Tsoho ea Jesu Kamoo e re Amang Kateng
“O tsositsoe.”—MAT. 28:6.
1, 2. (a) Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ne ba batla ho tseba’ng, hona Petrose o ile a ba araba joang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e ileng ea thusa Petrose hore a be sebete lekhetlong lee?
NAKOANA ka mor’a hore Jesu a shoe, moapostola Petrose o ile a tjameloa ke banna ba tšosang ba bileng ba tletseng lehloeo. E ne e le baeta-pele ba Bajuda—ba neng ba entse hore Jesu a bolaoe. Ba ne ba batla tlhaloso. Petrose o ne a folisitse monna ea hlahileng a holofetse ’me ba batla ho tseba hore na o entse seo ka matla afe kapa ka lebitso la mang. Moapostola eo o ile a ba araba ka sebete a re: “Ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, eo le ileng la mo khokhothela thupeng empa eo Molimo a ileng a mo tsosa bafung, monna enoa o fela a eme mona ka pel’a lōna a phetse hantle ka lebaka la enoa.”—Lik. 4:5-10.
2 Pejana ho moo, Petrose o ne a ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo ka lebaka la tšabo. (Mar. 14:66-72) Ke’ng joale e neng e mo etsa hore a be sebete ka pel’a baeta-pele baa ba bolumeli? Petrose o ile a thusoa ke moea o halalelang ebile a kholisehile hore Jesu o tsositsoe bafung. Ke’ng e ileng ea mo kholisa hore Jesu o oa phela? Ke hobane’ng ha le rōna re ka kholiseha ka seo?
3, 4. (a) Ke batho bafe ba ileng ba tsosoa pele baapostola ba Jesu ba hlaha? (b) Jesu o ile a tsosa bo-mang?
3 Baapostola ba Jesu ba ne ba tseba hore bafu ba ka boela ba phela; ho ne ho e-na le batho ba ileng ba tsosoa bafung le pele baapostola bao ba hlaha. Ba ne ba tseba hore Molimo o ile a fa moprofeta Elia le Elisha matla a ho etsa mehlolo e joalo. (1 Mar. 17:17-24; 2 Mar. 4:32-37) Monna e mong o ile a tsoha ha a lahleloa ka lebitleng ’me setopo sa hae se thetsa masapo a Elisha. (2 Mar. 13:20, 21) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela litlaleho tsena tsa Mangolo, feela joalokaha le rōna re lumela hore Lentsoe la Molimo ke ’nete.
4 Mohlomong ha re ntse re bala litlaleho tsa ha Jesu a tsosa bafu, seo se ile sa re ama maikutlo. Ha a tsosa mora ea mong oa mohlolohali, e tlameha ebe mohlolohali eo o ile a hlolloa haholo. (Luka 7:11-15) Lekhetlong le leng, Jesu o ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12. U ka inahanela thabo eo batsoali ba hae ba neng ba saretsoe ba ileng ba e-ba le eona ha morali oa bona a khutlisetsoa bophelong! (Luka 8:49-56) Le kamoo bashebelli ba ileng ba hlolloa kateng ha ba bona Lazaro a tsoa ka lebitleng a phela!—Joh. 11:38-44.
SE ETSANG HORE TSOHO EA JESU E BE E IKHETHANG
5. Tsoho ea Jesu e ne e fapane joang le ea batho ba tsositsoeng pele ho eena?
5 Baapostola ba ne ba tseba hore tsoho ea Jesu e fapane le ea batho ba tsositsoeng pele ho eena. Batho ba ileng ba tsosoa pele ho Jesu ba ile ba tsosoa ka ’mele ea nama ’me ba boela ba shoa. Jesu eena o ile a tsosoa ka ’mele oa moea o neng o ke ke oa bola. (Bala Liketso 13:34.) Petrose o re Jesu o ile “a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” Ho feta moo, “o ka letsohong le letona la Molimo, kaha o ile a ea leholimong; ’me mangeloi le balaoli le ba matla ba ile ba behoa tlas’a hae.” (1 Pet. 3:18-22) Batho ba ileng ba tsosoa bafung pele ho moo, ba ne ba tsositsoe ka tsela ea mohlolo ’me liketsahalo tseo e bile tse hlollang, empa ha ho e ka bapisoang le mohlolo ona.
6. Tsoho ea Jesu e ile ea ama barutuoa ba hae joang?
6 Tsoho ea Jesu e ile ea ama barutuoa ba hae ka ho teba. O ne a se a sa shoa joalokaha lira tsa hae li ne li nahana. Jesu o ne a phela e le sebōpuoa se matla sa moea seo ho seng motho ea ka se ntšang kotsi. Tsoho ea hae e ne e paka hore ke Mora oa Molimo ’me ho tseba seo ho ile ha etsa hore barutuoa ba hae ba neng ba nyahame ba tsohe molota. Ho feta moo, ho e-na le hore ba tšabe ba ile ba ba sebete. Tsoho ea Jesu e ne e ama morero oa Jehova ka ho toba le litaba tse molemo tseo barutuoa ba neng ba li phatlalatsa hohle ka sebete.
7. Jesu o etsa’ng kajeno, ’me ho phahama lipotso life?
7 Kaha re bahlanka ba Jehova, rea tseba hore Jesu hase motho feela ea tummeng ea kileng a phela. Hona joale o oa phela ebile o laola mosebetsi o amang motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng. E le Morena ea busang oa ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste haufinyane o tla felisa bokhopo ’me a fetole lefatše paradeise eo batho ba tla phela ho eona ka ho sa feleng. (Luka 23:43) Lintho tsena li ne li sa tl’o etsahala hoja ebe Jesu o ne a sa tsosoa. Empa re na le mabaka afe a ho lumela hore o tsositsoe bafung? Ha e le hantle, tsoho ea hae e re ama joang?
JEHOVA O BONTŠA HORE O NA LE MATLA A HO HLŌLA LEFU
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba kōpa hore lebitla la Jesu le sireletsoe? (b) Ha basali ba fihla lebitleng, ba ile ba fumana’ng?
8 Ka mor’a hore Jesu a bolaoe, baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ile ba re ho Pilato: “Mohlomphehi, re hopotse hore moikhakanyi eane ha a sa ntse a phela o ile a re, ‘Ke tla tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo.’ Ka hona laela hore lebitla le sireletsoe ho fihlela letsatsing la boraro, e le hore le ka mohla barutuoa ba hae ba se ke ba tla ’me ba mo utsoa eaba ba re ho batho, ‘O tsositsoe bafung!’ ’me boikhakanyo bona ba ho qetela bo tla ba bobe ho feta ba pele.” Pilato a ba araba a re: “Le na le balebeli. E-eang le le sireletse kamoo le tsebang kateng.” Ba ile ba fela ba etsa joalo.—Mat. 27:62-66.
9 Setopo sa Jesu se ne se kentsoe lebitleng le neng le chekiloe lefikeng eaba le koaloa ka lejoe le leholo. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba batla hore a lule ka lebitleng leo ka ho sa feleng. Empa Jehova o ne a e-na le boikutlo bo fapaneng le boo hōle. Ka letsatsi la boraro ha Maria Magdalena le Maria e mong ba ea lebitleng ba ile ba fumana lejoe le tlositsoe ’me lengeloi le lutse holim’a lona. Lengeloi le ile la phehella basali bao hore ba shebe ka lebitleng ’me ba bone hore ha le na letho. Lengeloi le ile la re: “Ha a eo mona, kaha o tsositsoe.” (Mat. 28:1-6) Jesu o ne a phela!
10. Pauluse o ile a fana ka bopaki bofe ba hore Jesu o tsositsoe bafung?
10 Lintho tse ileng tsa etsahala matsatsing a 40 a latelang li ile tsa tiisa hore Jesu o tsositsoe. Ha moapostola Pauluse a paka sena, o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela, hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli. Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung. Ka mor’a moo a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.”—1 Bakor. 15:3-8.
RE TSEBA JOANG HORE JESU O ILE A TSOSOA BAFUNG?
11. Ke joang ho tsosoa ha Jesu bafung ho etsahetseng “ho ea ka Mangolo”?
11 Lebaka le leng ke hore ho tsosoa ha Jesu ho etsahetse ‘ho ea ka tsela eo Mangolo’ a neng a hlalositse ka eona. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele hore o tla tsosoa. Ka mohlala, Davida o ile a ngola hore “ea tšepahalang” oa Molimo ha a na ho tlohelloa Lebitleng. (Bala Pesaleme ea 16:10.) Ka Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a sebelisa boprofeta boo ho Jesu, a re: “[Davida] o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho ea Kreste, hore ha aa ka a tloheloa [Lebitleng] kapa nama ea hae ea bona ho bola.”—Lik. 2:23-27, 31.
12. Ke bo-mang ba boneng Jesu ea tsositsoeng?
12 Lebaka la bobeli ke hore re na le bopaki ba batho ba boneng ka mahlo hore Jesu o tsositsoe bafung. Ka matsatsi a 40, Jesu ea tsositsoeng o ile a hlaha ho barutuoa ba hae serapeng seo lebitla le neng le le ho sona a boela a hlaha ho bona ha ba le tseleng e eang Emmause esita le libakeng tse ling. (Luka 24:13-15) Liketsahalong tseo o ile a bua le batho ka bomong ba akarelletsang Petrose, esita le lihlopha. Ke kahoo Jesu ea tsositsoeng bafung a ileng a hlaha ho sehlopha sa batho ba fetang 500! Bopaki ba batho ba bangata ba boneng ka mahlo bo ke ke ba nkoa hanyenyane.
13. Cheseho ea barutuoa e ile ea bontša joang hore ba ne ba kholisehile hore Jesu o tsositsoe?
13 Lebaka la boraro ke hore barutuoa ba Jesu ba ile ba phatlalatsa ka cheseho hore o tsositsoe bafung. Ho paka ka cheseho ka tsoho ea Kreste ho ile ha etsa hore ba hlorisoe, ba utloisoe bohloko le ho bolaoa. Haeba Jesu a ne a sa tsosoa bafung, ke hobane’ng ha Petrose a ne a ka ipeha kotsing ka hore a pake ka tsoho ea Kreste ho baeta-pele ba bolumeli, ba neng ba hloile Jesu ebile ba entse hore a bolaoe? Lebaka ke hore Petrose le baapostola ba bang ba ne ba kholisehile hore Jesu o oa phela ebile o etella pele mosebetsi oo Molimo a batlang hore o phethoe. Ho ekelletsa moo, tsoho ea Jesu e ile ea tiisetsa balateli ba hae hore le bona ba ne ba tla tsosoa. Ka mohlala, Setefane o shoele a e-na le tšepo ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu.—Lik. 7:55-60.
14. Ke hobane’ng ha u lumela hore Jesu o oa phela?
14 Lebaka la bone ke hore re na le bopaki bo bontšang hore hona joale o busa e le Morena ebile ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. Ke kahoo Bokreste ba ’nete bo atlehang hakana. Na see se ne se ka etsahala haeba Jesu a ne a sa tsosoa bafung? Ha e le hantle, mohlomong re ka be re sa utloa le ho utloa ka eena haeba a ne a sa tsosoa bafung. Empa re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Jesu o oa phela ’me hona joale o oa re tataisa le ho re etella pele ha re ntse re bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle.
KAMOO TSOHO EA JESU E RE AMANG KATENG
15. Ke hobane’ng ha tsoho ea Jesu e re fa sebete sa ho bolela?
15 Tsoho ea Kreste e re fa sebete sa ho bolela. Ka lilemo tse 2 000, lira tsa Molimo li ’nile tsa sebelisa bakoenehi, basomi, mahoohoo a mabifi, lithibelo, mahloriso, lipolao le litsela tse ling ho leka ho thibela ho boleloa ha litaba tse molemo. Empa ‘ha ho sebetsa se entsoeng khahlanong le rōna’ se atlehileng ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Esa. 54:17) Ha re tšabe mahlahana a Satane. Jesu o na le rōna, o oa re tšehetsa, feela joalokaha a tšepisitse. (Mat. 28:20) Kahoo ha rea lokela ho tšaba lira tsa rōna, kaha li ke ke tsa re khutsisa, ho sa tsotellehe hore na li leka ka matla hakae!
Tsoho ea Jesu e re fa sebete sa ho bolela litaba tse molemo (Sheba serapa sa 15)
16, 17. (a) Tsoho ea Jesu e netefatsa lithuto tsa hae joang? (b) Ho latela Johanne 11:25, Molimo o file Jesu matla a ho etsa’ng?
16 Tsoho ea Jesu e netefatsa lithuto tsohle tsa hae. Pauluse o ile a re haeba Kreste ha aa tsosoa bafung, tumelo ea Bokreste le mosebetsi oa boboleli e ne e tla ba tsa lefeela. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa ngola, sa re: “Haeba Kreste ha aa tsosoa bafung, . . . Bakreste e tla be e le lithoto, tse qhekeletsoeng ka bolotsana.” Hoja ebe Jesu ha aa tsosoa bafung, litlaleho tsa Kosepele e ne e tla ba pale feela e bohloko ea motho ea molemo le ea bohlale ea ileng a bolaoa ke lira tsa hae. Empa Kreste o ile a tsoha, a tiisa hore lithuto tsohle tsa hae ke ’nete, ho akarelletsa le seo a se buileng ka bokamoso.—Bala 1 Bakorinthe 15:14, 15, 20.
17 Jesu o ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Joh. 11:25) Mantsoe ao a hlollang a tla phethahala. Jehova o file Jesu matla a hore a tsose batho ba tla phela leholimong e le libōpuoa tsa moea hammoho le ba libilione ba tla tsosetsoa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Sehlabelo sa Jesu se koahelang libe le ho tsosoa ha hae bafung ho bontša hore lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Na ho tseba seo ha ho u fe sebete sa ho mamella teko leha e le efe eo u tobanang le eona esita le lefu?
18. Tsoho ea Jesu e re tiisetsa’ng?
18 Tsoho ea Jesu e re tiisetsa hore baahi ba lefatše ba tla ahloloa ho latela melao ea Jehova e lerato. Pauluse o ile a re ho banna le basali ba Athene ea boholo-holo: ‘Molimo o rerile ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore a mo tsose bafung.’ (Lik. 17:31) Ha e le hantle, Molimo o khethile Jesu hore e be Moahloli, ’me re ka kholiseha hore o tla ahlola ka toka le ka lerato.—Bala Esaia 11:2-4.
19. Ho lumela hore Kreste o tsositsoe bafung ho re ama joang?
19 Ho lumela hore Jesu o tsositsoe bafung ho re susumelletsa ho etsa thato ea Molimo. Hoja ebe ha aa ka a shoa lefu la sehlabelo ’me ka mor’a moo a tsosoa bafung, re ne re tla lula re le tlas’a kahlolo ea lefu. (Bar. 5:12; 6:23) Haeba Jesu o ne a sa tsosoa bafung, re ne re ka ’na ra re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakor. 15:32) Empa ha rea ameha feela ka menate ea bophelo. Ho e-na le hoo, re ananela tšepo ea tsoho ’me re na le lebaka le utloahalang la ho mamela Jehova linthong tsohle.
20. Tsoho ea Jesu e re tiisetsa joang hore Molimo o moholo?
20 Tsoho ea Kreste e fana ka bopaki bo matla ba hore Jehova o moholo le hore “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheb. 11:6) E tlameha ebe Jehova o sebelisitse matla le bohlale bo bokaakang e le hore a tsosetse Jesu bophelong ba leholimo ba ho se shoe! Ho feta moo, Molimo o bontšitse hore o na le matla a ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa Hae. Sena se akarelletsa tšepiso ea Molimo ea boprofeta e neng e bontša hore “peō” e khethehileng e tla phetha karolo ea bohlokoa ho rarolleng qoso ea bobusi ba bokahohle. E le hore tšepiso eo e phethahale, ho ne ho hlokahala hore Jesu a shoe a be a tsosoe.—Gen. 3:15.
21. Tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa e u ama joang?
21 Na ha u lebohe Jehova ea re fileng tšepo e tiileng ea hore bafu ba tla tsoha? Mangolo a re tšepisa se latelang: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Moapostola Johanne ea tšepahalang o ile a fuoa tšepiso ena e hlollang ’me a bolelloa: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” Ke mang ea ileng a fa Johanne tšenolo ee e bululetsoeng? Ke Jesu Kreste ea tsositsoeng.—Tšen. 1:1; 21:3-5.