Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 5/1 leq. 31
  • O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ebede-meleke ke Mohlala o Motle Bakeng sa ho Bontša Sebete le Mosa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Jehova o Tla Putsa e Mong le e Mong ho ea ka Mesebetsi ea Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 5/1 leq. 31

Atamela ho Molimo

O Putsa Bohle ba mo Sebeletsang

“KEA LEBOHA.” Na ho na le motho ea ka reng ha a thabele ho utloa mantsoe a teboho ha a entse mosebetsi o tsoileng matsoho kapa a fane ka mpho ho tsoa pelong? Kaofela re utloa monate ha boiteko boo re bo entseng bo ananeloa, haholo-holo ke bao re ba ratang. Ke ’nete hore re rata Molimo oa rōna, Jehova, ho feta eng kapa eng. Na o ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa? A re ke re hlahlobe hore na o ile a sebelisana joang le Ebede-meleke, e leng monna ea ileng a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a pholose e mong oa baprofeta ba Molimo.—Bala Jeremia 38:7-13 le 39:16-18.

Ebede-meleke e ne e le mang? Ho bonahala eka o ne a sebetsa lekhotleng la Morena Tsedekia oa Juda.a Ebede-meleke o phetse mehleng ea Jeremia, eo Molimo a ileng a mo roma hore a e’o lemosa sechaba sa Juda se sa tšepahaleng ka ho timetsoa ha eona. Le hoja a ne a phela le likhosana tse sa tšabeng Molimo, Ebede-meleke eena o ne a tšaba Molimo a bile a hlompha Jeremia haholo. Botho bo botle ba Ebede-meleke bo ile ba behoa tekong ha likhosana tse khopo li etselletsa Jeremia ka hore o hlohlelletsa bofetoheli ’me li mo lahlela ka lemeneng le seretse e le hore a shoe. (Jeremia 38:4-6) Na ho na le seo Ebede-meleke a neng a ka se etsa?

Ebede-meleke o ile a bontša sebete a sa qeaqee, ho hang a sa tšoha hore likhosana li tla mo hlasela. O ile a bua le Tsedekia moo batho ba utloang, a ipelaetsa ka hore Jeremia ha aa bontšoa toka. Mohlomong a bile a supa baetsi ba ketso eo e sehlōhō, o ile a re ho morena: “Banna bana ba entse bobe ho . . . Jeremia.” (Jeremia 38:9) Ebede-meleke o ile a atleha ’me ka taelo ea Tsedekia, o ile a tsamaea le banna ba 30 hore ba e’o lokolla Jeremia.

Joale Ebede-meleke o ile a bontša tšobotsi e ’ngoe hape e ntle: mosa. O ile “a nka likatana tse tsofetseng le masela a tsofetseng a a theolela ho Jeremia . . . ka liropo.” Ke hobane’ng ha a ne a nka likatana le masela? E le hore mahafi a Jeremia a se ke a sehloa ha a ntse a huloa ka lemeneng le tebileng le le seretse.—Jeremia 38:11-13.

Jehova o ile a bona seo Ebede-meleke a se entseng. Na Jehova o ile a ananela seo? A sebelisa Jeremia, Molimo o ile a bolella Ebede-meleke hore Juda e haufi le ho timetsoa. Joale Molimo o ile a bolella Ebede-meleke seo setsebi se seng se reng ke “lintho tse hlano tse mo tiisetsang hore o tla pholoha.” Jehova o ile a re: “Ke tla u lopolla . . . Ho ke ke ha nehelanoa ka uena matsohong a batho . . . Ruri ke tla u pholosa . . . U ke ke ua lihuoa ka sabole. Ka sebele u tla fumana moea oa hao e le thepa e hapuoeng.” Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšepisa Ebede-meleke hore o tla mo sireletsa? Jehova o ile a re ho eena: “Kahobane u ntšepile.” (Jeremia 39:16-18) Jehova o ne a tseba hore ha Ebede-meleke a ne a etsa seo e ne e se feela ka lebaka la hore o ne a amehile ka Jeremia, empa hape ka lebaka la hore o ne a tšepa Molimo a bile a na le tumelo ho eena.

Seo re ithutang sona se hlakile: Jehova o ananela seo re se etsang ho mo sebeletsa. Bibele e re tiisetsa hore o hopola le ketso e nyenyane feela ea borapeli e susumetsoang ke tumelo ea rōna e matla. (Mareka 12:41-44) Na u ikutloa u labalabela ho atamela ho Molimo eo ea bontšang kananelo? Haeba ho joalo, kholiseha hore Lentsoe la hae le bua ’nete ha le re ke: “Moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka May:

◼ Jeremia 32-50

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ebede-meleke o bitsoa “leqhalaha.” (Jeremia 38:7) Le hoja ka ho khetheha lentsoe lena le ne le bolela monna ea faotsoeng, le ne le boetse le sebelisoa ho bolela mosebeletsi leha e le ofe oa ’muso ea fuoeng mosebetsi lekhotleng la morena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela