Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 1/1 maq. 19-21
  • Bibele e Fetola Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Fetola Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 1/1 maq. 19-21

Bibele e Fetola Batho

HO TLILE joang hore moroetsana ea hōtseng haboima a tsebe hore na o phelela’ng? Ke eng se ileng sa etsa hore lerabele la lipolotiki le mabifi e be ’moleli oa litaba tsa Bibele ea nang le khotso? Bala ka litaba tsena ’me u fumane likarabo.

“Ke ne ke Nyoretsoe ho Ratoa le ho Amoheloa ka Mofuthu.”—INNA LEZHNINA

SELEMO SA TSOALO: 1981

NAHA EA HESO: RUSSIA

PELE: KE HŌTSE HABOIMA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke tsoetsoe ke le setholo ke batsoali bao le bona e leng litholo. Lilemo tsa ka tsa pele tse tšeletseng li ne li le monate. Eaba batsoali ba ka baa hlalana. Le hoja ke ne ke le monyenyane haholo, ke ne ke utloisisa hore na tlhalo e bolela’ng ’me seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo. Ka mor’a hore batsoali ba hlalane, Abuti o ile a lula le Ntate Troitsk, eaba ’na le ’Mè re fallela Chelyabinsk. Ka mor’a nakoana o ile a nyaloa hape. Ntate oa ka oa bobeli o ne lemaletse joala, ’me o ne a re otla hangata ’na le ’Mè.

Ka 1993, abuti oa ka eo ke mo ratang o ile a khangoa ke metsi. Kotsi ena e ile ea tšosa lelapa haholo. ’Mè oa ka o ile a itebatsa ka ho noa joala, eaba le eena o se a ntlhekefetsa joaloka Ntate. Ke ile ka qala ho batla moo nka phelang hamolemo teng. Ke ne ke nyoretsoe ho ratoa le ho amoheloa ka mofuthu. Ke ile ka qala ho ea likerekeng tse fapa-fapaneng e le hore ke tšelisehe empa ha kea ka ka tšeliseha.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke le lilemo li 13, ngoana eo ke neng ke kena sekolo le eena, eo e neng e le Paki ea Jehova, o ile a mphetela lipale tse ling tsa Bibele. Ke ile ka thabela ho utloa ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba kang Noe le Jobo, ba ileng ba sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe mathata a bona. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke se ke ithuta Bibele le Lipaki ke bile ke e-ea libokeng tsa tsona.

Linnete tse hlollang tseo ke ileng ka ithuta tsona ka Bibeleng li ile tsa mpula mahlo. Ke ile ka makala haholo ha ke ithuta hore Molimo o na le lebitso. (Pesaleme ea 83:18) Ke ile ka hlolloa haholo ha ke hlokomela kamoo Bibele e neng e nepile kateng ha e bolela esale pele ka maemo a tla ba teng “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Hape ke ile ka tšeliseha ha ke ithuta ka tšepo ea tsoho ea bafu. Ak’u nahane feela—ke tlil’o bona abuti oa ka hape!—Johanne 5:28, 29.

Leha ho le joalo, e ne e se batho bohle ba neng ba thabela seo ke ithutang sona. ’Mè le ntate oa ka oa bobeli ba ne ba sa rate Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba leka ho nqobella hore ke tlohele ho ithuta Bibele. Empa ke ne ke rata seo ke ithutang sona ’me ke ne ke sa ikemisetsa ho tlohela.

Ho ne ho se bonolo ho mamella khanyetso eo ke neng ke e fumana lapeng. Koluoa e ’ngoe e ileng ea re hlahela ke ha khaitseli ea ka, e neng e se e ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova le ’na, le eona e khangoa ke metsi. Leha ho le joalo, Lipaki li ne li lula li ntšehelitse. Ho tsona ke ile ka fumana lerato le ho amoheloa ka mofuthu tseo esale ke li nyoreloa bophelo bohle ba ka. Ke ile ka hla ka tseba hore bona e tlameha e le bona bolumeli ba ’nete. Ka 1996, ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG: E se e le lilemo tse tšeletseng joale ke nyetsoe ke Dmitry, monna ea babatsehang. Re sebetsa ’moho ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e St. Petersburg. Ka mor’a nako, tsela eo batsoali ba ka ba neng ba ikutloa ka eona ka tumelo ea ka e ile ea fetoha.

Ke thabile hore ebe ke tseba Jehova! Ho mo sebeletsa ho entse hore ke tsebe hore na ke phelela’ng.

“Ke ne ke E-na le Lipotso Tse Ngata Tse Ntšoenyang.”—RAUDEL RODRÍGUEZ RODRÍGUEZ

SELEMO SA TSOALO: 1959

NAHA EA HESO: CUBA

PELE: KE NE KE LE LERABELE LA LIPOLOTIKI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Havana, Cuba, ka hōlela motseng o futsanehileng moo ho neng ho lula ho loanoa literateng. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka rata papali ea ntoa e bitsoang judo le lipapali tse ling tsa ho loana.

Ke ne ke sebetsa hantle sekolong ’me batsoali ba ka ba ile ba nkhothalletsa hore ke ee univesithi. Ha ke le moo, ke ile ka qala ho ba le maikutlo a hore boemo ba lipolotiki ba naha ea heso bo lokela ho fetoha. Ke ile ka etsa qeto ea ho ba lerabele. ’Na le moshanyana eo ke neng ke kena sekolo le eena, re ile ra hlasela lepolesa re batla ho le nkela sethunya. Tlhaselo eo e ile ea etsa hore lepolesa le tsoe likotsi tse mpe hloohong. Re ile ra kenngoa chankaneng ka lebaka la seo eaba re fuoa kahlolo ea ho bolaoa ke masole a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu. Ke ne ke le lilemo li 20 feela, leha ho le joalo ke ne ke le mothating oa ho shoa!

Ha ke le mong ka seleng ea chankana, ke ne ke ikoetlisetsa hore na ke tla etsa’ng ha ke fihla ka pel’a masole a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu. Ke ne ke sa batle ho shebahala eka ke tšohile. Leha ho le joalo, ke ne ke e-na le lipotso tse ngata tse ntšoenyang. Ke ne ke ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ho se na toka hakaale lefatšeng? Na bophelo boo ke bona phetho?’

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ho ile ha fetoloa kahlolo ea rōna eaba re ahloleloa lilemo tse 30 chankaneng. Ke nakong ena moo ke ileng ka kopana le ba bang ba Lipaki Tsa Jehova, ba neng ba le chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Ke ile ka khahloa ke sebete sa Lipaki le hoja e le batho ba khotso. Le hoja ba ne ba kentsoe chankaneng ba se na molato, ba ne ba sa koata kapa hona ho halefa.

Lipaki li ile tsa nthuta hore ho na le seo Molimo a se reretseng moloko oa batho. Li ile tsa mpontša ka Bibeleng hore o tla fetola lefatše paradeise e se nang tlōlo ea molao le ho hloka toka. Li ile tsa nthuta hore lefatše le tla tlala batho ba lokileng, ba tla fuoa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang letho le lebe.—Pesaleme ea 37:29.

Ke ne ke thabela seo ke ithutang sona ho tsoa ho Lipaki, empa ke ne ke sa bone hore ke tla khona ho phela joaloka tsona. Ke ne ke nahana hore ho lula ke sa tšehetse lipolotiki kapa hona ho inehela hore ke jabeloe lerama le leng, ke ntho e ke keng ea khoneha. Ka hona, ke ile ka etsa qeto ea ho bala Bibele ke le mong. Ha ke qeta, ke ile ka hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova ke tsona feela tse phelang joaloka Bakreste ba pele.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong. Ka mohlala, ke ne ke lokela ho fetola mantsoe ao ke a sebelisang ha ke bua, kaha ke ne ke tloaetse ho sebelisa mahlapa. Ke ne ke boetse ke lokela ho tlohela ho tsuba. Hape ke ne ke lokela ho tlohela ho nka lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho tsena, empa ka thuso ea Jehova, ke ile ka khona hanyane ka hanyane.

Ho ba bohale ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo ke ileng ka lokela ho li lokisa. Ke ntse ke rapella hore ke khone ho ithiba tabeng ena. Ke thusitsoe haholo ke litemana tsa Bibele tse kang ea Liproverbia 16:32, e reng: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.”

Ka 1991, ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka kolobetsoa ka tankeng ea metsi chankaneng. Selemong se hlahlamang seo, ba bang ba batšoaruoa ho akarelletsa le ’na re ile ra lokolloa eaba re isoa Spain kaha re ne re e-na le batho bao re amanang le bona moo. Ha ke fihla Spain, hang-hang ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Lipaki tsa moo li ile tsa nkamohela ka mofuthu joalokaha eka ke qetile lilemo-lemo ke e-na le tsona, tsa ba tsa nthusa ho qala bophelo ba ka bocha.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ikutloa ke thabile hore ebe ke sebeletsa Molimo hammoho le mosali oa ka le barali ba rōna. Ke thabela ho qeta nako ea ka e ngata ke thusa batho ho ithuta Bibele. Ka linako tse ling ke ee ke nahane ka moshanyana eane ea neng a le mothating oa ho bolaoa, ’me ke ananela haholo hore ebe ke ile ka etsa liphetoho tse kaalo. Ha ke ananele feela hore ebe kea phela empa hape hore ebe ke na le tšepo. Ke lebeletse pele Paradeiseng e tšepisitsoeng—e leng nakong eo toka e tla rena ’me le “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

“Ke ile ka makala haholo ha ke ithuta hore Molimo o na le lebitso”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

’Na le monna oa ka re thabela ho abela batho ba sa utloeng litsebeng lingoliloeng tsa puo ea matsoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela