Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 1/15 maq. 12-16
  • U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOSEBETSI OA BOIPHELISO
  • BOIKHATHOLLO LE BOITHABISO
  • KAMANO EO LITHO TSA LELAPA LI BANG LE EONA
  • ETSA LIQETO TSE BOHLALE
  • Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • “Na U Nthata ho Feta Tsee?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • U ka Fumana Boithabiso—Bo Khathollang
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 1/15 maq. 12-16

U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova

“Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.”—JOSH. 24:15.

LEKA HO ARABA LIPOTSO TSENA

  • U ka etsa joang hore mosebetsi oa boipheliso o se ke oa u jella nako?

  • U ka etsa qeto e bohlale joang mabapi le boikhathollo le boithabiso boo u bo khethang?

  • Haeba setho sa lelapa se furalla Jehova, u ka mamella bohloko boo u bo utloang joang?

1-3. (a) Ke hobane’ng ha Joshua e le mohlala o motle oa motho ea ileng a khetha ho etsa se nepahetseng bophelong? (b) Ke sefe seo re lokelang ho se hopola ha re tlameha ho etsa liqeto?

LIQETO tseo re li etsang ke tsa bohlokoa haholo. Li re thusa hore re khethe hore na ke lintho life tseo re tla li etsa bophelong. Ho tea mohlala: Nahana ka motho ea tsamaeang tseleng e be ka tšohanyetso o fihla moo litsela li arohanang. O tla khetha tsela efe? Ho ka etsahala hore ebe o tla khetha tsela e tla mo isa haufi le moo a batlang ho ea teng ho e-na le ho khetha e tla mo isa hōle.

2 Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba ba boemong bo tšoanang. Ka mohlala, Kaine o ile a tlameha ho etsa qeto ea hore na o laola bohale ba hae kapa che. (Gen. 4:6, 7) Joshua o ile a tlameha ho khetha hore na o sebeletsa Molimo oa ’nete kapa o rapela melimo ea bohata. (Josh. 24:15) Sepheo sa Joshua e ne e le hore a lule a e-na le kamano e haufi le Jehova; ke ka lebaka leo a ileng a etsa qeto e neng e tla mo thusa ho finyella seo. Kaine o ne a se na sepheo se joalo, ’me o ile a etsa qeto e ileng ea mo suthisetsa hōle le Jehova.

3 Ka linako tse ling, le rōna re tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa e le hore re lule re le tseleng e nepahetseng. Haeba seo se etsahala, hopola hore na sepheo sa hao ke sefe—ke ho tlotlisa Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang le ho qoba ntho efe kapa efe e tla etsa hore u suthele hōle le eena. (Bala Baheberu 3:12.) Sehloohong sena le se latelang, re tla tšohla lintho tse supileng bophelong ba rōna tseo ho tsona re sa lokelang ho lumella letho ho re suthisetsa hōle le Jehova.

MOSEBETSI OA BOIPHELISO

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba le mokhoa oa ho iphelisa?

4 Bakreste ba tlameha ho itlhokomela ba be ba hlokomele le ba malapa a bona. Bibele e bolela hore mang kapa mang ea sa batleng ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa ba lelapa la hae, o mobe ho feta motho ea sa lumelang. (2 Bathes. 3:10; 1 Tim. 5:8, NW, ftn.) Ho hlakile hore mosebetsi oa boipheliso ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna, empa haeba u se hlokolosi, o ka u suthisetsa hōle le Jehova. Ka tsela efe?

5. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho nahana ka tsona ha re fumana mosebetsi?

5 A re re u batla mosebetsi. Haeba u lula naheng eo ho eona ho nang le leqeme la mosebetsi, u ka ’na ua lekeha hore u amohele mosebetsi ofe kapa ofe o hlahang. Leha ho le joalo, u tla etsa’ng haeba mosebetsi oo o le khahlanong le melao-motheo ea Bibele? U tla etsa’ng haeba kemiso ea hao kapa nako eo u tla e qeta u le tseleng e tla u sitisa mesebetsing ea hao ea Bokreste kapa e etse hore u be hōle le lelapa la hao? Na u tla amohela mosebetsi oo o nang le mathata, u nahana hore o molemo ho feta ho se sebetse? Hopola hore ho khetha tsela e fosahetseng ho ka u suthisetsa hōle le Jehova. (Baheb. 2:1) Ho sa tsotellehe hore na u batla mosebetsi kapa u ntse u nahana ka ho fetola mosebetsi, u ka etsa qeto e bohlale joang?

6, 7. (a) Ke mabaka afe a mabeli a ka ’nang a etsa hore motho a amohele mosebetsi? (b) Ke lebaka lefe le tla etsa hore a be le kamano e haufi le Jehova?

6 Joalokaha ho boletsoe pejana, hopola hore na sepheo sa hao ke sefe. Ipotse, ‘Ke batla ho finyella’ng ka mosebetsi oo?’ Haeba lebaka le ka sehloohong la hore u sebetse ke ho hlokomela lelapa la hao e le hore le ka tsoela pele le sebeletsa Jehova—Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. (Mat. 6:33) Jehova ha a tsielehe ha u thulana le bothata ba ho felloa ke mosebetsi kapa ba ho oa ha moruo ka tšohanyetso. (Esa. 59:1) “O tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Pet. 2:9.

7 Ka lehlakoreng le leng, ho tla etsahala’ng haeba sepheo sa hao e le feela hore u be morui? Mohlomong u tla atleha. Leha ho le joalo, hopola hore le haeba u ka “atleha” ho kotsi hore u sebetse feela ka sepheo sa hore u be morui. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Ho ameha haholo ka leruo le mosebetsi ho tla u suthisetsa hōle le Jehova.

8, 9. Ke lintho life tseo batsoali ba lokelang ho nahana ka tsona mabapi le tsela eo ba talimang mosebetsi ka eona? Hlalosa.

8 Haeba u motsoali, nahana hore na mohlala oo o u behang o ama bana ba hao joang. Ba bona ntho eo u e nkang e le ea bohlokoa e le efe—mosebetsi oa hao kapa setsoalle sa hao le Jehova? Haeba ba hlokomela hore maemo, botumo le leruo ke tsona lintho tse tlang pele bophelong ba hao, ba ka ’na ba latela mohlala oa hao tseleng eo e kotsi. Tlhompho eo ba u hlomphang ka eona joaloka motsoali e ka ’na ea fokotseha. Mocha e mong oa Mokreste o re: “Ho tloha ha ke sa le monyenyane esale Ntate a phathahane ka mosebetsi oa hae. Qalong ho ne ho bonahala eka o sebetsa ka thata e le hore lelapa la hae le fumane lintho tse molemo ka ho fetisisa. O ne a batla hore re phele hamonate. Empa morao tjena lintho li fetohile. O sebetsa ka thata ebe o tla a rekile lintho tse turang tseo lelapa le sa li hlokeng. Ka lebaka leo, lelapa leso le tsebahala ka hore le na le chelete e ngata eseng ka hore ke lelapa le khothatsang batho ba bang moeeng. Ke ne ke tla thabela hore Ntate a sebetse ka thata ho thusa lelapa leso moeeng ho e-na le hore a sebetse ka thata hore a fumane chelete e ngata.”

9 Batsoali, le se ke la suthela hōle le Jehova ka ho etsa hore mosebetsi e be eona ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba lōna. Bontšang bana ba lōna ka mohlala oo le ba behelang oona hore le lumela e le kannete hore leruo la bohlokoahali leo re ka bang le lona, ke la moea e seng la lintho tse bonahalang.—Mat. 5:3.

10. Ke ntho efe eo mocha a lokelang ho nahana ka eona ha a khetha hore na o tla etsa mosebetsi ofe bophelong?

10 Haeba u mocha ea ntseng a nahana ka hore na u tla etsa mosebetsi oa mofuta ofe, u ka etsa joang hore u fihlele qeto e nepahetseng? Joalokaha re se re bone, u lokela ho tseba hore na u batla ho finyella eng bophelong. Haeba u nahana ka ho ikoetlisetsa mosebetsi o itseng, nahana ka hore na mosebetsi oo o tla u thusa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba hao kapa o tla u suthisetsa hōle le Jehova. (2 Tim. 4:10) Na u ikemiselitse ho latela mohlala oa batho bao thabo ea bona e itšetlehileng ka hore na ba na le chelete e kae bankeng kapa hore na ba na le liabo tse kae mebarakeng? Kapa na u tla khetha ho ba le kholiseho e tšoanang le ea Davida ea ileng a ngola a re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe”? (Pes. 37:25) Hopola hore tsela e ’ngoe eo u e khethang e tla u suthisetsa hōle le Jehova, athe e ’ngoe e tla u isa bophelong bo molemo ka ho fetisisa. (Bala Liproverbia 10:22; Malakia 3:10.) U tla khetha tsela efe?a

BOIKHATHOLLO LE BOITHABISO

11. Bibele e re’ng ka boikhathollo le boithabiso, empa ke sefe seo re lokelang ho se hopola?

11 Bibele ha e khahlanong le hore batho ba thabe ebile ha e bolele hore boikhathollo le boithabiso ke tšenyo ea nako. Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, o ile a re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Tim. 4:8) Bibele e boetse e re ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla” ebile e khothalletsa batho hore ba fumane phomolo e lekaneng. (Moek. 3:4; 4:6) Leha ho le joalo, haeba u se hlokolosi, boikhathollo le boithabiso li ka u suthisetsa hōle le Jehova. Ka tsela efe? Taba ke hore na u khetha boikhathollo le boithabiso ba mofuta ofe le hore na u qeta nako e kae ho bona.

Boithabiso bo nepahetseng le bo itekanetseng boa khatholla

12. Ke lintho life tseo u lokelang ho nahana ka tsona mabapi le hore na u khetha boikhathollo le boithabiso ba mofuta ofe?

12 Ntlha ea pele, nahana ka mofuta oa boikhathollo kapa boithabiso boo u bo khethang. Kholiseha hore u ka khona ho fumana mofuta o loketseng oa boikhathollo kapa boithabiso. Leha ho le joalo, ’nete ke hore boholo ba boithabiso bo teng bo tlotlisa lintho tseo Molimo a li hloileng tse akarelletsang mabifi, ho sebelisana le meea le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Kahoo, u lokela ho hlahlobisisa hore na boikhathollo le boithabiso boo u kopanelang ho bona ke ba mofuta ofe. Bo u ama joang? Na bo u khothalletsa hore u be mabifi, u rate tlhōlisano kapa u be le moea oa bochaba? (Liprov. 3:31) Na bo u jella chelete? Na bo ka khopisa ba bang? (Bar. 14:21) Boikhathollo kapa boithabiso boo u kopanelang ho bona bo etsa hore u kopane le batho ba mofuta ofe? (Liprov. 13:20) Na bo u susumelletsa hore u be le takatso ea ho etsa lintho tse fosahetseng?—Jak. 1:14, 15.

13, 14. Ke sefe seo u lokelang ho nahana ka sona mabapi le nako eo u e qetang boithabisong?

13 Hape, nahana ka nako eo u e qetang boikhathollong le boithabisong. Ipotse, ‘Na ke qeta nako e ngata ke ikhatholla hoo ke salloang ke nako e nyenyane ea ho etsa lintho tsa moea?’ Haeba u khetha ho sebelisa nako e ngata haholo boikhathollong kapa boithabisong, u tla hlokomela hore nako eo ea hao ea phomolo ha ea u khatholla hakaalo. Ha e le hantle, batho ba ka thabela boithabiso le ho feta haeba ba sa sebelise nako e ngata ho tlōla tekanyo ho bona. Hobane’ng? Hobane baa tseba hore ba qalile ka ho etsa “lintho tsa bohlokoa haholo,” joale ha ba utloe ba le molato ha ba ikhatholla.—Bala Bafilipi 1:10, 11.

14 Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ho qeta nako e ngata re ithabisa ke ntho e monate, ho etsa joalo ho ka re suthisetsa hōle le Jehova. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 20 ea bitsoang Kim, o ile a hlokomela seo bophelong ba hae. O re: “Ke ne ke e-ea phathing e ’ngoe le e ’ngoe. Mafelo-beke a mang le a mang ho ne ho e-na le ntho e khōlō e etsahalang—Labohlano, Moqebelo le Sontaha. Leha ho le joalo, hona joale kea hlokomela hore ho na le lintho tse ngata haholo tsa bohlokoa tseo nka li etsang. Ka mohlala, kaha ke pula-maliboho, ke tsoha ka hora ea botšelela hoseng e le hore ke itokisetse ho ea tšebeletsong ea tšimo, kahoo, nke ke ka khona hore ebe ke ntse ke e-na le metsoalle ho fihlela ka hora ea pele kapa ea bobeli hoseng. Kea tseba hore hase hore ’moka o mong le o mong o fosahetse empa e ka re sitisa haholo. Joaloka linthong tse ling tsohle, ha rea lokela ho senya nako e ngata haholo re le ’mokeng e joalo.”

15. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le boithabiso bo khathollang?

15 Batsoali ba na le boikarabelo ba ho itlhokomela le ho hlokomela bana ba bona ka lintho tseo ba li hlokang nameng, moeeng le maikutlong. Seo se akarelletsa ho etsa litokisetso tsa hore le be le boikhathollo. Haeba u motsoali, u se ke ua sulafalletsa bana bophelo ka ho etsa eka boithabiso ba mofuta o mong le o mong bo fosahetse. Ka nako e tšoanang, u lokela ho lula u falimehile e le hore le se ke la angoa ke mekhoa e mebe. (1 Bakor. 5:6) Haeba u ipha nako e lekaneng ea ho nahanisisa lintho, u tla fumana boithabiso le boikhathollo bo tla khatholla ba lelapa la hao e le kannete.b Ka tsela eo, uena hammoho le bana ba hao le tla khetha tsela e tla etsa hore le be le kamano e haufi le Jehova.

KAMANO EO LITHO TSA LELAPA LI BANG LE EONA

16, 17. Batsoali ba bangata ba thulana le boemo bofe bo utloisang bohloko, ’me re tseba joang hore Jehova o utloisisa bohloko boo ba bo utloang?

16 Kamano eo batsoali ba nang le eona le bana ba bona e matla hoo Jehova a ileng a etsa papiso ka eona ha a ne a bontša hore na o rata sechaba sa hae hakae. (Esa. 49:15) Kahoo, ka tlhaho batho ba utloa bohloko haholo ha setho se seng sa lelapa se furalla Jehova. Morali e mong oabo rōna eo morali oa hae a ileng a khaoloa o re, “Ke ne ke utloile bohloko haholo. Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha a furalla Jehova?’ Ke ile ka ikutloa ke le molato.”

17 Jehova o utloisisa bohloko boo u bo utloang. Le eena “pelo ea hae [e ile] ea utloa bohloko” ha motho oa pele a ne a mo fetohela. O ile a boela a utloa bohloko ha batho ba neng ba phela pele ho Moroallo ba mo fetohela. (Gen. 6:5, 6) Ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba e-s’o ka ba e-ba boemong boo, ba utloisise hore na eo ke ntho e utloisang bohloko hakae. Leha ho le joalo, ho ka ba kotsi ho lumella hore boitšoaro bo fosahetseng ba setho sa lelapa se khaotsoeng bo u suthisetse hōle le Jehova. Joale, ke eng e ka u thusang ho mamella le hoja u utloile bohloko haholo ha setho sa lelapa se furalla Jehova?

18. Ke hobane’ng ha batsoali ba sa lokela ho itjarisa molato haeba ngoana oa bona a furalla Jehova?

18 U se ke ua itjarisa molato ka se etsahetseng. Jehova o file batho boikhethelo, ’me setho se seng le se seng sa lelapa se inehetseng le se kolobelitsoeng se lokela ho ‘jara mojaro oa sona.’ (Bagal. 6:5) Ha e le hantle, Jehova o nka hore motho eo ea entseng sebe ke eena ea jarang boikarabelo ka seo a se entseng, eseng uena. (Ezek. 18:20) Hape, u se ke ua beha batho ba bang molato. Hlompha tokisetso eo Jehova a e entseng ea ho fana ka khalemelo. Ema u tiile khahlanong le Diabolose—u se ke ua loantša balisa ba sireletsang phutheho.—1 Pet. 5:8, 9.

Hase phoso ho ba le tšepo ea hore setho sa lelapa seo u se ratang se tla khutlela ho Jehova

19, 20. (a) Batsoali ba ka etsa’ng e le hore ba mamelle bohloko boo ba bo utloang ha ngoana oa bona a khaotsoe? (b) Ke tšepo efe eo batsoali bao ba lokelang ho ba le eona?

19 Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlonamela Jehova, u tla suthela hōle le eena. Ka sebele, setho sa lelapa se lokela ho bona hore u ikemiselitse ho rata Jehova ho feta mang kapa mang esita le litho tsa lelapa la hao. Kahoo, e le hore u khone ho mamella boemo boo, u lokela ho tiisa hore u imatlafatsa moeeng. U se ke ua ikarola ho bara le barali beno ba tšepahalang ba Bakreste. (Liprov. 18:1) Rapela Jehova ’me u mo tšollele maikutlo a hao. (Pes. 62:7, 8) U se ke ua batla mabaka a hore u itsoakanye le setho sa lelapa se khaotsoeng; ka mohlala, ka hore u buisane le sona ka e-mail. (1 Bakor. 5:11) Lula u phathahane ka lintho tsa moea. (1 Bakor. 15:58) Morali’abo rōna eo ho builoeng ka eena ka holimo o re, “Kea tseba hore ke lokela ho lula ke phathahane tšebeletsong ea Jehova le hore ke lokela ho lula ke le matla moeeng e le hore ha morali oa ka a khutlela ho Jehova, ke tle ke khone ho mo thusa.”

20 Bibele e re lerato “le tšepa lintho tsohle.” (1 Bakor. 13:4, 7) Hase phoso ho ba le tšepo ea hore setho seo sa lelapa seo u se ratang se tla khutlela ho Jehova. Selemo le selemo, batho ba bangata ba ileng ba etsa liphoso baa baka ebe ba khutlela mokhatlong oa Jehova. Jehova ha a lule a ba halefetse ka mor’a hore ba bake. Ho e-na le hoo, o “itokiselitse ho tšoarela.”—Pes. 86:5.

ETSA LIQETO TSE BOHLALE

21, 22. U ikemiselitse ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela boo u nang le bona joang?

21 Jehova o file batho bao a ba bōpileng bolokolohi ba ho ikhethela. (Bala Deuteronoma 30:19, 20.) Empa bolokolohi boo bo tsamaea le boikarabelo ba bohlokoa. Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Ke tsamaea tseleng efe? Na ke ’nile ka lumella hore mosebetsi, boikhathollo le boithabiso kapa kamano eo ke nang le eona le litho tsa lelapa la ka kapa leso li etse hore ke suthele hōle le Jehova?’

22 Jehova o lula a rata bahlanka ba hae. Ntho feela e ka etsang hore re suthele hōle le eena, ke haeba re tsamaea tseleng e fosahetseng. (Bar. 8:38, 39) Leha ho le joalo, seo ha sea lokela ho etsahala! Ikemisetse hore u se ke ua lumella letho ho u suthisetsa hōle le Jehova. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa lintho tse ling tse ’nè bophelong ba rōna tseo ho tsona re ka bontšang hore re ikemiselitse ho etsa seo.

a E le hore u fumane boitsebiso bo batsi mabapi le ho khetha mosebetsi, sheba khaolo ea 38 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2.

b E le hore u fumane litlhahiso tse mabapi le boithabiso, sheba Tsoha! ea November 2011, leqepheng la 17-19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela