Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 12/1 leq. 7
  • Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka ba Motsoalle oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele ho Ithuta Litaba Tse Molemo?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Kamano ea Hao le Jehova ke ea Sebele Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 12/1 leq. 7
Monna o bala Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO

Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo

U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo? Re se re buile ka mehato e latelang eo u ka e nkang hore u be motsoalle oa hae:

  1. Tseba lebitso la Molimo e leng Jehova, ’me u le sebelise.

  2. Buisana le eena letsatsi le letsatsi ka thapelo le ka ho bala Lentsoe la hae Bibele.

  3. Ikitlaelletse ho khahlisa Jehova.

Monna oa rapela

Atamela ho Molimo ka ho sebelisa lebitso la hae, ho mo rapela, ho ithuta Lentsoe la hae le ka ho mo khahlisa

Ha u nahana ka mehato ee, na u ka re u se u ntse u etsa lintho tse hlokahalang hore u be motsoalle oa Molimo? Na ho na le moo u bonang eka u ka ntlafatsa? Ho hlakile hore u lokela ho ikitlaetsa, empa meputso ea seo e mengata.

Jennifer, oa United States o re: “Hoa putsa ho ikitlaelletsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ho ba le kamano le Molimo ho tlisa melemo e mengata e kang, ho mo tšepa haholoanyane, ho utloisisa botho ba hae ’me ka holimo ho tsohle, ho mo rata haholoanyane. Ke eona ntho e etsang hore ke thabele bophelo ka ho fetisisa!”

Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ba le kamano e haufi le Molimo. Ba ka ithuta Bibele le uena ba sa u lefise. Hape u ka ea libokeng tsa bona tse sebakeng sa heno, moo u tla kopana le batho ba thabelang ho ba le kamano le Molimo.a Ha u etsa joalo, le uena u tla ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pesaleme ea 73:28.

a Ho kōpa thuto ea Bibele kapa hore u tsebe hore na Lipaki tsa sebakeng sa heno li kenela hokae, re kōpa u botse motho ea u fileng makasine ena kapa u kene Websaeteng ea rōna e leng www.jw.org/st ’me u kene tlas’a karolo e reng IKOPANYE LE RŌNA ho elella botlaaseng ba leqephe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela