.E., e leng ho bolelang hore nakong ea selemo ka 523 B.C.E. e ne e le ha ho thoasa selemo sa bosupa sa ho busa ha Cambyses. Sena se bolela hore o qalile ho busa ka 529 B.C.E. Kahoo, selemo sa Cyruse sa ho qetela sa ho busa e bile 530 B.C.E., ho bolelang hore 539 B.C.E. e bile sona selemo sa hae sa pele sa ho busa Babylona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Tablet: © The Trustees of the British Museum

[Lebokose le leqepheng la 31]

KAKARETSO E KHUTŠOANYANE

▪ Hangata libuka tsa histori li re Jerusalema e ile ea timetsoa ka 587 B.C.E.

▪ Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e bontša hore Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E.

▪ Libuka tsa histori li entse qeto ena li itšetlehile haholo ka lingoliloeng tsa bo-rahistori ba khale le buka ea Ptolemy.

▪ Lingoliloeng tsa bo-rahistori ba khale li na le liphoso tse totobetseng ’me kae-kae ha li lumellane le litlaleho tse matlapeng a letsopa.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Lintlha

1. Babyloniaca (Chaldaeorum Historiae), Buka ea Pele, 1.1.

2. Studies in Ancient Near Eastern World View and Society, leqepheng la 295.

3. The Babyloniaca of Berossus, leqepheng la 8.

4. Almagest, III, 7, e fetoletsoeng ke G. J. Toomer, ho Ptolemy’s Almagest, e hatisitsoeng ka 1998, leqepheng la 166. Ptolemy o ne a tseba hore balepi ba linaleli ba Bababylona ba ne ba sebelisa lipalo ho fumana hore na nakong e fetileng letsatsi kapa khoeli li ile tsa fifala neng le hore na li tla fifala hape neng nakong e tlang, kaha ba ne ba sibolotse hore seo se etsahala lilemong tse ling le tse ling tse 18.—Almagest, IV, 2.

5. Mesopotamia and Iran in the Persian Period, leqepheng la 17-18.

6. Journal of Cuneiform Studies, Volume 47, 1995, leqepheng la 106-107.

7. Cuneiform ke mokhoa o mong oa ho ngola oo mongoli a hatisang matšoao a sa tšoaneng letlapeng la letsopa le e-s’o ome a sebelisa ntho e bohale ntlheng e bōpehileng joaloka chesele.

8. Sin-sharra-ishkun o busitse lilemo tse supileng, ’me matlapa a tlaleho ea lichelete a 57 a morena enoa a qala ho tloha mohla a hlomamisoang ho ba morena ho fihlela selemong sa bosupa. Sheba Journal of Cuneiform Studies, Volume 35, 1983, leqepheng la 54-59.

9. Letlapa la tlaleho ea lichelete la C.B.M. 2152 le ngotsoe ka selemo sa bone sa Ashur-etel-ilani. (Legal and Commercial Transactions Dated in the Assyrian, Neo-Babylonian and Persian Periods—Chiefly From Nippur, by A.T. Clay, 1908, leqepheng la 74.) Hape ho Harran Inscriptions of Nabonidus, (H1B), I, moleng oa bo30, lebitso la hae le hlaha hantle ka holim’a la Nabopolassar. (Anatolian Studies, Vol. VIII, 1958, leqepheng la 35, 47.) Nakong ea ha ho se morena ea busang, sheba Chronicle 2, moleng oa bo14, ho Assyrian and Babylonian Chronicles, leqepheng la 87-88.

10. Litsebi tse ling li bontša hore Ptolemy—eo ho bonahalang a kentse feela marena a Babylona—ha aa ka a kenya marena a mang lethathamong la hae kaha marena ana a ne a sebelisa tlotla “Morena oa Assyria.” Leha ho le joalo, joalokaha ho bontšitsoe lebokoseng le leqepheng la 30, marena a ’maloa a akarelletsang a leng bukeng ea Ptolemy le ’ona a ne a sebelisa tlotla “Morena oa Assyria.” Matlapa a tlaleho ea lichelete, mangolo a mongolo oa cuneiform le lintho tse ling tse ngotsoeng, li utolla hore marena ana, e leng Ashur-etel-ilani, Sin-shumu-lishir le Sin-sharra-ishkun a ile a busa Babylona.

[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MARENA A ’MUSO O MOCHA OA BABYLONA

Haeba bo-rahistori bana ke ba ka tšeptjoang, ke hobane’ng ha ba sa lumellane?

BEROSSUS POLYHISTOR JOSEPHUS PTOLEMY

Hoo e ka bang ho ea ho hoo e ka

ka 350-270 B.C.E. 105-? B.C.E. 37-?100 C.E. bang ka 100-170 C.E.

Marena

Nabopolassar 21 20 — 21

Nebukadnezare II 43 43 43 43

Amel-Marduk 2 12 18 2

Neriglissar 4 4 40 4

Labashi-Marduk 9 likhoeli — 9 likhoeli —

Nabonidase 17 17 17 17

Nako eo marena a e qetileng a busa (lilemo), ho latela bo-rahistori ba khale

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 30]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BUKA EA PTOLEMY E LUMELLANA HAKAE LE MATLAPA A BOHOLO-HOLO?

Ho na le marena a sieo lethathamong la Ptolemy. Hobane’ng?

BUKA EA PTOLEMY

Nabonassar

Nabu-nadin-zeri (Nadinu)

Mukin-zeri le Pul

Ululayu (Shalmaneser V)

“Morena oa Assyria”

Merodake-baladane

Sargone II “Morena oa Assyria”

Lekhetlo la Pele ha ho se Morena

Bel-ibni

Ashur-nadin-shumi

Nergal-ushezib

Mushezib-Marduk

Lekhetlo la Bobeli ha ho se Morena

Esarhaddon “Morena oa Assyria” LETHATHAMO LA URUK KING LE FUMANOENG

Shamash-shuma-ukin MATLAPENG A BOHOLO-HOLO

Kandalanu Kandalanu

Sin-shumu-lishir

Sin-sharra-ishkun

Nabopolassar Nabopolassar

Nebuchadnezzar Nebuchadnezzar

Amel-Marduk Amel-Marduk

Neriglissar Neriglissar

Labashi-Marduk

Nabonidase Nabonidus

Cyruse

Cambyses

[Setšoantšo]

Tatellano ea liketsahalo tsa Babylona ke karolo ea tlaleho ea matlapa a mongolo oa “cuneiform” e re thusang ho fumana hore na buka ea Ptolemy e nepahetse hakae

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph taken by courtesy of the British Museum

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela