Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 4/1 leq. 13
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Daea Lesela—Mokhoa oa Boholo-holo le oa Sejoale-joale
    Tsoha!—2007
  • Lerato la Boena Lea Sebetsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Ho Khothatsa ka Lerato’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Filemone le Onesimase—Ba Kopanngoa ke Kutloano ea Bara ba Motho ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 4/1 leq. 13

RE U LOME TSEBE?

Ho ne ho le joang ho ba lekhoba ’musong oa Roma?

Sefaha sa tšepe se nang le leibole sa lekhoba la ’Musong oa Roma

Sefaha sa lekhoba la ’musong oa Roma

’Musong oa Roma, batho ba bangata ba ne ba etsoa makhoba ha ba hlōtsoe ntoeng kapa ka hore ba koeteloe. Ba hapiloeng ba ne ba rekisoa ’me ho hang ba ne ba ke ke ba hlola ba bona ba malapa a bona hape.

Makhoba a mangata a ne a sebetsa merafong ’me a ne a sebetsa ka thata ho fihlela a shoa, athe a neng a isoa masimong le malapeng a batho ’ona a ne a sebetsa tlas’a maemo a molemonyana. Lekhoba le ne le ka qobelloa ho roala sefaha sa tšepe se nang le leibole e ngotsoeng moputso o ka fuoang motho ea ka le khutlisetsang ho mong’a lona ka mor’a hore le balehe. Makhoba a neng a leka ho baleha ka makhetlo, a ne a ka cheselletsoa letšoao phatleng, leo hangata e neng e-ba F e neng e emela fugitivus (’malehi).

Buka ea Bibele ea Filemone e bua ka moapostola Pauluse ha a ne a busetsa lekhoba le balehileng, Onesimase ho mong’a lona, e leng Filemone. Le hoja Filemone a ne a e-na le tokelo ea molao ea ho fa Onesimase kotlo e boima, Pauluse o ile a kōpa Filemone hore a mo “amohele ka mosa,” ka lebaka la ho mo rata le ho mo bontša botsoalle.—Filemone 10, 11, 15-18.

Ke hobane’ng ha Foenisia ea boholo-holo e ne e tsebahala ka dae e pherese?

Murex shellfish le boea bo pherese ba Tyre

Foenisia ke naha e neng e le haufi le moo hona joale e leng Lebanone, e ne e tsebahala ka dae e pherese ea Tyre, e neng e rehelletsoe ka motse oa Tyre. Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ne a khabisitse tempele ea hae ka “boea bo bopherese bo bofubelu” bo entsoeng ke setsebi sa mesebetsi ea matsoho sa Tyre.—2 Likronike 2:13, 14.

Dae e pherese ea Tyre, e ne e nkoa e le ea bohlokoa haholo, haholo-holo ka lebaka la hore ho ne ho sebetsoa ka thata ho e etsa. Batšoasi ba litlhapi ba ne ba qala ka ho bokella li-murex shellfisha tse ngata leoatleng. Ho ne ho sebelisoa tse 12 000 ho etsa dae bakeng sa seaparo se le seng feela. Ho ne ho ntšoa li-shellfish tseo ka likhetleng tsa tsona e le hore ho ka ntšoa dae ho tsona. Baetsi ba dae ba ne ba e kopanya le letsoai ebe ba e beha letsatsing ka matsatsi a mararo. Ka mor’a moo ba ne ba tšela motsoako oo ka har’a moqomo ebe ba o tšela metsi a leoatle ’me ba o tlohela ka matsatsi a ’maloa o koahetsoe.

Ka lilemo tse makholo, Bafoenisia ba ’nile ba khona ho etsa dae e pherese ea Tyre le ho e rekisa. Lintho tse neng li sebelisoa ho etsa dae eo li ’nile tsa fumanoa pel’a Leoatle la Mediterranean le ho isa bophirimela bo hōle Cádiz, Spain.

a Likhetla tsa tsona li bolelele bo pakeng tsa lisenthimithara tse hlano le tse robeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela