Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 7/1 maq. 14-15
  • Na Molimo oa Tsotella ha re Utloa Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo oa Tsotella ha re Utloa Bohloko?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA A ILE A LUMELLA HORE SENA SE ETSAHALE?
  • NA KE PHOSO HO BOTSA?
  • JEHOVA O HLOILE HO BONA RE UTLOA BOHLOKO
  • KE HOBANE’NG HA A LIEHA?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Na ho Bua Leshano ho Hobe Haholo?
    Tsoha!—1987
  • Nka Qoba ho Utloa Bohloko ba ho Bapala ka Maikutlo a Lerato Joang?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 7/1 maq. 14-15

MOQOQO LE MOAHELANI

Na Molimo oa Tsotella ha re Utloa Bohloko?

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka bang le oona le moahelani oa hae. A re nke hore Paki e bitsoang Mampho e etetse ha ’mè ea bitsoang Seipati.

KE HOBANE’NG HA A ILE A LUMELLA HORE SENA SE ETSAHALE?

Mampho: Lumela, lebitso la ka ke Mampho. Nka thabela ho tseba hore na uena u mang.

Seipati: ’Na ke Seipati.

Mampho: Ke thabela ho u tseba. Kajeno ke ntse ke abela batho ba sebakeng sena pampitšana ena. E re, Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Ea hao ke ena.

Seipati: Na e bua ka bolumeli?

Mampho: E, ho joalo. Hlokomela lipotso tsena tse tšeletseng. Ebe ke efe lipotsong tsee—

Seipati: E tšoare hona moo. U se ke ua itšenyetsa nako ka ho bua le ’na.

Mampho: Hobane’ng u bua joalo?

Seipati: Taba ke hore, ha ke tsebe le hore na ke lumela ho Molimo na.

Mampho: Ke thabela ho utloa maikutlo a hao. Ke kōpa ho u botsa, Na haesale u ikutloa ka tsela ee?

Seipati: Che, ha ke ntse ke hōla ke ne ke kena kereke. Empa e se e le khale ke sa ee.

Mampho: Seipati, hase hore ke tl’o u qobella hore u lumele seo ke se lumelang. Empa ke kōpa ho botsa. Na ho na le ntho e itseng ka ho khetheha e ileng ea etsa hore u qetelle u belaela hore Molimo o teng?

Seipati: E, e teng. ’Mè oa ka o ile a ba kotsing ea koloi lilemong tse 17 tse fetileng.

Mampho: Ke masoabi ho utloa seo. Na o ile a lemala hampe?

Seipati: Haesale a qhoala ho tloha ka nako eo.

Mampho: Ao, ke taba tse bohloko hakaakang! U tlameha u sithabetse.

Seipati: Le joale. Ke kahoo ke ipotsang hore na haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha a ile a lumella hore sena se etsahale? Hobane’ng Molimo a lumella hore re utloe bohloko hakaale?

NA KE PHOSO HO BOTSA?

Mampho: Ha ho letho le phoso ka lipotso tsa hao le kamoo u ikutloang kateng. Ha re utloa bohloko, ke ha tlhaho hore re botse hore na hobane’ng. Ha e le hantle, banna le basali ba bang ka Bibeleng le bona ba ile ba ’na ba ipotsa seo.

Seipati: Kannete?

Mampho: E, ho joalo. Na nka u bontša mohlala o joalo ka Bibeleng?

Seipati: Ho lokile.

Mampho: Hlokomela seo moprofeta Habakuke a ileng a se botsa Molimo, lengolong la Habakuke, khaolo ea 1, temana ea 2 le ea 3: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose? Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi?” Na lipotso tsee ha li tšoane le tseo u ipotsang tsona?

Seipati: Lia tšoana.

Mampho: Molimo ha aa ka a halefela Habakuke ka ho botsa lipotso tseo, kapa hona ho bolella Habakuke hore o hloka ho ba le tumelo e matlanyana.

Seipati: Oh! kea utloa.

JEHOVA O HLOILE HO BONA RE UTLOA BOHLOKO

Mampho: Bibele e ruta hore Molimo o oa bona ha re utloa bohloko ebile o oa re tsotella.

Seipati: U bolela’ng?

Mampho: E-re ke u bontše mohlala o mong mona ho Exoda 3:7. Ke kōpa hore u e bale.

Seipati: Ho lokile, e re: “Jehova a eketsa: ‘Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.’”

Mampho: Kea leboha. Ho ea ka lengolo lena, na Molimo o oa bona ha batho ba utloa bohloko?

Seipati: Ho bonahala joalo.

Mampho: Ebile hase hore o mpa a bona feela se etsahalang. Ak’u shebe karolo e qetellang ea temana eo hape. Molimo o re: “Ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” Na mantsoe ao a utloahala e le a Molimo ea sehlōhō le ea se nang taba le rōna?

Seipati: Che, ha ho joalo.

Mampho: Le hoja Molimo a bona ha re e-na le mathata o boetse o utloa bohloko ha a bona re le mathateng.

Seipati: Ke ’nete.

Mampho: Re sa le moo, a re ke re bale ka ketsahalo e ’ngoe ea ha batho ba Molimo ba ne ba utloisoa bohloko. Eona e ho Esaia 63:9. Karolo e qalang ea temana eo e re: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” Joale, na u ka re Molimo o ile a ameha pelong ka lebaka la bohloko boo batho ba hae ba bo utloang?

Seipati: Ehlile, ho utloahala joalo.

Mampho: Bonneteng Seipati, Molimo o hlile o re tsotella e le kannete ’me o hloile ho bona re utloa bohloko. Ha re utloa bohloko, le eena o utloa bohloko.

KE HOBANE’NG HA A LIEHA?

Mampho: Pele ke tsamaea, ho na le ntho e ’ngoe eo ke ratang ho u bontša eona.

Seipati: Ke efe?

Mampho: Hlokomela seo Bibele e se rutang ha e bua ka matla a Molimo. Ke nahanne ka temana ea Jeremia 10:12. Ak’u e bale.

Seipati: Eona e re: “Ke Moetsi oa lefatše ka matla a hae, Ea tiisang ka thata ka bohlale ba hae naha e behang, le Eo ka kutloisiso ea hae a otlolotseng maholimo.”

Mampho: Kea leboha. Ak’u nahane ka temana ena ho se hokae. Na seo se bolela hore Molimo o ne a tla hloka matla a maholo e le hore a bōpe bokahohle bohle le lintho tsohle tse ho bona?

Seipati: Ehlile.

Mampho: Joale, haeba Molimo o na le matla a ho bōpa lintho tsohle, na re ne re ke ke ra lebella hore a ka ba le matla a ho laola le pōpo eohle ea hae?

Seipati: E.

Mampho: A re ke re boele tabeng ea ’mè oa hao. Ke hobane’ng ha u tšoenyeha ha u mo bona a utloa bohloko?

Seipati: Ke hobane kea mo rata. Ke ’mè oa ka.

Mampho: Haeba u ne u e-na le matla a ho mo folisa hona joale, na u ne u tla mo folisa?

Seipati: Hantle haholo.

Mampho: Na ua tseba hore na seo se bolela’ng? Bibele e ruta hore Molimo oa bona ha re le mahlomoleng, o re utloela bohloko, ebile o na le matla a maholo ka ho fetisisa. Ak’u nahane feela hore ho hlokahala ho ithiba ho hokaakang hore Molimo a se ke a potlakela ho felisa mahlomola a rōna!

Seipati: Ha ho mohla nkileng ka nahana taba ena tjena.

Mampho: Na e ka ’na eaba o na le lebaka le utloahalang la hore ebe ha a e-s’o felise mathata a rōna?a

Seipati: E ka ’na eaba o na le lona.

Mampho: Ke utloa eka founo ea hao e ntse e lla, ke se ke tla u bona khetlong le tlang, e le hore re ka tšohla taba ena ho ea pele.

Seipati: Ke lebohile. U tla fumana ke ntse ke u letile.b

Na ho na le taba e itseng ka Bibeleng eo u eeng u ipotse eona? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki ea Jehova, u se ke ua qeaqea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla litaba tse kang tseo le uena.

a E le hore u fumane ho eketsehileng ka taba ena, sheba khaolo ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

b Sehlooho se latelang lihloohong tsena, se tla tšohla hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore re utloe bohloko.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela