Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 3/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Romela Jesu Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Ruri Jesu e ne e le Mora oa Molimo?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 3/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa Mora oa Molimo?

Molimo ha a na mosali oa sebele ea ka mo tsoallang bana. Ke ’Mōpi oa lintho tsohle tse phelang. Batho ba ile ba bōptjoa ba e-na le bokhoni ba ho etsisa litšobotsi tsa Molimo. Ke ka lebaka leo motho oa pele eo Molimo a ileng a mo bōpa, e leng Adama, a ileng a bitsoa “mora oa Molimo.” Ka ho tšoanang, Jesu o bitsoa “Mora oa Molimo” hobane o ne a bōpiloe a e-na le litšobotsi tse tšoanang le tsa Ntate oa hae.—Bala Luka 3:38; Johanne 1:14, 49.

Jesu o ile a bōptjoa neng?

Molimo o ile a bōpa Jesu pele a bōpa Adama. Ha e le hantle, Molimo o ile a bōpa Jesu eaba o mo sebelisa hore a etse lintho tse ling tsohle, ho akarelletsa le mangeloi. Ke kahoo Bibele e reng Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle.”—Bala Bakolose 1:15, 16.

Pele a tsoalloa Bethlehema, Jesu o ne a phela leholimong e le lengeloi. Ha nako e fihla, Molimo o ile a tlosa bophelo ba Jesu leholimong a bo fetisetsa pōpelong ea Maria e le hore a ka tsoaloa e le motho.—Bala Luka 1:30-32; Johanne 6:38; 8:23.

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a etsa hore Jesu a tsoaloe lefatšeng e le motho? Jesu o ile a phetha karolo efe e khethehileng? U ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ka Bibeleng ’me li tla etsa hore u utloisise haholoanyane seo Molimo le Jesu ba u etselitseng sona.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng sheba khaolo ea 4 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela