Lipotso Tse Leshome Mabapi le ho Kopanela Liphate Lia Arajoa
1 Na sebe sa tšimolohong sa Adama le Eva serapeng sa Edene e ne e le ho kopanela liphate?
▪ Karabo: Batho ba bangata ba nahana hore tholoana e hanetsoeng serapeng sa Edene e ne e le ho kopanela liphate. Empa hase se rutoang ke Bibele.
Ak’u Nahane: Esita le pele Eva a bōptjoa, Molimo o ile a laela Adama hore a se ke a ja tholoana ea “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:15-18) Kaha Adama o ne a le mong, e tlameha ebe thibelo ena e ne e sa amane le ho kopanela liphate. Ho feta moo, Molimo o ile a fa Adama le Eva taelo e tobileng ha a re “atang le ngatafale le tlale lefatše.” (Genese 1:28) Na Molimo ea lerato o ne a ka laela banyalani ba pele hore ba “tlale lefatše”—e leng ntho e akarelletsang ho kopanela liphate—ebe ha a qeta o ba ahlolela lefu ka ho mamela taelo eo ea hae?—1 Johanne 4:8.
Ho feta moo, Adama o ne a le sieo ha Eva “a qala ho kha tholoana ea sona [e hanetsoeng] ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.”—Genese 3:6.
Qetellong, Adama le Eva ha baa ka ba khalemeloa ha ba kopanela liphate ’me ba e-ba le bana. (Genese 4:1, 2) Ho hlakile hore tholoana eo Adama le Eva ba ileng ba e ja e ne e se ho kopanela ha bona liphate, empa e ne e le tholoana ea sebele e khōloang sefateng.
2 Na Bibele e thibela batho ho thabela ho kopanela liphate?
▪ Karabo: Buka ea pele ea Bibele e senola hore Molimo ke eena ea bōpileng batho e le “e motona le e motšehali.” Molimo o ile a re pōpo ea hae e ne e le “molemo haholo.” (Genese 1:27, 31) Hamorao, Molimo o ile a bululela mongoli oa Bibele hore a fane ka taelo ena ho banna: “U thabe le mosali oa bocha ba hao . . . Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle.” (Liproverbia 5:18, 19) Na lipolelo tsee li utloahala eka Bibele e thibela batho ho thabela ho kopanela liphate?
’Nete ke hore, ntle le morero oa hore batho ba ikatise, Molimo o entse litho tsa botona le botšehali ka tsela e etsang hore banyalani ba bontšane lerato le haufi-ufi ka tsela e ba thabisang. Ha monna le mosali ba ratanang le ba atamelaneng haholo ba bontšana lerato ka tsela eo, ba ka khotsofala ’meleng le maikutlong.
3 Na Bibele e lumella monna le mosali hore ba lule hammoho ha ba sa nyalana ka molao?
▪ Karabo: Bibele e bontša ka ho hlaka hore “Molimo o tla ahlola lihlola.” (Baheberu 13:4) Lentsoe la Segerike bakeng sa lihlola, e leng por·neiʹa, le akarelletsa tšebeliso e sa nepahalang ea litho tsa botona le botšehali bathong ba sa nyalanang.a Ka hona, ho fosahetse mahlong a Molimo hore monna le mosali ba sa nyalanang ba lule hammoho—esita le haeba ba rerile ho nyalana hamorao.
Esita le haeba batho ba ratana haholo, Molimo o ntse a batla hore ba nyalane pele ba kopanela liphate. Ke Molimo ea re bōpileng re e-na le matla a ho rata ba bang. Tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong ke lerato. Ka hona, o na le mabaka a utloahalang a ho hatisa hore batho ba nyalaneng e be bona feela ba kopanelang liphate, joalokaha sehlooho se latelang se tla hlalosa.
4 Na sethepu se lumeletsoe?
▪ Karabo: Ka nakoana, Molimo o ile a lumella banna hore ba be le basali ba bangata. (Genese 4:19; 16:1-4; 29:18–30:24) Empa Molimo hase eena ea simolotseng sethepu. O ile a fa Adama mosali a le mong feela.
Molimo o ile a fa Jesu Kreste matla a hore a tsosolose tokisetso ea Hae ea hore monna a nyale mosali a le mong. (Johanne 8:28) Ha a botsoa ka lenyalo, Jesu o ile a re: “Ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.’”—Matheu 19:4, 5.
Hamorao Molimo o ile a susumetsa e mong oa barutuoa ba Jesu hore a ngole a re: “Monna e mong le e mong a ke a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:2) Bibele e boetse e bontša hore monna leha e le ofe ea nyetseng, ea fuoang boikarabelo bo itseng ka phuthehong ea Bokreste e lokela e be “monna oa mosali a le mong.”—1 Timothea 3:2, 12.
5 Na ho fosahetse hore banyalani ba sebelise lithibela-pelehi?
▪ Karabo: Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba be le bana. Barutuoa ba hae le bona ha baa ka ba fana ka taelo e joalo. Ha ho na moo Bibele e nyatsang ka ho totobetseng mekhoa ea ho thibela pelehi.
Ka hona, banyalani ba lokolohile hore ba iketsetse qeto ea hore na ba batla ho ba le bana kapa che. Ba ka boela ba etsa qeto ea hore na ba batla ho ba le bana ba bakae le hore na ba batla ho ba le bona neng. Banyalani ba ka iketsetsa qeto ea hore na ba batla ho sebelisa lithibela-pelehi kapa che, ebile boo ke boikarabelo ba bona, hafeela e le tse sa ntšeng mpa.b Ha ho na motho ea lokelang ho ba ahlola.—Baroma 14:4, 10-13.
6 Na ho ntša mpa ho fosahetse?
▪ Karabo: Bophelo boa halalela ho Molimo ’me o nka lesea le sa tsoa emoloa e se e ntse e le motho ea phelang. (Pesaleme ea 139:16) Molimo o ile a bontša hore motho o ne a tla ikarabella bakeng sa ho lematsa ngoana ea e-s’o hlahe. Ka hona, mahlong a hae, ho bolaea ngoana ea e-s’o hlahe ke ho bolaea motho.—Exoda 20:13; 21:22, 23.
Empa ho thoe’ng haeba ho e-ba le boemo ba tšohanyetso ha ’mè a pepa ’me banyalani ba lokela ho khetha hore na ba pholosa ’mè kapa lesea? Boemong bo joalo, banyalani ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba leke ho pholosa mang.c
7 Na Bibele e lumella tlhalo?
▪ Karabo: Bibele e lumella tlhalo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela lebaka le le leng feela le amohelehang bakeng sa ho qhala lenyalo, a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola [ho kopanela liphate ha batho ba sa nyalanang], ’me a nyala e mong oa feba.”—Matheu 19:9.
Molimo o nyatsa tlhalo e etsoang ka bolotsana. O tla ahlola ba etsang bolotsana hore ba tlohelle balekane ba bona, haholo-holo ha ba etsa joalo ka sepheo sa ho nyala kapa ho nyaloa ke e mong.—Malakia 2:13-16; Mareka 10:9.
8 Na Molimo o amohela batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang le ba bona?
▪ Karabo: Bibele e nyatsa bohlola ka tsela e hlakileng, ’me bo akarelletsa ha motho a ratana le oa bong bo tšoanang le ba hae. (Baroma 1:26, 27; Bagalata 5:19-21) Le hoja Bibele e hlakile tabeng ea hore Molimo o nyatsa boitšoaro ba mofuta oo, re boetse rea tseba hore “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Le hoja Bakreste ba ’nete ba sa lumellane le mokhoa oo oa batho ba ratanang le batho ba bong bo tšoanang le ba bona, ba bontša mosa ho batho bohle. (Matheu 7:12) Molimo o batla hore re ‘hlomphe batho ba mefuta eohle.’ Ka hona, Bakreste ba ’nete ha baa hloea batho ba ratanang le batho ba bong bo tšoanang le ba bona.—1 Petrose 2:17.
9 Na ho na le phoso ka ho qoqa ka liketso tsa ho kopanela liphate fonong, ho romellana litšoantšo le melaetsa e tsosang takatso ka fono kapa ka Inthanete?
▪ Karabo: Ho kopanela liphate fonong ho bolela ho buisana le e mong ka tsela e fosahetseng ka liketso tsa ho kopanela liphate kapa ho mamela litaba tse tsosang takatso e matla ea ho kopanela liphate fonong. Mokhoa o mong ke oa ho romellana litšoantšo le melaetsa e tsosang takatso ea ho kopanela liphate ka fono. O mong ke oa romellana melaetsa le litšoantšo tse joalo ka Inthanete.
Bibele ha e bue ka ho toba ka mekhoa ena ea setla-bocha. Empa e re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang.” (Baefese 5:3, 4) Lintho tse kang ho qoqa ka liketso tsa ho kopanela liphate fonong, ho romellana litšoantšo le melaetsa e tsosang takatso ka fono kapa ka Inthanete li fana ka pono e fosahetseng ea ho kopanela liphate ebile li khothalletsa batho hore ba ithabise ka ho kopanela liphate ba se lenyalong. Ho e-na le hore e thuse batho hore ba laole takatso ea bona ea ho kopanela liphate, mekhoa ena e khothalletsa batho hore e be baithati ba batlang ho ikhotsofatsa.
10 Bibele e re’ng ka ho ipholla litho tsa botho ho ikhotsofatsa?
▪ Karabo: Bibele ha e bue ka ho toba ka ho pholla litho tsa botho ho ikhotsofatsa—e leng ketso ea ho itsosetsa takatso ka boomo e le hore motho a qetelle eka o kopanetse liphate. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le laela Bakreste: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, [le] takatso [e fosahetseng] ea botona kapa ea botšehali.”—Bakolose 3:5.
Ho ipholla litho tsa botho ho ikhotsofatsa ho etsa hore motho a be le pono e fosahetseng ka ho kopanela liphate, ho bile ho etsa hore a batle ho lula a ikhotsofatsa. Bibele e re tiisetsa hore Molimo a ka fana ka “matla a fetang se tloaelehileng” ho ba etsang boiteko bo matla ba ho khaotsa mokhoa ona.—2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Por·neiʹa e boetse e akarelletsa liketso tse ling tse khelohileng ho seo Molimo a neng a se rerile tšimolohong ka litho tsa botona kapa tsa botšehali, e leng liketso tse kang bofebe, motho ea ratanang le oa bong bo tšoanang le ba hae le ho robala le liphoofolo.
b E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le pono ea Mangolo ka ho iketsa nyopa, ka kōpo sheba sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 1999, leqepheng la 27-28.
c Bakeng sa hore na motho ea betiloeng a ka lokoloha ho ntša mpa, sheba Tsoha! ea June 8, 1993, leqepheng la 31-32, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.