Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 11/1 maq. 6-7
  • Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bafu ba Hokae?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ha Motho a Shoa o ea Hokae?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
    Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 11/1 maq. 6-7

Potso ea Bobeli: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?

ROMAN e ne e sa le moshanyana ha motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo a e-shoa kotsing ea koloi. O re: “Lefu la motsoalle oa ka le ile la nkama habohloko. Lilemo tse ngata ka mor’a kotsi eo, ke ile ka ipotsa hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa.”

Ke hobane’ng ha re lokela ho botsa potso eo?

Ho shoa ha motho ha ho bonahale e le ntho ea tlhaho. Ho sa tsotellehe hore na re lilemong life, ha re batle ho shoa. Ba bangata baa tšaba kaha ha ba tsebe se etsahalang ka mor’a lefu.

Batho ba bang ba araba potso eo joang?

Ba bangata ba lumela hore ha motho a e-shoa ho na le karolo e itseng ea hae e tsoelang pele e phela. Ba lumela hore batho ba lokileng ba tla putsoa ka ho phela leholimong, ha ba babe bona ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng ka lebaka la libe tsa bona. Ba bang bona ba lumela hore ha motho a e-shoa o khaotsa ho ba teng ’me qetellong o lebaloa ka ho feletseng.

Likarabo tseo li fana ka maikutlo afe?

Karabo ea pele e bontša hore ha motho a e-shoa, ha e le hantle ha a shoe. Ea bobeli e bontša hore ha ho na lebaka la hore motho a phele. Batho ba lumellanang le karabo ea bobeli ba ka ’na ba felloa ke tšepo ’me ba ba le boikutlo bona: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakorinthe 15:32.

Bibele eona e ruta’ng?

Bibele ha e rute hore ha motho a e-shoa ho na le karolo e itseng ea hae e tsoelang pele e phela. Molimo o ile a bululela Morena Solomone hore a ngole, a re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Batho ba sa ‘tsebeng letho,’ ha ba utloe letho ’me ha ho seo ba ka se etsang. Kahoo bafu ba ke ke ba thusa batho ba phelang kapa ba ba ntša kotsi.

E ne e se morero oa Molimo hore batho ba shoe, le hoja ba bangata ba lumela seo. O ile a bōpa motho oa pele, Adama, hore a phele ka ho sa feleng lefatšeng. Ha ho na moo Molimo a ileng a bua ka lefu, haese feela ha a ne a lemosa Adama ka kotlo ea ho se mamele. O ile a hanela Adama ho ja tholoana ea sefate se itseng a ba a mo lemosa hore ha a ka ja ho sona, “ka sebele [o] tla shoa.” (Genese 2:17) Hoja Adama le Eva ba ile ba mamela, bona hammoho le bana bohle ba bona ba tšepahalang ho Molimo ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng lefatšeng.

Adama o ile a khetha ho hlokomoloha temoso ea Molimo. Ka ho se mamele Molimo, o ile a etsa sebe kahoo o ile a shoa. (Baroma 6:23) Ha ho na karolo e itseng ea Adama e ileng ea tsoela pele e phela ka mor’a hore a shoe. Ho fapana le hoo, ha Adama a e-shoa o ile a khaotsa ho ba teng. Molimo o ile a re ho Adama: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Kaha kaofela ha rōna re bana ba Adama, re futsitse sebe le lefu ho eena.—Baroma 5:12.

Le hoja Adama a ile a khetha ho se mamele, Molimo o tla phethahatsa morero oa Hae oa ho tlatsa lefatše ka bana ba Adama. (Genese 1:28; Esaia 55:11) Haufinyane, Jehova o tla tsosa batho ba bangata ba shoeleng. Ha moapostola Pauluse a bua ka nako eo, o ile a re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

Roman eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o ile a ithuta seo Bibele e se rutang ka lefu le ka Jehova Molimo. Seo a ileng a ithuta sona se ile sa mo ama haholo. Bala ka eena leqepheng la 11 la makasine ena.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa, sheba khaolo ea 6 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? U ka ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.jw.org/st

Jesu o Ile a Ruta Eng ka Lefu?

Jesu ha aa ka a lumellana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba neng ba ruta hore bafu ba ke ke ba tsoha. (Luka 20:27) Hape, ha aa ka a ruta hore ho na le karolo e itseng ea motho e tsoelang pele e phela ha motho a e-shoa. Ho e-na le hoo Jesu o ile a ruta se latelang.

Lefu le tšoana le boroko. Ha motsoalle oa hae Lazaro a shoa, Jesu o ile a re: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng. Ba ile ba araba ba re: “Morena, haeba a phomotse, o tla fola.” Tlaleho ea Bibele e re: “Leha ho le joalo, Jesu o ne a bua ka lefu la hae. Empa ba ne ba nahana hore o bua ka ho phomola borokong. Ka hona, ka nako eo, Jesu a re ho bona ka ho toba: ‘Lazaro o shoele.’”—Johanne 11:11-14.

Bafu ba tla tsosoa. Ha Jesu a fihla motseng oo Lazaro a neng a lula ho ’ona o ile a tšelisa Maretha e leng khaitseli ea Lazaro ka ho re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Eaba Jesu o etsa tšepiso ena ea bohlokoa: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” Jesu o ne a sa ba tšepise lelea. O ile a tsosa Lazaro ka pel’a lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo, le hoja a ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele.—Johanne 11:23, 25, 38-45.

Tšenolong eo a ileng a e fa moapostola Johanne, Jesu o ile a boela a tšepisa hore bafu ba tla tsoha. O ile a bua ka nako eo lefu le tla lokolla bohle bao ka tšoantšetso ba leng litlamong tsa lona.—Tšenolo 20:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela