Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 2/15 leq. 30
  • E ne e le Setho sa Lelapa la Kaifase

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E ne e le Setho sa Lelapa la Kaifase
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Bopaki ba Baepolli ba Lintho Tsa Khale ba Hore Jesu o Kile a ba Teng Lefatšeng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o isoa ho Kaifase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ha Lazaro a Tsosoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 2/15 leq. 30

E ne e le Setho sa Lelapa la Kaifase

Sebaka seo ho neng ho bolokoa makese ho sona

Ka linako tse ling, lintho tse fumanoang ke baepolli ba lintho tsa khale li ka tiisa ka tsela e tobileng kapa e sa tobang hore ho kile ha e-ba le motho ea itseng eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. Ka mohlala, ka 2011, litsebi tsa Iseraele li ile tsa hatisa boitsebiso bo buang ka ntho eo li e epolotseng e tiisang seo. Ke lekesana la bafu le nang le lilemo tse 2 000—le entsoeng ka lejoe la mokoetla le khabisitsoeng, leo ho tšeloang masapo a mofu ka ho lona ka mor’a hore nama ea hae e bole.

Lekesana lena le ngotsoe mantsoe ana: “Miriame morali oa Yeshua mora oa Kaifase, moprista oa Mazia ea tsoang Beth ʹImri.” Moprista ea phahameng oa Mojuda ea neng a kentse letsoho qosong le polaong ea Jesu e ne e le Kaifase. (Joh. 11:48-50) Rahistori Flavius Josephus o re e ne e le “Josefa, ea neng a bitsoa Kaifase.” Kamoo ho bonahalang kateng, lekesana leo e ne e le la e mong oa beng ka eena. Kaha mongolo o lekesaneng leo ho neng ho nahanoa hore ke la moprista ea phahameng le fumanoeng pejana, o mo bitsa Yehosef bar Caiapha, kapa Josefa, mora oa Kaifase,a Miriame o ne a amana le Kaifase ka tsela e itseng.

Ho latela boitsebiso bo fanoeng ke Israel Antiquities Authority (IAA), lekesana la Miriame le ile la nkoa ka likhoka ho masholu a ileng a tlatlapa lebitla la boholo-holo. Ha lekesana lena hammoho le mongolo o ho lona li hlahlojoa, li tiisa hore ehlile ke la ’nete.

Ho boetse ho na le ntho e ’ngoe e ncha eo lekesana leo la Miriame le re bolellang eona. Le bua ka “Mazia,” e leng sehlopha sa ho qetela lihlopheng tse 24 tsa baprista ba neng ba chenchana ho sebeletsa tempeleng ea Jerusalema. (1 Likron. 24:18) IAA e re, mongolo o neng o le lekesaneng leo o senola hore “lelapa la Kaifase le ne le amana le sehlopha sa Mazia.”

Mongolo oo o boetse o bua ka Beth ʹImri ’me o ka ’na oa hlalosoa ka litsela tse peli. IAA e re, tsela “ea pele ke hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe Beth ʹImri ke lebitso la lelapa la boprista—e leng bara ba Imere (Esdrase 2:36-37; Nehemia 7:39-42) bao leloko la bona le akarelletsang ba sehlopha sa Mazia. Ea bobeli ke hore e ka ’na eaba [Beth ʹImri ke] sebaka seo mofu kapa ba lelapa la hae kaofela ba tsoang ho sona.” Ho sa tsotellehe hore na seo e leng sona ke sefe, lekesana la Miriame le fana ka bopaki ba hore Bibele e bua ka batho ba sebele ba neng ba hlaha malapeng a ileng a fela a e-ba teng.

a Mabapi le lekesana la Kaifase, sheba sehlooho se reng “Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu,” Molula-Qhooeng oa January 15, 2006, leqepheng la 10-13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela