Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 7/1 maq. 30-31
  • Molimo ea Nyonyang ho Hloka Toka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ea Nyonyang ho Hloka Toka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 7/1 maq. 30-31

Tsa Bacha

Molimo ea Nyonyang ho Hloka Toka

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u teng moo u shebeletse sena ha se ntse se etsahala. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Akabe, Jezebele, Nabothe le Elia

Kakaretso: A susumelitsoe ke Jezebele, Morena Akabe o bolaea motho e le hore a fumane tšimo ea morara.

1 NAHANISISA KA LIKETSAHALO TSENA.—BALA 1 MARENA 21:1-26.

Ha u nahana, batho baa ba bane ba ne ba shebahala joang?

Akabe ․․․․․

Jezebele ․․․․․

Nabothe ․․․․․

Elia ․․․․․

Ho latela kamoo Jezebele le Akabe ba buang kateng temaneng ea 5-7, u nahana hore ba ikutloa joang?

․․․․․

Hlalosa moferefere o bang teng temaneng ea 13.

․․․․․

Ha Elia le Akabe ba kopana ’me ba bua, ho latela kamoo ho hlalositsoeng kateng temaneng ea 20-26, u nahana hore ba ikutloa joang?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Jezebele o bonahatsa (li)tšobotsi efe temaneng ea 7 le ea 25??

․․․․․

Akabe o bonahatsa (li)tšobotsi efe temaneng ea 4?

․․․․․

E le hore Akabe a fumane tšimo ea morara ea Nabothe o ile a tlameha hore a bolaee le bo-mang? (Bala 2 Marena 9:24-26.)

․․․․․

Jehova o ne a talima Akabe joang? (Bala temana ea 25 le 26 hape. Sheba le 1 Marena 16:30-33.)

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Hore Jehova o bona liketso tsa ho hloka toka.

․․․․․

Hore Jehova o ameha ka batho ba sa kang ba bontšoa toka.

․․․․․

Kamoo Jehova a bontšang hore ke Molimo oa toka. (Bala Deuteronoma 32:4.)

․․․․․

4 LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Batho ba bang ba ka bontša joang hore ba tšoana le Jezebele kajeno? (Bala Tšenolo 2:18-21.)

․․․․․

Ke maemong afe moo ho ka hlokahalang hore u bontše sebete joaloka Elia?

․․․․․

U ka kholiseha ka eng haeba u sa bontšoe toka kapa u bona ho hloka toka?

․․․․․

5 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Tlhahiso: Ngola ketsahalo ena joalokaha eka u tlaleha litaba. Ngola se etsahetseng ’me u akarelletse moo ekang u buisana le batho ba ka sehloohong le lipaki tse boneng ketsahalo ena ka mahlo.

E-ea ho www.jw.org

U bale Bibele Inthaneteng

U kopitse sehlooho sena kapa u se hatise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela