Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 9/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libōpuoa Tsa Moea li re Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mangeloi ke Bo-mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 9/1 leq. 16

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na mangeloi a ka re thusa?

Daniele ka lemeneng la litau o sirelelitsoe ke lengeloi

Feela joalokaha mangeloi a ile a thusa Daniele mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, kajeno a thusa batho hore ba fumane litaba tse molemo

Jehova Molimo o bōpile mangeloi a limilione lilemo tse ngata pele a bōpa batho. (Jobo 38:4, 7) Mangeloi ana ke libōpuoa tsa moea tse matla tse etsang tšebeletso ea Hae. Ka linako tse ling o a romela hore a tataise a be a sireletse bahlanka ba hae ba lefatšeng. (Pesaleme ea 91:10, 11) Kajeno mangeloi a thusa batho hore ba fumane litaba tse molemo tseo balateli ba Jesu ba li bolelang, ’me li ba tsoela molemo.—Bala Tšenolo 14:6, 7.

Na re lokela ho rapela mangeloi hore a re thuse? Che. Thapelo ke ketso ea borapeli, ’me bo lokela ho lebisoa ho Molimo feela. (Tšenolo 19:10) Kaha mangeloi ke bahlanka ba Molimo, a mamela litaelo tsa hae eseng tsa batho. Kahoo, kamehla ha re rapela re lokela ho lebisa lithapelo tsa rōna ho Molimo ka lebitso la Jesu.—Bala Pesaleme ea 103:20, 21; Matheu 26:53.

Na ho na le mangeloi a khopo?

Feela joaloka batho, mangeloi a bōpiloe a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, ’me a ka khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Ka masoabi, mangeloi a mangata a ile a fetohela Molimo. (2 Petrose 2:4) La pele le ileng la etsa seo ke Satane eaba a mang aa mo latela ’me a fetoha bademona. Morao tjena, Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekoa leholimong ’me ba lahleloa lefatšeng.—Bala Tšenolo 12:7-9.

Ho eketseha ha bokhopo le pefo ho tloha ka 1914 ho bontša hore haufinyane Molimo o tla felisa Satane le bademona ba hae. Joale Molimo o tla tsosolosa lefatše hore le be boemong bo loketseng.—Bala Tšenolo 12:12; 21:3, 4.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 10 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

E boetse e fumaneha ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela