Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 9/1 maq. 16-17
  • Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 9/1 maq. 16-17

Ithute Lentsoe la Molimo

Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Letsatsi la Kahlolo ke eng?

Setšoantšo se takiloeng sa “Letsatsi la Kahlolo” se entsoeng ke Gustave Doré

Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong sena se ka ho le letona, batho ba bangata ba nahana hore ka Letsatsi la Kahlolo batho ba libilione ba tla tlisoa ka pel’a terone ea Molimo e le hore ba tl’o ahloloa ho ea ka liketso tsa bona tsa pele—ba bang ba putsoe ka bophelo leholimong ha ba bang ba hlokofatsoa liheleng. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore morero oa Letsatsi la Kahlolo ke ho felisa ho hloka toka. (Pesaleme ea 96:13) Molimo o khethile Jesu hore e be Moahloli ea tla tlisetsa batho toka.—Bala Esaia 11:1-5; Liketso 17:31.

2. Letsatsi la Kahlolo le tla tlisa toka joang?

Batho ba tsositsoeng bafung Paradeiseng

Ha motho oa pele Adama a ne a fetohela Molimo ka boomo, o ile a tlisetsa bana bohle ba hae sebe, lefu le ho utloa bohloko. (Baroma 5:12) E le hore a lokise seo, Jesu o tla tsosa ba libilione ba shoeleng. Buka ea Tšenolo e bontša hore sena se tla etsahala nakong ea puso ea Kreste Jesu ea lilemo tse sekete.—Bala Tšenolo 20:4, 11, 12.

Batho ba tsositsoeng ba tla ahloloa ho latela seo ba se etsang ha ho senoloa se boletsoeng ‘meqolong’ ea lengolo la Tšenolo khaolo ea 20, eseng ho latela seo ba se entseng pele ba shoa. (Baroma 6:7) Moapostola Pauluse o re “ba lokileng le ba sa lokang” ba tla tsosoa ’me ba tla fumana monyetla oa ho ithuta ka Molimo.—Bala Liketso 24:15.

3. Ke lintho life tse tla etsahala ka Letsatsi la Kahlolo?

Batho ba pholohileng letsatsing la kahlolo

Batho ba ileng ba shoa le pele ba tseba Jehova Molimo le ho mo sebeletsa ba tla ba le monyetla oa ho fetoha le ho etsa se molemo. Haeba ba fetoha, tsoho ea bona e tla ba ‘tsoho ea bophelo.’ Leha ho le joalo, ba bang ba ba tsositsoeng ba tla hana ho ithuta litsela tsa Jehova. Tsoho ea bona e tla ba ‘tsoho ea kahlolo.’—Bala Johanne 5:28, 29; Esaia 26:10; 65:20.

Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, le tla nka lilemo tse sekete, Jehova o tla be a khutliselitse batho ba mamelang boemong ba bona ba pele bo phethahetseng. (1 Bakorinthe 15:24-28) Eo e tla ba tebello e ntle hakaakang ho batho bohle ba mamelang! Tekong ea ho qetela, Molimo o tla lokolla Satane Diabolose mohohlong oo a tla beng a koaletsoe ho oona ka lilemo tse sekete. Satane o tla boela a leke ho etsa hore batho ba furalle Jehova, empa ba tla hanyetsa Satane ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng.—Bala Esaia 25:8; Tšenolo 20:7-9.

4. Ke letsatsi lefe le leng la kahlolo le tla thabisa batho?

Bibele e boetse e sebelisa lentsoe “letsatsi la kahlolo” ha e bua ka ketsahalo e tla felisa tsamaiso ena ea lintho. Letsatsi lena la kahlolo le tla tla ka tšohanyetso joaloka Moroallo oa mehleng ea Noe o ileng oa felisa moloko ’ohle oa batho ba khopo. Se thabisang ke hore ho felisoa ha “batho ba se nang bomolimo” ho tla nkeloa sebaka ke moloko oa lefatše le lecha moo “ho loka ho tla aha” teng.—Bala 2 Petrose 3:6, 7, 13.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 213-215 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela