Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 4/1 maq. 12-15
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOTHO EA SE NANG MOLATO LEFATŠENG LE KHOPO
  • “IKETSETSE AREKA”
  • “LE KENE KA AREKENG”
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Noe o Haha Areka
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 4/1 maq. 12-15

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA

“O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”

NOE oa ikotlolla ʼme o sarolla mesifa ea hae e opang. Nahana feela a lutse holim’a kutu e tenya ea sefate, a phomotse hanyenyane mosebetsing oa hae, a shebile mohaho o moholohali oa areka. Moeeng ho ne ho tletse monko o hahlamelang habohloko oa sekontiri ʼme ho utloahala molumo oa lithulusi tsa lepolanka. Moo Noe a neng a lutse teng, o ne a ka bona bara ba hae ba lomahantse meno likarolong tse fapa-fapaneng tsa marangrang a mohaho ona o moholo oa mapolanka. Bara ba hae, basali ba bona le mosali oa hae ea ratehang, kaofela esale ba sebetsa le eena ka thata mosebetsing ona o entsoeng ka lilemo tse mashome. Ba ne ba khathile tema e khōlō empa ho sa setse tema e khōlō hape ka pel’a bona!

Batho ba moo ba ne ba nahana hore Noe le ba lelapa la hae baa hlanya. Ha mohaho oa areka o ntse o phahama, batho ba ne ba tšeha le ho feta ha ba nahana ka moroallo oo ho thoeng o tla koahela lefatše kaofela. Tlokotsi eo Noe a neng a lula a ba lemosa ka eona e ne e bonahala e le toro, e le ho hloka kelello ho fetisisang! Ba ne ba sa utloisise hore motho a ka senya nako ea hae le ea lelapa la hae ho etsa mosebetsi o booatla joalo. Leha ho le joalo, Jehova, Molimo oa Noe, o ne a sa bone Noe e le leoatla.

Lentsoe la Molimo le re: “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 6:9) Seo se ne se bolela’ng? Se ne se sa bolele hore Molimo o ne a tsamaea lefatšeng, kapa hona hore mohlomong Noe o ile a ea leholimong. Ho e-na le hoo, Noe o ile a mamela Molimo haholo ʼme a mo rata hoo e neng eka eena le Jehova ba tsamaea hammoho joaloka metsoalle. Lilemo tse likete hamorao, ha e bua ka Noe, Bibele e ile ea re: “Ka tumelo [ea hae] o ile a ahlola lefatše.” (Baheberu 11:7) Joang? Ebe kajeno re ka ithuta eng tumelong ea hae?

MOTHO EA SE NANG MOLATO LEFATŠENG LE KHOPO

Noe o hōletse lefatšeng le neng le senyeha ho ea pele. Le ile la ba lebe ho tloha mehleng ea moholo-holo oa hae Enoke, e leng motho e mong ea lokileng ea ileng a tsamaea le Molimo. Enoke o ne a boletse hore letsatsi la kahlolo le tla tlela batho ba sa tšabeng Molimo. Joale, mehleng ea Noe, batho ba ne ba e-na le boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa. Ha e le hantle, mahlong a Jehova lefatše le ne le senyehile, hobane le ne le tletse pefo. (Genese 5:22; 6:11; Juda 14, 15) Ho ne ho etsahetse’ng e neng e mpefalitse lintho hakaalo?

Ho ne ho etsahetse bomalimabe bo boholo har’a mangeloi a Molimo. Le leng la ʼona le ne le fetohetse Jehova ʼme le fetohile Satane Diabolose ka ho etselletsa Molimo le ka ho eka Adama le Eva hore ba etse sebe. Mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a qala ho fetohela puso e lokileng ea Jehova. Mangeloi ana a ile a tloha sebakeng sa ʼona seo a se filoeng ke Molimo, a tla lefatšeng, a ipha ʼmele ea batho eaba a nyala basali ba batle. Mangeloi ao a ikhohomosang, a baithati, a ne a e-na le tšusumetso e kotsi har’a batho.—Genese 3:1-5; 6:1, 2; Juda 6, 7.

Ho feta moo, manyalo ana ao e seng a tlhaho a basali le mangeloi a iphetotseng batho, a ile a hlahisa bana ba mofuta o tsoakaneng, ba baholo le ba matla ka tsela e sa tloaelehang. Bibele e ba bitsa Banefilime, e bolelang “Balihi”—e leng ba lihang batho ba bang. Banefilime bana ba hlaha ba ile ba mpefatsa boemo ba lefatše le ho feta. Ha ho makatse hore mahlong a ’Mōpi, ‘bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.’ Jehova o ile a etsa qeto ea hore o ne a tla felisa batho bao ba khopo ka mor’a lilemo tse 120.—Genese 6:3-5.

Noe le mosali oa hae ba ile ba tlameha ho sireletsa bana ba bona tšusumetsong e mpe

Nahana feela hore na ho ne ho le thata hakaakang ho hōlisetsa bana lefatšeng le joalo! Leha ho le joalo, Noe o ile khona. O ile a fumana mosali ea molemo. Ka mor’a hore Noe a be lilemo li 500, mosali oa hae o ile a mo belehela bara ba bararo—Sema, Kama le Jafeta.a Noe le mosali oa hae ba ile ba tlameha ho sireletsa bashanyana bana tšusumetsong e mpe e ba potolohileng. Hangata bana ba bashanyana ba khahloa haholo ke banna “ba matla” le “ba tummeng”—ʼme e tlameha ebe bana ba ne ba khahloa ke Banefilime. Noe le mosali oa hae ba ne ba ke ke ba sireletsa bana ba bona hore ba se ke ba utloa tlaleho e ʼngoe le e ʼngoe e buang ka liketso tsa linatla tseo, empa ba ne ba ka ba ruta ʼnete e khahlang ka Jehova Molimo, ea hloileng bokhopo bohle. Ba ne ba tlameha ho thusa bashanyana bana ho bona hore Jehova o utloisoa bohloko ke pefo le borabele bo lefatšeng.—Genese 6:6.

Kajeno batsoali ba ka utloisisa boemo boo Noe le mosali oa hae ba neng ba le ho bona. Lefatše la rōna le tletse pefo le borabele ka tsela e tšoanang. Esita le lintho tse etselitsoeng hore bana ba ithabise ka tsona e ka ba tse tletseng pefo le borabele. Batsoali ba bohlale ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho loantša tšusumetso eo ka ho ruta bana ba bona ka Jehova, Molimo oa khotso, eo ka letsatsi le leng a tla felisa pefo eohle. (Pesaleme ea 11:5; 37:10, 11) Ba ka atleha! Noe le mosali oa hae ba ile ba atleha. Bashanyana ba bona ba ile ba hōla ea e-ba banna ba molemo ʼme ba nyala basali bao ka ho tšoanang, ba neng ba ikemiselitse hore Jehova, Molimo oa ʼnete, a tle pele bophelong ba bona.

“IKETSETSE AREKA”

Ka letsatsi le leng, bophelo ba Noe bo ile ba fetohela ruri. Jehova o ile a bua le mohlanka enoa oa hae ea ratehang ʼme a mo bolella hore O rerile ho felisa lefatše la mehleng eo. Molimo o ile a laela Noe, a re: “Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku.”—Genese 6:14.

Areka ena e ne e se sekepe, joalokaha ba bang ba nahana. E ne e se na nko kapa mohatla, mpa kapa lesokoana, ho se moo e kobiloeng teng. E ne e le lebokose le leholo feela. Jehova o ile a fa Noe litekanyo tse tobileng tsa areka, a ba a mo bolella hore na e lokela ho ba joang le litaelo tsa ho e lila ka ntle le ka hare ka sekontiri. Eaba o bolella Noe lebaka o re: “Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.” Ho ekelletsa moo, Jehova o ile a fa Noe taelo ena: “U tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.” Noe o ne a boetse a lokela ho kenya mefuta eohle ea liphoofolo ka arekeng. Ke ba neng ba le ka arekeng feela ba neng ba tla pholoha moroallo o tlang!—Genese 6:17-20.

Noe o ne a talimane le mosebetsi o moholohali. Areka ena e ne e lokela ho ba khōlō haholo—e ne e ka ba bolelele ba limithara tse 133, bophara ba limithara tse 22 le bophahamo ba limithara tse 13. E ne e le khōlō ho feta likepe tse khōlō ka ho fetisisa tsa lehong tse kileng tsa hahuoa esita le mehleng ea kajeno. Na Noe o ile a leka ho qoba mosebetsi oo, a tletleba ka mathata a ʼona, kapa a fetola seo a neng a tšoanetse ho se etsa e le hore a ipebofaletse mosebetsi? Bibele e araba ka ho re: ‘Noe a etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.’—Genese 6:22.

Mosebetsi ona o ile oa nka lilemo tse mashome, mohlomong lilemo tse 40 ho isa ho tse 50. Ba ne ba lokela ho rema lifate, ho li hula, ho etsa lipalo ho li betla le ho li kopanya. Areka e ne e lokela ho ba le mekato e meraro, liphaposi tse ngata le monyako lehlakoreng. Ho hlakile hore ho ne ho e-na le lifensetere holimo, hammoho le marulelo a phahamisitsoeng hare a litsoeng hanyenyane ka sekontiri e le hore metsi a phalle.—Genese 6:14-16.

Ha lilemo li ntse li feta ʼme mohaho oa areka o ntse o phahama, e tlameha ebe Noe o ne a thaba haholo ka thuso eo ba lelapa la hae ba neng ba mo fa eona! Ho ne ho e-na le karolo e ʼngoe ea mosebetsi eo e ka ʼnang eaba e ne e le thata haholo ho feta ho haha areka. Bibele e re bolella hore Noe e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Kahoo, ka sebete o ile a etella pele mosebetsi oa ho lemosa batho bao ba khopo le ba sa tšabeng Molimo ka timetso e neng e ba tlela. Ba ile ba etsa joang? Hamorao Jesu Kreste o ile a hopola nako eo, a re, batho bao ‘ha baa ka ba elelloa.’ O itse ba ile ba tšoareha haholo litabeng tsa bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi—ba ja, ba noa, ba nyala ba bile ba nyalisa—hoo ba sa kang ba mamela Noe. (Matheu 24:37-39) Ha ho pelaelo hore ba bangata ba ile ba mo soma eena le ba lelapa la hae; mohlomong ba bang ba ile ba mo tšosa ʼme ba mo hanyetsa ka mabifi.

Ho sa tsotellehe bopaki ba hore Molimo o ne a hlohonolofatsa Noe, batho ba ile ba mo soma le ho hlokomoloha molaetsa oa hae

Leha ho le joalo, Noe le ba lelapa la hae ha baa ka ba tlohela mosebetsi oa bona. Le hoja ba ne ba phela lefatšeng le neng le etsa hore mosebetsi oa bohlokoa bophelong ba bona oa ho haha areka o bonahale e se letho, e le oa lefeela, kapa e le booatla, ba ile ba tsoela pele ba tšepahala. Kajeno malapa a Bakreste a ka ithuta ho hongata tumelong ea Noe le ea lelapa la hae. Ho feta moo, re phela nakong eo Bibele e reng ke ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ea lefatše lena. (2 Timothea 3:1) Jesu o ile a re mehla ea rōna e tla tšoana hantle le mehla eo ka eona Noe a neng a haha areka. Ha lefatše le iphapanyetsa molaetsa oa ʼMuso oa Molimo, le o soma kapa le bile le hlorisa Bakreste, ke hantle hore ba hopole Noe. Mathata a joalo ha a qale ka bona.

“LE KENE KA AREKENG”

Ho ile ha feta lilemo tse mashome ʼme butle-butle sebōpeho sa areka sa bonahala. Ha Noe a ntse a atamela ho ba lilemo tse 600, o ile a shoeloa ke baratuoa ba hae. Ntate oa hae, Lameke, o ile a shoa.b Lilemo tse hlano hamorao, ntate-moholo oa hae Methusela, e leng ntate oa Lameke, o ile a shoa a e-na le lilemo tse 969—e le eena motho oa ho qetela ea phetseng halelele ka ho fetisisa tlalehong ea Bibele. (Genese 5:27) Methusela le Lameke ba ne ba phetse mehleng ea Adama, motho oa pele.

Selemong sona seo, mopatriareka Noe o ile a fumana molaetsa o mocha o tsoang ho Jehova Molimo, o reng: “E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao, le kene ka arekeng.” Nakong eona eo, Molimo o ile a bolella Noe hore a kenye mefuta eohle ea liphoofolo tse sa tšoaneng ka arekeng—tse hloekileng, tse loketseng mahlabelo, li kene ka bosupa ka bosupa, ʼme tse ling li kene ka bobeli ka bobeli.—Genese 7:1-3.

E tlameha ebe e ne e le pono eo motho a ke keng a e lebala. Li ile tsa hlaha ka makhalo ʼohle ka bongata bo boholo—li tsamaea, li fofa, li hahaba, li hatela haufi, li ikonka—kaofela li hlolla ka boholo, sebōpeho le mekhoa. Ha ho hlokahale hore re nahane eka Noe o ile a leka ho kharametsa, ho qobella kapa ho qekisa liphoofolo tseo tsa naheng hore li kene ka arekeng e mopatisane. Bibele e re li ile “tsa kena . . . ho Noe ka arekeng.”—Genese 7:9.

Batho ba bang ba belaelang ba ka ʼna ba botsa: ‘Ntho e joalo e ne e ka etsahala joang? Hona liphoofolo tseo li ne li ka phela hammoho joang ka khotso sebakeng seo se patisaneng?’ Nahana ka sena: Ha ho hlokahala, na ʼMōpi oa bokahohle a ke ke a ba le matla a ho laola liphoofolo tseo a li bōpileng, esita le ho li thapisa le ho etsa hore li laolehe? U hopole hore ke Jehova Molimo ea ileng a arola Leoatle le Lefubelu a ba a etsa hore letsatsi le eme. Na o ne a ke ke a phethahatsa ntho e ʼngoe le e ʼngoe e tlalehiloeng paleng ea Noe? Ntle ho pelaelo o ne a ka e phethahatsa ʼme o ile a etsa joalo!

Ha ho pelaelo hore Molimo o ne a ka ʼna a khetha mokhoa o mong oa ho boloka liphoofolo tseo a li bōpileng. Leha ho le joalo, ka bohlale o ile a khetha mokhoa o re hopotsang hore, qalong o ne a behile lintho tsohle tse phelang lefatšeng tlhokomelong ea batho. (Genese 1:28) Kahoo, kajeno batsoali ba bangata ba sebelisa pale ea Noe ho ruta bana ba bona hore Jehova o nka batho le liphoofolo tseo a li bōpileng e le tsa bohlokoa.

Jehova o ile a bolella Noe hore Moroallo o ne o tla tla ka mor’a beke. E tlameha ebe e ne e le nako e maphathaphathe bakeng sa lelapa la Noe. Nahana ka mosebetsi oa ho kenya liphoofolo libakeng tsa tsona, ho beha lijo tsa tsona moo ho loketseng le ho kenya thepa ea lelapa ka arekeng. Mohlomong mosali oa Noe, oa Sema, oa Kama le oa Jafeta ba ne ba tšoarehile haholo ka ho etsa hore ka arekeng e be lapeng.

Batho ba bang bona ba ne ba etsa’ng? Ba ne ba ntse ba ‘sa elelloe’—esita le ka mor’a ho bona bopaki bohle ba hore Jehova o hlohonolofatsa Noe le mosebetsi oa hae. Ba ile ba bona ha liphoofolo li kena ka bongata ka arekeng. Empa ho iphapanya ha bona ha hoa lokela ho re makatsa. Kajeno batho ba iphapanyetsa bopaki bo bongata ba hore hona joale re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ea lintho ea lefatše lena. Empa joalokaha moapostola Petrose a boletse, basomi ba tla tla ka ho soma ha bona, ba tšeha batho ba mamelang temoso ea Molimo. (2 Petrose 3:3-6) Ka ho tšoanang, ha ho pelaelo hore batho ba ile ba soma Noe le lelapa la hae.

Ho soma hoo ho ile ha fela neng? Bibele e re hang ha Noe a kentse lelapa la hae le liphoofolo ka arekeng, “Jehova a koala monyako.” Haeba basomi ba ne ba le teng haufi le moo, ha ho pelaelo hore ketso eo ea Molimo e ile ea ba koala melomo. Haeba ha ho joalo, pula eona e tlameha ebe e ile ea ba koala melomo hobane e ile ea tšoloha! Ha na ea litloebelele, ha na ea likhomo le batho, ea ʼna ea na e sa emise—metsi a eona a koahela lefatše, feela joalokaha Jehova a ne a boletse.—Genese 7:16-21.

Na Jehova o ile a thabela lefu la batho bao ba khopo? Che! (Ezekiele 33:11) Ho e-na le hoo, o ne a ba file monyetla o mong le o mong oa hore ba fetole litsela tsa bona le hore ba etse se nepahetseng. Na ba ka be ba entse joalo? Tsela eo Noe a phetseng ka eona e fana ka karabo. Ka hore Noe a tsamaee le Jehova, a mamele Molimo oa hae linthong tsohle, o bontšitse hore batho ba bang le bona ba ka be ba ile ba pholoha. Ka tsela eo, tumelo ea hae e ile ea ahlola lefatše la mehleng ea hae; e ile ea totobatsa bokhopo ba moloko oa mehleng ea hae. Tumelo ea hae e ile ea thusa hore eena le lelapa la hae ba bolokehe. Haeba u ka etsisa tumelo ea Noe, le uena u ka ipholosa ua ba ua pholosa le baratuoa ba hao. Ho tšoana le Noe, u ka tsamaea le Jehova Molimo joaloka motsoalle oa hao ʼme setsoalle seo se ka tsoela pele ka ho sa feleng!

a Batho ba mehleng eo ba ne ba phela nako e telele haholo ho re feta. Ho hlakile hore ba ne ba phela halelele hobane ba ne ba se hōle haholo le seo Adama le Eva ba neng ba le sona ha ba sa le matla ba bile ba phethahetse.

b Lameke o ne a rehile mora oa hae lebitso la Noe—leo e ka ’nang eaba le bolela “Phomolo; Matšeliso”—ʼme o ne a profetile hore Noe o tla phethahatsa se boleloang ke lebitso la hae, ka hore a etelle batho pele ha ba phomola ho sehleng ka thata mobung o rohakiloeng. (Genese 5:28, 29) Lameke o ile a shoa pele a bona boprofeta bona bo phethahala.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela